sotho.2312.henry cele
BONA - August 2005
LA KGABOLA lesea letsatsing le tjhesang la KZN ka borwa ho lebopo la lewatle, nkgonwalona a tlosa mahlo temeng. Ke setloho seo se matsatsi a tsheletseng, mohlomong le batla ho nyanya. Atjhe, la halefa ho ya pele, ho fihlela nkgono a lahla mohoma, a lo le hlwela. Helang, ke eo mehlolo, lesea le robetse le le leng tlasa sefate sa guava. Motswetse o kae"
A le akgela mokokotlong a tswelapele le tema, la ya letsatsi motswetse a sa hlahe. Ya tshwara shwalane e sa hane, ha totobala hore o ile, o ile.
Leseanyana leo, e ne e le Henry Cele - ho fihlela lena ha a so ka a bona e mong wa batswadi ba hae. Ha a tsebe le hantle hore o ne a hlahe neng, nkgonwane ke yena ya neng a nahanela. O re ke ka selemo sane sa ntwa ya Maindia le Mazulu mme ha ho le jwalo ke ka 1949.
Mohlomong ke ka hona e ileng a tshwana le mohlabani e mohlolo wa setjhaba sa Mazulu mme le batho ba habo moo a dulang teng kajeno Hamashu mane Thekong, ha ba mo bona, ba re, "Kgotso, morena, Shaka!" Leha a bapala karolo e nngwe e maemong a hodimo ya difilimi tsa Hollywood, The Ghost And The Darkness, batshehetsi ba ntse ba mo bitsa Shaka.
HENRY CELE o se a bapetse karolo ya Morena Shaka makgetlo a mangata ho tloha ha e ne e qala ho tuma ho SABC TV e le Shaka Zulu. Ka nako eo, o ne a se a tsejwa bolong ka la Black Cat Cele.
Mohlomong ke ka hona a ileng a kgethwa hore a lo sebetsa kantorong ya Tonakgolo wa KZN ho ntshetsapele bolo dibakeng tsa mahaeng ho lokisetsa 2010. "Ho kopane dikakapa tsa mehleng."
O sa ntse a kwenne mohlomong ke hobane o tla boela hape a hlahella ho Bayede Shaka!
NKGONWAE o ne a qoswe ka boloi, a qetella a balehile le setloholo sa hae Henry ba ya sebakeng sa Sydenham haufi le Thekong. "A sebeletsa lelapa le leng la Maindia, ba dula ka serobeng sa motseng oo. Ho ne ho dutse ho le lefifi ka moo ekare ke ka mokoting," o boletse jwalo Henry ha a hopola tsa bongwaneng ba hae.
Nkgowane a kula mme ba lelekwa, yena a le dilemo di 12, ka mora nakwana a hlokahala. O ne a bala sehlopha sa 2 mme a lakatsa ho tswelapele le dithuto tsa hae.
A bapalla sehlopha sa ba banyenyan sa Thekong mane Somtseu Road. Neo eo ke yona e neng e mo thuse hore a fumane sebaka sa bodulo hosteleng ya Umsizini mane Old Fort Road - mme a kena sekolo se haufi le moo. "Le ka nako eo ke ne ke tseba hantle hore motswallaka wa sebele ke kelello ya ka mme ka bala ho fihlela ke pasa Sehlopha sa 6."
Henry a ntshetsapele dithuto ka ngollano ho fihlela a pasa Sehlopha sa 8.
EMPA ho na le bohloko bo sa feleng pelong ya hae. "Ha ke so ka ke bona mora wa ka, ke moradi wa ka e monyenyane feela ya keng a ntjhakele morao tjena," ho hlalosa Henry. "Mohla a neng a qala ho tla mpona, ke ne ke tshohe hobane ke ne ke mo qetele e le lesea. Empa ke ne ke mo bone di tloha feela hore ke mang.
Henry o na le moratuwa empa ka mora ho kgaola lenyalo habedi, o tshaba ho nyala hape. Bohloko boo a neng a bo utlwe ha a kgaola lenyalo la hae la bobedi, ha bo so fele le kajeno pelong ya hae. Ho bua nnete, mohatsae ke yena ya neng a kope hore ho kgaolwe lenyalo ka nako eo yena a neng a hatisa filimi mane Namibia.
A batla ho nka lebenkele leo Henry a neng a mo buletse lona hore a kgone ho iphedisa ha a le siyo - "Empa batho ba ne ba se ba sa tle ho tla reka," o boletse jwalo a tsheha. A mo qosa ka hore ona le dinyatsi hape ha a sapote bana. "Bohle ba neng ba le nyeweng ya rona ba ne ba tswe moo ba sisinya dihlooho, ba re 'Atjhe, ee, nnete haeyo lefatsheng! Mosadi eo o bua kang!'"
Ka mora phehisano e kgolo, bana ba tsamaya le mmabona, ba siya Henry le lebenkele la hae. O sa ntse a dula motseng oo le jwale, o tseba le ho iphehela ntlong ena ya hae e diphaposi di pedi. "Batswadi ba ka ba ne ba kgaohane le pele ke ba tseba," ke Henry eo. "Ke ne ke sa lakatse hore seo se etsahale baneng ba ka.
"Empa bophelong mona ho na le batho ba mona mme ke seo re lokelang ho dula re se hlokometse. Ke ne ke ena le bokgoni ditebeleng, ke le lebelo, ke le hlwahlwa bolong, haesale ke le molelele ho feta ba bang, mme ke ratwa ke batho.
"Ke kgona ho phela le batho bohle, hohle naheng ya Afrika Borwa empa metswalle ya ka ke yona e sa mpatleng. Ekare ke tswetswe ke ena le ntho e nngwe e sa tshwaneng le ya batho ba bang. Ke na le sefapano seo ke lokelang ho dula ke se jere."
BATHO ba ratang Henry ka ho feletseng, ke batshehetsi ba hae. Ho tloha a sa ntse a bapalang bolo, e le Black Cat Cele ho ya matsatsing ana moo a seng a bitswa Morena Shaka, ba dutse ba mo rolela kgaebana, ba mo hlonepha mme ba netefatsa hore a dule a tseba hore o a ratwa. Mohlomong hoja e sebe ka setumo seo, mohlolo wa hore a bonane le baratuwa ba hae bao a neng a ba qetele kgale o ka be o sa etsahala.
"Ke ne ke ke Joburg ha mofu DJ Kansas City a bua ka nna ho Radio Zulu: 'Ba ne ba mpatla, a re ke a bitswa sepetlele sa Murchiston. A re ho na le monna ya makgatheng a lefu, ya reng ke ntate. Ya bolelang ha a sa batle hohang hore setopo sa hae se patwe mora wa eo a neng a itsibole ka yena lenyalong a hae a le siyo.
"Ke ne ke sa kgolwe. Empa ha hae ho ne ho se hole le moo re neng re dula teng le nkgono - ka bona hore e ka nna yaeba nnete. Ka palama terene e yang Thekong.
"Ka fihla a se a iketse boyabatho monnamoholo. Empa ke ne ke tsebe hantle hore e ne e le yena ntate. E ne eka ke shebile sefahleho sa ka empa ke ena le moriri o mosweu. "
Baokamedi ba sepetlele ba thabela hore ba kgonne ho thusa mohale enwa wa habo bona mme ba mo lokollela setopo sa ntatae ntle ho mathata. Henry a tshwanela ho phetha meetlo eo a neng a e bitseditswe ke mofu mme a felehetsa ntatae ka hlompho empa ka pelo e bohloko.
"Ke ne ke bolelle ntate ha ke mo pata hore, re se re tla kopane
pele." [s]
pale ka PATRICIA McCRACKEN
Henry Cele o sa ntse a shahlile, o phela hantle o bile o itlhophisetsa karolo e nngwe e ntjha...
Maikemisetso a matjha a Black Cat Cele
KA HODIMO LE SE KA HARE: Difahleho tse pedi tsa Henry "Shaka" Cele...
Batshehetsi ba ka ke lona lelapa la ka
BONA SESOTHO - March 2007
u
t
Shaka e ne thuse Henry ho bona ntatae
Lekunutu la Henry ka tjhelete
Henry o ne a se a qala ho ba sebapadi sa profeshenale sa SA mme o sa ntse a hopola ka nako eo ya hae ha a ne a hohelwa ho tla bapalla dihlopha tse ding tse kgolo, ho thwe moputso wa hae o tla nyollwa ka R5 ka beke. "Seo sa nketsa hore ke ballwe hara barui! "Ka nako eo dintho tsohle di ne di le theko e tlase mme bophelo bo le monate."
Ha a qala ho bapala karolo ya Shaka, o ne a putswe R25 000. E ne e bonahala e ka ke tjheletehadi, ho sebapadi se neng se qala ho bapala, se neng se kgethilwe ka hara batho ba 4 000, yena o ne a sa tshwane le ditho tse ding tse maemong a hodimo tsa sehlopha sena, hobane ha a ka a fumana karolo ya phaello ya diabo tsa filimi ena.
Leha ho le jwalo o ne a phakise ho ithuta ho hlokomela tjhelete ya hae. "Ka qala ho sebedisa tjhelete hantle, ka etsa matsete a bokamoso. Ka bona hore ha se bohlale ho senya tjhelete hobane o tshepile hore o tla boela o fumana karolo e nngwe eo o tla e bapala hape. Ho a etsahala hore motho a se ke a fumana karolo nako e telele.
"Ka ithuta ho boloka sente e nngwe le e nngwe eo ke e fumanang bakeng sa bokamoso mme ke iketsetse matsete. Ke fumane moputso o motle difliming tse ding tse nyenyane ho feta ho eo e kgolo ya Shaka Zulu."
BONA SESOTHO - March 2007
Motse wa Henry o kgabisitswe ka bokgabane ka dintho tsa moetso wa Seafrika.
