sotho.2318.smoking
BONA SESOTHO - April 2006
Ke ya Hao ka Molao
O e tlisetswa ke BONA le Scorpion Legal Protection
Re tseka poho
Dikgweding tse fetileng ke ne ke ye akgenteng e nngwe e rekisang diphoofolo ho ya sheba poho ya kgomo. O ne a nkise polasing e nngwe e haufi mme ba mpontsha mohlape o neng o le moo. Ho ne ho le teng poho e ntsho le e kgubedu. Ke ne ke kgethe ena e kgubedu. Monga polasi o ne a dumele mme a mpolella hore ke R1 000
Re ne re dumellane mme ka lefa. Re ne re dumellane hore ke tla boela ke e lata. Ka mora dibeke tse mmalwa ka boela polasing ka lori ho ya e lata. Ke ne ke fumane ho se ho setse ena e ntsho. Ke ne ke hane ho e nka, ka rata ho bonana le rapolasi.
O ne a makale ha ke mmolella hore ke ne ke kgethile poho e kgubedu, a re yena o ne a bone eka ke ne ke kgethile e ntsho.
O ne a hane ho nneha eo e kgubedu mme ka kopa hore a nkgutlisetse tjhelete ya ka.
O ne a bolele hore ke nna ya phoso mme a re a ke ke a nkgutlisetse tjhelete.
Ke ne ke boele morao akgenteng mme yona e ne e hopola hantle hore ke ne ke kgethile poho e kgubedu mme ya tshepisa ho nthusa haeba taba ya ka e ya lekgotleng la dinyewe.
Ha ke na tjhelete, le kgomo eo ke neng ke e rekile ha ke a e fumana.
Le haeba ho teng phoso e neng e etsahale, empa nna ke batla tjhelete ya ka kapa kgomo eo ke neng ke e kgethile.
Xolise X, Mthatha
lBatho ba atisa ho etsa diphoso dikgwebong tsa bona mme molao o etseditswe hona ho lokisa diphoso tsa mofuta oo.
Ho na le mefutafuta ya diphoso: phoso e ka ba ya motho a le mong kapa ka bobedi. Phoso ka nngwe e rarollwa ka bonngwe.
Ha batho ka bobedi ba entse phoso, eo re e bitsa "phoso ya kopanelo."
Phoso ya mofuta ona, ke eo ho yona e mong wa batho ba tumellanong a utlwetseng dintlha tse neng di bolelwa ke e mong mme le eo le yena a se elellwe hore molekane eo wa hae ha a ya utlwisisa seo ba dumellaneng ka sona.
Ha ho etsahetse hore batho ba dumellane ka taba e itseng, athe ka bobedi ha ba ya utlwisisa seo e leng sona, tumellano e kang eo, ha e molaong.
Ka nako e nngwe ho a etsahala hore motho a nke ntho e le nnete ntle le hore a netefatse seo. Sena se bolela hore tumellano ya bona e ka se be molaong, e ka kgaolwa ka lebaka leo la ho utlwela.
O tlameha ho hlakisa hore le ile la utlwela dintlha tsa tumellano ya lona ka bobedi; mme ka ho ya ka ho utlwela ha lona, tsohle di ne di nepahetse bakeng sa tumellano ya lona ya thekisetsano.
Ka mantswe a mang, re bolela hore haeba ho ne ho le teng pakeng tsa lona ya ileng a elellwa hore le rekisetsane poho e sele, ho hlakile hore le ne le ke ke la etsa tumellano ya lona.
Ka ho ya ka dintlha tsa hao, ho a hlaka hore o tla hloka leqwetha ho makalla rapolasi eo hore a kgutlise tjhelete ya hao.
Haeba o na le mathata ka ho fumana leqwetha, o ka ikopanya le kantoro ya ba ha Scopion e haufi le wena. [s]
Re entse matsapa ohle a ho netefatsa hore dikeletso tsa rona ke tse nepahetseng. Empa nnete ke hore nyewe ka nngwe e hloka ho fuputswa ka tshwanelo mme ba ha Scorpion Legal Protection (Pty) Ltd, ditho tsa yona esitana le ba ha BONA mmoho le baphatlalatsi ba makasine ena, ba keke ba rwaka boikarabello ba ditshenyehelo tseo motho ya latetseng dikeletso ya bona ka mokgwa ofe kapa ofe a keneng ho tsona.
Romela mathata a hao ho: BONA Legally Yours, Box 32083, Mobeni 4060. Scorpion e fa bohle ba re ngoletseng ka mathata a bona lengolo le ba dumellang ho buisana le mmuelli mahlomahlong metsotso e 30, a le kantorong e nngwe ya bona naheng ena kapa o bue le yena mohaleng.
pale ka ANNE ZUMA
setshwantsho ka GREAT STOCK!
KGALE o bolellwa ka taba ena. Ke nnete ho tsuba hara batho ha se mokgwa o motle hape ho senya bophelo ba hao ebile ho ama karolo e nngwe le e nngwe ya mmele. Ena taba e a o tena, ha ho jwalo"
Ho lokile, iphe nako o ye sepetlele o bone ka moo maphelo a batho ba bangata ba tsubang a senyehileng ka teng le ka moo ba malapa a bona ba thefulehang ka teng meyeng.
Ya tsubang o ba kotsing ya ho kenwa ke mafu a mangata. Tlhokomediso e lebokoseng la kwae e baleha tjena: "e eketsa menyetla ya tlhaselo ya lefu la pelo kapa kankere," hobane sebaka sa ho ngola se le senyenyane. Mafu a tsamaisanang le ho tsuba ha a ka ngolwa kaofela, ho tla hlokahala lebokose le leholo ho leo!
Ho tsuba ho etsang mmeleng wa hao"
Bokwadi le mosi ke babolayi ba babedi ba tshabehang.
Mosi: Mosi wa kwae e hlahlelwang, o na le dibilione tse ka bang hlano tsa ditholwana, lehlakaneng ka leng. Ha di tswakilwe, di etsa mosi o kang sekontiri. Dikhemikhale tse ding tse kwaeng di belaellwa hore ke sesosa se seholo sa kankere.
Bokwadi: Ke sethethefatsi se kotsikotsi - hape ke tjhefo e mpe.
Ho tsuba ho boetse ho theola HDL, e senye le cholesterole mmeleng ho nyolle menyetla ya hore madi a etse dikaqa, motho a shwele lehlakore. Ho bula menyetla ya ho hlaselwa ke kankere matshwafong, mmetsong, molomong, qoqothong, ka maleng, senyeng, lebeteng le diphiong.
Ho moimana ho holofatsa kgolo ya lesea mme ho ka nna ha etsa hore lesea le hlahe pele ho nako, le hlahe le kgathetse kapa mpa e qhalane.
Batho ba hahlamelwang ke kwae le bona ba kotsing. E na le DDT (khemikhale e sebediswang ho bolaya dikokonyana) arsenic, formaldehyde le carbon monoxide.
E etsa hore masea a kenwe ke lefu la pneumonia, a hlokahale, a be le letshweya, a kenwe le ke kokwanahloko ditsebeng.
Hape e belaellwa hore ke sesosa se seholo sa tlhaselo ya letshweya baneng, lefu la pelo, kankere mme batho ba baholo ba heme ka thata.
O ka tjhentjha jwang"
Ha o le motswadi:
uEba mohlala baneng ba hao ka ho se tsube.
uAthe ha o tsuba, buisana le bona ka matsapa ao o a etsang a ho tlohela ho tsuba.
uBa bolelle mabaka a o tsubisitseng le ka moo ho leng kotsi ka teng.
uBolella bana ka moo kwae e turang ka teng le bohlokwa ba ho sebedisa tjhelete hantle.
uBatho ba bangata ba qala ho tsuba ba re ba theola kgatello - ka hoo, ruta bana mekgwa e meng ya ho theola kgatello.
Ha o tsuba:
uEla hloko hore kwae ke sethethefatsi mme ha ho bonolo ho e tlohela. Ikemisetse ho sebetsa ka thata o amohele phephetso eo.
uHa o sa kgone ho e tlohela hohang, fokotsa disekarete tseo o di tsubang ka letsatsi dibeke tse mmalwa. Le ho fokotsa e le nngwe feela ka letsatsi ke ntho e kgolo!
uIthabise nako le nako ha o fihletse seo o neng o se labalabela.
uLeka mekgwa e meng ya ho theola kgatello, mohlomong o ikwetlise ka ho matha kapa ho sesa.
uIkwetlisa kgafetsa - ho tla o thusa.
uTseba nako eo o atisang ho tsuba ka yona - mohlomong o tsuba o enwa tee kapa lona lebese - o tla tshwanela ho leka ho phema dintho tseo. Mohlomong o ka phahama hang ha o qeta ho ja. [s]
Mekgwa e mebe
Hobaneng re lokela ho tlohela ho tsuba...
BONA SESOTHO - April 2006
Tlhokomediso ya bophelo bo botle
Se ka ithetsa...
... ha ho mokgwa o bolokehileng wa ho tsuba kwae:
uE sa kubelleng haholo, e bokwadi bo bonyenyane le yona ha e fokotse menyetla ya mafu.
uHo tsuba sakarete le hona ho kotsi kaha ho bula menyetla ya hore o kenwe ke kankere ya molomo, mmetso le qoqotho.
uHo tsuba peipi le hona ho eketsa menyetla ya kankere molomong.
uKwae e hlafunwang le ya dinko le yona e eketsa menyetla ya hore motho a kenwe ke kankere ya molomo, ya leleme kapa ya qoqotho.
