sotho.2327.yourstories_crime
O hlotswe ho emela lefu la batswadi ba hae pele a fumana lefa la bona, ka hoo a ba bolaya
O BOLAILE BA LELAPA LABO A BATLA LEFA
BONOKWANE
Moshanyana wa morui Dan Ewell (ka hodimo) o ne a lefe motswallae wa yunivesithi Joel Radovcich (le letshehadi) tjhelete hore a bolaye ba lelapa la habo.
DALE EWELL o ne a iketseditse tjhelete ka ho rekisa difofane, e le moruihadi. Ka 1992, yena le mohatsae, Glee, le moradi wa bona,Tiffany (31), ba ne ba phethe mafelo a beke a Paseka mmoho haufi le lewatle. Ka Sontaha bosiu ba kgutlela lapeng mane Fresno, California. Mora wa bona Dan (21) o ne a le yunivesithing.
Ka le hlahlamang mosebetsi wa lapeng a fumana ho notletswe. A nahana hore ho na le mathata mme a bitsa mapolesa.
Ona, a fumana Dale, Glee le Tiffany ba shwele, ba thuntswe. Ho utswitswe mabenyane le sepatjhe sa Dale Ewell se re o no mpehile kae - empa ho se letho le bontshang hore ho na le motho ya keneng ka kgang.
Ekaba mmolayi - kapa babolayi - ba kene jwang ka tlung mme ba tseba le ho kwala alamo hore e se etse lerata" Lefu la radimilione enwa, Dale Ewell, mohatsae, Glee le moradiae Tiffany yaeba tabakgolo Fresno.
Mapolesa a belaela hore ba ha Ewells ba bolailwe ka Sontaha bosiu ha ba kgutla lewatle. Glee le Tiffany ba ne ba kgutle mmoho mme ba bolawa pele ha Dale Ewell a ne a fihle ka mora metsotso e 30.
"Mmolayi wa mohatsa Dale le moradiae, o ne a dule ka tlung eo mohlomong metsotso e 30 ka mora ho ba bolaya," ho bolela Lefokisi Chris Curtis. Ha a ne a batla ho utswa, o hlotswe keng"
"Bona ke bonokwane bo tshabehang. Ke ketso ya bokgopo bo nyontshang. Ha ho tsela e nngwe ya ho hlalosa polao ena." Ha ho hlahlojwa ditopo, ha fumanwa dithapo tse makatsang. Ho ne ho ena le direkere le dithapo tse kganyang.
Ho boetse ho ena le lebokose la dikulo pela bethe. Ha bonahala hore dikulo tse thuntseng lelapa leo di ne di etswa hona lebokosaneng leo. Sena mmoho le hore alamo e ne e tinngwe hantle, ho ile ha totobatsa hore ho na le motho ya tsebang sohle ka lelapa leo.
"Ya tsebang khoutu ya alamo ya motse ona ya bileng a tsebang le hore ho na le lebokosana le tshetseng dikulo kaekae ka tlung," ho bolela Lefokisi Curtis.
Ke mang ya neng a ka batla ho bolaya Dale Ewell" Jwalo ka radimilione le rakgwebo ya atlehileng, o ne a ena le dira.
Morahae, Dan o ne a se lapeng bosiung boo, o ne a ile dijong le moratuwa wa hae le ba lelapa la habo sebakeng se ka bang dikilomitara tse 200 ho tloha habo.
"Ha ho ya ikgathaditseng ka yena le hore o ne a le kae ka bosiung boo."
Empa Dan a ba makatsa. A ipatlela leqwetha, a re mapolesa a bue le lona ha a batla ho botsa ka dintho tse amang ba lelapa la habo. "A batla ho re thatafaletsa bophelo ha re fuputsa ka dipolao tsa ba lelapa la habo," ho bolela Lefokisi Curtis.
Hape Dan Ewell o na le lebaka la ho batla hore ba lelapa la habo ba shwe. "Lefa la hae e ne e le la R64 million. E ne e tla ba tse R32 hoja kgaitsedi ya hae e ne e phela," ho bolela Curtis.
Mapolesa a fumana hore Dan o ne a paqwe a kopela ditlhahlobong mme hape o ne a le monyemo, a se na metswalle. Bonneteng, o ne a ena le motswalle a le mong feela - Joel Radovcich.
Ha mapolesa a bua le Joel, o ne a re ho ona: "Na se le tlo ntshwara"" "Ra makala."
Mapolesa a ne a lebele Joel dihora tse 24 tsa bophelo ba hae. Ntlha ya pele eo ba neng ba e hlokomele, ke hore o ne a sa bue ka selefoune ha a le foleteng ya hae. O ne a sebedisa mehala ya setjhaba e haufi le moo a dulang. Ebe o ne a nahana hore mapolesa a tjheile mehala ya hae" Haeba ho le jwalo, o ne a kgathatswa keng" O ne a batla ho patang"
Mapolesa a hlokomela hore Joel pele a founa, o ne a qala ka ho itjheba thekeng, e leng se bolelang hore o ne a ena le motjhini o bontshang ha ho ena le motho ya batlang ho bua le yena," ho hlalosa Lefokisi Curtis.
Lefokisi le ikgakantseng la atamela pela hae kgetlong le leng ho utlwa seo a qoqang ka sona. Joel o ne a batla motho e mong a mo lefe dimilione tse pedi tsa diranta mme a bile a batla ho eletswa ka ho e etsa matsete.
"Joel o ne a iphelela fatsheng la hae a le mong, eka o mong feela," ho hlalosa Lefokisi Curtis. "Seo ba neng ba bua ka sona feela e ne e le matsete ao ba tla a etsa ka tjhelete ya bona."
Ha mapolesa a se a kopa dikgatiso tsa dipuisano tseo khampaneng ya mehala, a fumana hore Joel o ne a bua le Dan.
Akhaonto ya Joel ya bankeng le yona ya bontsha hore o sebedisa tjhelete ka sekgahla, empa a sa sebetse. "O ne a etsa dithuto tsa ho kganna sefofane tse bitsang R4 000 ka hora. Ho sa hlake hore o e fumana kae tjhelete leha e le hore o ne a ena le yona eo a bileng a e sebedisang ka matla," ho hlalosa Lefokisi Curtis.
Mapolesa a boela a fumana hore matsatsinyana pele ho dipolao tsena, Joel o ne a otore buka e bontshang ka moo o ka etsang hore sethunya se se etse lerata ha o thunya ka sona. Buka ena e ne e romelwe ho motswallae ya bitswang Jack Ponce (23).
Direkote tsa bontsha hore Jack o na le sethunya se tshwanang hantle le se sebedisitsweng dipolaong tsena. Jack ha a botswa, a bolela hore sethunya seo sa hae se ne se lahlehe.
Se makatsang ke hore ka nako eo, ho ne ho se ho fetile dilemo tse tharo. Lefokisi la hatisa mohala wa hae mme ba mo utlwa moo a buang le Jeff a bolela ka bophoqo ba mapolesa.
"Sethuya seo se ne se le siyo mabenkeleng," ho boletse Lefokisi Curtis, ya neng a tswelapele le diphuputso. "Re ne re halefe haholo ha re utlwa bana ba re nka jwalo ka ditlaela." Mapolesa a ne a ena le babelaellwa ba bararo nyeweng ena: mora wa Ewell, Dan, motswallae wa yunivesithing, Joel Radovcich le motswalle wa eo, Jack Ponce.
Ka nako eo mapolesa a ba tshwarang, a setjha matlo a bona, a fumana dintho tse ngatanyana tse belaetsang haholoho ha Joel, moo ho fumanweng dibolo tsa tenese tse 12 tse sehilweng dihalofo. Di tlanngwe ka dithapo tse neng di tshwana le tse neng di fumanwe ho bafu - se bolelang hore dibolo tsena di ne di sebedisitswe ho etsa hore sethunya se se etse lerata.
Jack Ponce le Joel Radovcich ba ne ba tshwarwe ha Dan yena a ne a iphe dimenyane.
Joel Radovcich a latola tsohle athe Jack Ponce a se ke a batla ho ahlolelwa lefu mme a sebedisana le mapolesa, a nya matsete. A re sethunya sa hae seo a neng a re se lahlehile - o ne a se rekisetse Joel.
A tswelapele ka hore Joel o ne a mo bolelle hore ke yena ya bolaileng lelapa la ha Ewell. A mo hlalosetsa hore ho jwang ka tlung eo mme a mo bolella le moo a neng a ipatile teng le ka moo a neng a ba bolaye ka teng.
Joel o ne a boleletse Jack ka moo a neng a qhaqhe sethunya ka teng mme a lahla dikarolo tsa sona dibakeng tse fapaneng. Empa ka lehlohonolo, karolo e nngwe ya sona e ne e ntse e le teng hona moo thotaneng!
Ha fela jwalo ka Dan Ewell. Mapolesa a tseba jwale hore o ne a batla lefa ka batswadi ba hae mme a hlolwa le ho emela hore ba itjhwelle ka mokgwa wa tlhaho. O ne a boetse a sa batle ho arolelana le kgaitsedi ya hae. Ke ka hona a neng a hire motswallae Joel Radovcich ho ba bolaya kaofela.
Jack Ponce o ne a fokoletswe kahlolo ka ho thusa mapolesa.
Dan Ewell le yena a qetella a inehetse sepoleseng. Ka 1995 bo Joel Radovcich ba ahlolelwa bophelo tjhankaneng mme ba se ke ba dumellwa le ho re ba ka hauhelwa ho tswa pele ho nako.
Lefokisi Curtis, ha le bua ka Dan Ewell, le re: "Ke monna ya makoko, ya neng a nahana hore o hlalefile a le mong feela lefatsheng! Ke a dumela, o fela a le bohlale, ha ke mo kgelle tlase, empa o ne a sa fete mapolesa.
"Ha re bapale mosebetsing wa rona. Ho mpa feela ho re nkile nako e telele ho fihlela mohloding wa taba ena, hore nyewe e be e kgone ho ya sekasekwa lekgotleng la dinyewe." [s]
Pale: Marissa Charles/Splash News
1. Dikulo tse neng di fumanwe sebakeng sa polao.
2. Sebetsa sa polao.
3. Dibolo tsa tenese di ne di seilwe dihalofo tsa sebedisetswa ho etsa hore sethunya se se etse lerata.
A otora buka e bontshang ka moo o ka etsang hore sethunya se se etse lerata ka teng ha o thunya ka sona
