sotho.2324.yourworld_tvguide
NAKO YA TV!
TSE MONATE!
O ne a le sehlopheng sa R&B, sa B2K, o se a le ho You Got Served jwale (Phupjane 25, 8pm, e-tv). Re bua le Omarion Grandberry:
Ke filimi e buang ka eng-
E bua ka metswalle e mebedi ya hlooho ya kgomo. Sehlopha sa bona sa motjeko wa mebileng, se matla. Empa ka nako eo se seng sa toropong e nngwe se batlang ho qothisana lehlokwa le bona, David - nna - le Elgin - karolo ya Marques Houston -- ra tlameha ho sebetsa ka thata le ho feta hore re hlahelle ka mahetla.
Ho bitsitse $8 million ho etsa filimi ena, le $16 million bekeng ya yona ya pele e hlahisitswe - sesosa sa katleho ya yona ke sefe-
Ho tjeka. Ha ho motho ya neng a ka etsa hore filimi ena e be ntle hape e atlehe jwalo ka ha a entse, yena molaodi wa yona, Chris Stokes!
B2K e kgaohantswe keng-
Ha re a kgaohanngwa ke hobane ke se ke tlohela sehlopha kapa sona se kgaohana. Ke ho hola mme motho ka mong o batla ho ikemela. Re qadile ho sebetsa mmoho re le dilemo di 14. Ba se ba tshwana le bana beso, ke ba rata haholo. Ke bile ke ba lakaletsa mahlohonolo le katleho ho sohle. Empa nnete ke hore re se re inehetse haholo mesebetsing eo re e etsang ka bonngwe ho feta ho sebetsa jwalo ka sehlopha.
(E nkilwe ho: tv.com; US; Variety)
Spider-Man 2 (Phupjane 14, 8pm, e-tv)
Peter Parker o tlameha ho hlola mathata a etsang hore a hlolwe ke moya o mobe wa Doctor Octopus. Ke filimi e monate e ka thabelwang ke bana le batho ba baholo.
Spy Kids 2: Island Of Lost Dreams (Phupjane 18, 8pm, e-tv)
E monate bakeng sa lelapa kaofela ha ngwana a lokela ho tobala le rasaense ya hlanyang - le sehlopha se seng sa bana.
SEO O KA SE SHEBELLANG
SPIDER-MAN
(Phupjane 7, 8pm, e-tv)
Morutwana wa sekolo se phahameng o fumana matla a kang a sekgo. Empa ke ka mora hore lelapa la habo le welwe ke koduwa moo a neng a hlokomele hore o tlameha a sebedisa ho lwantsha bonokwane.
TSEO O SA LOKELANG HO FETWA KE TSONA
Phirimana e monate ya lerato ya Nick le Bridget e a senyeha, o se a sala a le mong le Katie. O mo bolella hore o kgahlilwe ke yena, mme o sala a kgathatsehile. Ka mora nako o a mo botsa ka puisano eo a e utlwileng ya hore Storm ke yena ya thuntseng Stephanie. Katie o mo kopa ho etsa taba eo pinyane. Mantaha - Labohlano, 6pm, SABC1
James o eletsa Pheko hore a bolelle Thandaza se mo kgathatsang, mohlomong ba tla kgona ho tswelapele le dikamano tsa bona tsa lerato. O hopotsa Thandaza ka moo Pheko a mo ratang ka teng. Mantaha - Labohlano, 9pm, SABC2
Priya o halefetse Frank, empa o hlahisa bohale ba hae ka mokgwa o makatsang! Maggie o etsa qeto ya hore Priya o ratana le Rajesh mme Len o bolella Lolly hore o rata Frank. Na ebe ba a tshwanelana- Mantaha - Labohlano, 6.30pm, SABC3
Bontate difiliming tsa marato
Re sheba seo bontate ba difiliming tsa marato ba leng hodima sona matsatsing ana
Lu o ntsha maikutlo a hae ho David le ho Miles - mme ho ba le se etsahalang se ba makatsang bobedi. Sbu o hlokomela hore Miles ha a na botshepehi ho Andisa, empa o kgona ho boloka lekunutu lena la ntatae. Miles o bolella Superintendent Stofberg ka tshoso ya David. Mantaha - Labohlano, 6.30pm, e-tv
Nadia o re Daniel a kgethe - hore o tlohela diqoso tsa hae kgahlano le Pravesh, ba nyalane kapa o tswelapele mme ba a kgaohana. Mantaha - Labohlano, 7.30pm, e-tv
Tjheke eo Ngamla a e ngolang e tshwana hantle le ho lefa tjotjo - hobaneng a sa batle ho amohela Senzo lelapeng la habo- O boetse hape o kgathatsehile ha a utlwa hore Abi o ntse a le teng ka hare ho naha. Mantaha - Labohlano, 8pm, SABC1
DIFILIMI
TSE MONATE
E bokeleditswe ke: Slash Luthando
Pele dinaledi tsa rona di tuma, di ne di etsang.
Babohi ba kgothaletswa ho romela dipale tsa maphelo a dikamano tsa bona le bao ba batlang ho tshwarelana le bona, ba bolele se ba qabantseng. Ha o kgethilwe, o tla thuswa ho kopanngwa le moratuwa eo wa hao.
DIPALE TSA NNETE
E alafa bohloko ba pelo ka ho kopanya ba neng ba lahlehelane le ba malapa a bona.
Seroki, sebini le sebapadi se thusa batho ho phethisa ditoro tsa bona tsa dilemo.
Batswadi le batjha ba fumana monyetla wa ho tiisa dikamano tsa bona.
