sotho.2310.legal
Ya hao ka molao
Nka fumana koloi ya ka jwang-
MATHATA: Ha ke ne ke kadima R5 000 ho matjhonisa e mong, o ne a re ke saene tumellano ya hore o tla nka koloi ya ka ho fihlela ke qeta ho lefa tjhelete ya hae kaofela mmoho le tswala ya yona.
Eitse ha ke e qeta - a hana ho kgutlisa koloi ya ka a re e senyehile ka nako eo a neng a e bolokile ka karatjheng ya hae. A re o batla ho qala ka ho e lokisa pele.
Ka fetisa dikgwedi tse mmalwa, jwale empa o sa ntse a hana ka koloi ya ka hape ha a so lokise le tshenyeho eo.
Ke lokela ho etsa jwang-
KELETSO YA SCORPION:O lehlohonolo hobane molao o totobetse mathateng a hao.
O saenetse ho dumela hore a tshware koloi ya hao ho fihlela o qeta ho lefa tjhelete ya hae mmoho le tswala ya yona.
Wa fela wa etsa jwalo ka ha o saenne wa neha matjhonisa koloi ya hao empa jwale ha a sa batla ho e kgutlisa leha molao o se o sa mo dumella ho e boloka. Maemong a kang ana, molao o tlama matjhonisa eo ho rwala boikarabelo ba koloi ya hao, mme kotsi efe kapa efe e ka e hlahelang ka nako eo le dumellaneng ka yona e tla lefellwa ke yena.
Ka mora hore o qete ho lefa tjhelete ya hae, o tlameha ho kgutlisa koloi ya hao e le maemong a jwalo ka ha o ne o mo neha yona. Re o eletsa hore o mo ngolle lengolo le rejistarilweng leo ho lona o mo hatellang ho kgutlisa koloi ya hao pele ho fela matsatsi a supileng. Etsa bonnete ba hore o boloka bopaki ba lengolo leo.
Ha a sa e kgutlise, jwale o tlameha ho bonana le leqwetha la hao mme o kope hore a o nkele bohato ba molao kgahlano le matjhonisa eo. Leqwetha la hao le tla mo ngolla lengolo ka potlako. Le tla kopa lekgotla la dinyewe hore le laele matjhonisa eo ho kgutlisa koloi ya hao hanghang hobane o bile o na le bonnete ba hore ha a e tshwara hantle kapa e se e kgobehile.
Hape leqwetha la hao le tla boela le mo ntshetsa samane e hatellang hore a kgutlise koloi ya hao hape a lefe le ditshenyehelo tsa hore e lokiswe. O tla lokela ho ya batla dikhampane tse tharo tse ka lokisang koloi eo mme o kgethe e sa bitseng haholo hara tsona. O na le nyewe e utlwahalang, eo o nang le menyetla ya ho e hlola, re o lakaletsa mahlohonolo! [s]
BONA SESOTHO - October 2006
Romela mathata a hao ho BONA Legally Yours, Box 32083, Mobeni 4060 - mme o fumane monyetla wa ho buisana le leqwetha metsotso e 30 mahala, mohlomong dikantorong tsa ona hohle naheng ena kapa ka mohala.
O e tlisetswa ke ba ha BONA le Scorpion Legal Protection
Re netefaditse hore dikeletso tsohle tseo re di nehwang ke tse nepahetseng. Empa nnete ke hore nyewe ka nngwe e hloka ho fuputswa mme Scorpion Legal Protection (Pty) Ltd, ditho tsa BONA le baphatlalatsi ba makasine ena, ba ke ke a rwala boikarabello ba ha motho a hlotswe ke nyewe kapa a utlwisitswe bohloko ka mokgwa ofe kapa ofe hobane a ile a latela dikeletso tseo re faneng ka tsona.
DI NKILWE KE DIBONTSHI
