Sotho.2313.debt
RE A O HLAHLELLA e hlophisitswe ke Patricia McCracken
O KE KE WA BA MONG LEKGALE...
Re bangata mathateng a dikoloto, ka hoo, nka dikeletso tsa bahlophise ba ditjhelete o intshe dikolotong.
Ho bua nnete, Maafrika Borwa a ka bang 70 lekgolong a sebedisa tjhelete ya ona ya moputso kaofela - eo motho a e fumanang ka mora hore ho hulwe lekgetlo - ho lefella dikoloto.
Ke ana maqheka ao FNB Home Loans e dumelang hore a ka thusa Maafrika Borwa:
73% ha e je mabenkeleng, ha a nwe hape ha a etse meketjana kgafetsa
58% ha e reke diaparo tse ntjha kgafetsa
51% a fokotsa ditjeho tsa mohala
45% a fokotsa ditjeho tsa ho intlafatsa
25% a reka dijo tse theko e tlase le tse ding tseo ba tlamehang ho di reka mme 75% e fokoditse le tsa boithabiso
21% a fokotsa ditjeho tsa petrole le dipalangwang
10% motho o rekisa koloi kapa dietswa tse ding bakeng sa ho lefella dintho tsa bohlokwa.
82 Hlola dikoloto
84 Kankere ya marete 85 Boloka meriana
86 Keletso ya molao: Bobodu mosebetsing
88 Botsa Sis Sarah 90 Matla a Meriana 92 Batjha: Re bua le Fat Charlie
94 Selemo sa pele sa lesea la hao
KGWEDING ENA
MATLA A TJHELETE
Na o ka
BALEHELA DIKOLOTO?
O ikutlwa eka o ka baleleha dikoloto tsena tseo o diketseng ka hara tsona? Ke ena mekgwa e ka o thusang... Pale ka Patricia McCracken
BOHLE re tseba batho ba lonya, ba thabelang ho hatella ba ba kolotang nako le nako. Ke nnete dibanka le mabenkele a rekisang ka mokitlane le tsona di ikoka maqeba a ditjeho tseo di keneng ho tsona ka lebaka la batho ba sa kgoneng ho lefa dikoloto tsa bona ka tshwanelo. Empa se nahane hore ba tla amohela seo ka bonolo. Sebedisa dikeletso tsena tsa BONA tsa MATLA A TJHELETE ho intsha dikolotong..
1. MOTSWALLE YA MOTJHA
Dibanka le mabenkele a rekisang ka mokitlane a leka ho iketsa metswalle ya hao e nang le kutlwelobohloko. Ba kgothalletsa bareki ba hulang ka falese ho se nyahame, ba re ba tle mme ba hlophisetswa leano le letjha le tla ba thusa hore ba kgone ho lefa ka tshwanelo - leha nnete e le hore dikoloto tseo di ke ke tsa qetwa.
"Re eletsa bareki ba imetsweng ho ikopanya le rona ho hlophisa leano le letjha molemong wa bona," ho bolela Lynette Nicholson wa FNB Home Loans.
Sephetho: O ka emisa ho lefa ha nakwana ho fihlela maemo a hao a ditjhelete a loka. O tla ekeletswa nako ya ho qeta ho lefa. O ka nna wa boela wa nehwa monyetla wa ho fokotsa melato wa hao.
E kapa tjhe?: Ho ba betere empa o tla qetella o lefile tjhelete e ngata ya tswala ho feta eo o neng o tla e lefa pele hobane o tla nka nako e telele ho qeta sekoloto. Hape o ke ke wa dumellwa ho adingwa tjhelete hape hobane molato ona o tla be o so fele tlasa leano le letjha la National Credit Act.
2. BA BOKELETSANG DIKOLOTO
Ha o iphapanya dikoloto tsa hao ka tshepo ya hore di tla lebalwa, o a ithetsa! Dikgwebo tse rekisang ka mekitlane di na le melao ya tsona, hore ba hatella moreki nako e kae ho lefa pele ba fetisetsa sekoloto sa hae dikgwebong tse bokellang dikoloto - tseo e leng tsona feela dikgwebo tsa ditjhelete matsatsing ana tse sa ntseng di tsamaya hantle.
Sephetho: Leha o ka kgefutsa mokitlaneng empa o tla qetella o lefile tjhelete e ngata ya tswala hobane le bao ba tla kenya tsa bona ditshenyehelo. Tsona di kenyeletsa le mangolo ao ba o romellang ona le ho buisana le wena - mmoho le R45 ya dumela hore o na le molato.
E kapa tjhe?: Ho iphapanya ho fihlela o lelekiswa ke dikhampane tseo, ho ka nna ha o neha kgefutso empa ka mora moo, ha o na ja ditheohelang, ho molemo ho sireletsa seriti sa hao ka ho inehela mme lekgotla le nke qeto ka sekoloto seo. Kapa o dumele ho rekisa thepa - fenetjhara, koloi kapa ntlo hore o tsebe ho lefa sekoloto - kapa o e kgutlisetse morao.
3. O TLA QOSWA
Ho iphapanya sekoloto leha o se o lelekiswa ke dikhampane tse bokeletsang dikoloto, ho etsa o qetelle o qositswe lekgotleng la dinyewe moo o tla hatellwa ho lefa. Le bona ba sebetsa ho latela nako e itseng - ba tla o romelle disamane. Ha ba kgonne ho o hatella hore o saene ho dumela molato, hona ho ka etsa hore o iphumane o fumane garnishee order e leng taelo ya lekgotla ya hore bahiri ba hao ba hule tjhelete e itseng moputsong wa hao wa kgwedi.
Kajeno ho saenwa hoo, ha ho dumela molato, ha ho sa le molaong tlasa molao ona o motjha wa National Credit Act. Empa o ka nna wa tshwaseha haeba o qhekelletswe wa saeniswa ka nako eo o neng o saenela tumellano ya ho adingwa tjhelete le hona pele molao ona o motjha o kenngwa tshebetsong selemong se fetileng ka Phupjane.
Sephetho: Se iphapanye disamane hobane o ka nna wa ahlolwa o le siyo. Sena se etsa hore lekgotla le laele bahiri ba hao ho hula tjhelete eo moputsong wa hao. Ha o ile kgotla, o ka nna wa kgona ho ipuella mme maseterata a se ke a laela hore ho hulwe tjhelete e ngata haholo.
E kapa tjhe?: Ha ho kgathallehe hore o tla phakisa hakakang ho qeta ho lefa empa ha sekoloto se ile be sa fihlella kgotla - lebitso la hao le tla be se le senyehile thekisetsanong ka mokitlane, dilemo tse hlano kaofela.
Ho senngwa lebitso ha se ntho e felang ka bonolo. Ho bua nnete, ho na le ntho e bohloko ho feta e tla latela, ho ya ka tlhomosediso ya Credit Information Ombud, Manie van Schalkwyk. Ha Maseterata a o ahlola, o dumella bao o ba kolotang ho sebedisa mekgwa efe kapa efe feela e molaong ya ho o hatella hore o lefe tjhelete ya bona - ho fihlella dilemong tse 30! Ha o lefa, o tlodisa dikgwedi, ho tla nne ho kenngwe tswala, eo le yona e leng molaong.
4. BA SA LEFENG DIKOLOTO
Bao bona, ba ipeha ke lehlakoreng le lebe haholo kgahlano le molao. E, ke nnete ho ba le dikoloto tse qetellang di sa lefshwa hohang. Empa sena se etsahala ka mora dilemo tse tharo.
Ka nako eo yohle, o tlameha hore o se lefe sekoloto seo hohang mme hape o se ke wa se saena ho dumela hore o na le sona. Le ho dumela feela hore, "Ke tla lefa ha ke se ke ena le tjhelete," ho ba bokellang dikoloto, ho hlokolosi haholo ho dumela molato.
Sephetho: Ho balehela dikoloto ka mokgwa ona ho kotsi. O lokela ho ba hlwahlwa haholo le ho ba feta, e leng ntho e seng bonolo hohang.
E kapa tjhe?: Ho na le mekgwa e mmalwa e ka nnang ya o thusa ha o se o le maemong a mabe a dikolotong. Ha khampane eo o e kolotang e ka putlama. Ha se hangata ba kgonang le lelekisa ba ba kolotang ntle ha dikhampane tse bokeletsang dikoloto di ka reka dikoloto tsa bona. Ka nako e nngwe ho nka nako e telele hona hoo mohla ba o fumanang, molao o se ke wa hlola o ba dumella ho netefatsa hore o ne o ba kolota - seo o ka ba bolellang sona feela ke hore ha o sa hopola sekoloto seo.
Mokgwa o mong hape ke ho ba botsa hore lebitso la hao le fihlile jwang ho bona hobane wena o ne o se o qetile ho lefa. O ka boela wa re: "Sekoloto seo, e buuwe ya fela taba ya sona, ke phetho ke tu.
5. BA O HATANG DIKHONA
O ka nna nahana hore ke ba bang ba balehelang dikoloto empa nnete le hore ke mokgwa o molemo o ka o thusang hore o tsebe ho itshireletsa kgahlano le ba bokelletsang dikoloto esitana le ba thabelang ho hata ba bang dikhona ka ho ba qosetsa dikoloto tsa bona makgotleng a dinyewe - re sa na le monyetla o mong wa ho phema ho ba kgahlanong le molao, ha re sa kgona ho ikopanya le bao re ba kolotang e sa le nako.
Molao o motjha wa National Credit Act o se o hlahisitse baeletsi ba dikoloto ba ka o thusang hore mekgatlo eo o e kolotang e nka nako e telele haholo pele e ka o nkela bohato. Selemong se fetileng BONA e fupuditse ho hulanya maoto ha leano lena empa ho fihlella jwale baeletsi bana ba bohlokwa ba 400 feela naheng ena. Leha ho le jwalo ho na le ba bang ba sa ntseng ba rupellwa - o ka nna wa thusahala maqwetheng a mmuso a haufi le sebaka sa heno.
Sephetho: O na le motho ya o lwanelang mme o ke ke wa tobana le khampane eo o e kolotang o le mong. Bohle ba tla o thusa ho hlophisa leano le letjha la ho lefa molato wa hao, le tla dumellana le moputso wa hao hore o nne o tsebe ho phela. O tlameha ho phema ho ba kgahlano le molao hobane ha o ka boela wa etsa phoso hape, o tla qoswa mme lebitso la hao le senngwe hohang, o se hlole o dumellwa ho kolotelwa hape.
E kapa tjhe?: Ho hlolwa ke dikoloto ho baka kgatello e kgolo, ho ka kudisa motho, ho etse hore a se hlole a phela ka kgotso le ba lelapa la hae. Ho buisana le bao o ba kolotang kapa o kope thuso ya moeletsi, ho o thusa hore o kgone ho ikutlwa o ena le taolo bophelong ba hao mme o be motlotlo ka wena.[s]
DILEMO TSE 30
O ntse o hatellwa ho lefa dikoloto tse ding tsa hao
O KA LETSETSA MANG?
1. National Credit Regulator: Ha o batla keletso ya ka moo o ka ikopanyang le baeletsi ba tla o thusa ho qeta dikoloto tsa hao, le ka moo ba sebetsang ka teng, botsa NCR. Letsetsa: 0860-627-627; Website www.ncr.org.za
2. Credit Information Ombud: Athe ha o nahana hore o jewa tsuo teng, ka ho senngwa lebitso ka mabaka a siyo, CIO e ka o thusa. Ba tla o eletsa ka moo ho sebetswang ka teng mekgatlong e ngolang batho ba nang le dikoloto. Ikopanye le: 0860-66-2837; e-mail ombud@creditombud.org.za; Website www.creditombud.org.za
3. Council For Debt Collectors: Ha o batla ho utlwa ka ditjeho tsa ba bokellang dikoloto teng, le ho tletleba ka tshwaro ya bona e mpe, ikopanye le Council ya bona nomorong ena: 012-804-9808; Website www.debtcol-council.co.za
