sotho.1135.heaven
THUSO YA TSA MOYA
Moruti George o araba dipotso tsa babadi ho latela ka moo Lentswe le bolelang ka teng
Ke ratana le monna motho
Ke ratana le monna wa motho, re ratana e le ka nnete. Re kile ra leka ho tlohela, empa ra bona re se re boelane. O ka nkeletsa hore ke etse jwang hore ke qete dikamano tsena?
JK, Qwaqwa
JK ya ratehang: Ke ntho e ntle jwalo ka ha o re o batla ho etsa ntho e nepahetseng. Kgaotsa ho bua le yena. Ke bolela hore o se mo letsetse mohala, o se mo romelle e-mail jwalo jwalo.
Ke a tseba ho tla ba boima, empa o tla be o ipholosa bohlokong ba nakong e tlang.
Ho tseba mang - ho teng monna ya o behileng leihlo e le hona jwale, empa a ke ke a tle ho wena jwalo ka ha o ntse o na le motho.
Ke batla kereke e nepahetseng
Ha ke sa na thahasello ya ho ya kerekeng jwalo ka ha ke bona batho ba etsa dibe le bobodu. Kereke eo ke neng ke qetele ke kena ho yona, e ne e sebedisa ditjhelete bohlaswa, moruti a ratana, le badumedi ba teng ba seba.
Leha ho le jwalo, sekgeo sa ho rorisa Morena le BaKreste ba bang se teng. Nka e fumana kae kereke e nepahetseng?
Joe Sebatie, Polokwane
Joe ya ratehang: Ho ba boima ha o bona diketso tse jwalo kerekeng. Ha se bohle ba bitsang Lentswe la Modimo ba lokileng. Jwalo ka ha ho na le batho ba ketso di mpe ha jwalo kerekeng, ho bolela hore le ba lokileng le bona ba ntse ba le teng.
O ke ke wa fumana moruti ya lokile ho fella, empa o ka mo fumana ya tshepahetseng. O ka fumana kereke hona moo sebakeng seo sa heno. Mohlomong e hojana le wena, empa e ka nna ya o tswela molemo.
E ba le mamello, Modimo o tla o bontsha kerekeng e nepahetseng.
Ke a hloile makgowa
Batswadi ba ka ba ne ba bolawe nakong ya kgenthollo mme ho tloha nakong eo, makgowa ke a hloile hampe.
Le kajeno ke ntse ke bona hore toka ha eyo, mme ke ntse ke hopla se neng se etsahale batswading ba ka.
Nka tobana le maemo a na jwang?
Mary Ngema, Soweto
Mary ya ratehang: Ha a yo pakeng tsa hao le batswadi ba hao ya lokelwang ke sena. Batho ba neng ba bolaye batswadi ba hao, ba ne ba o utlwise bohloko bo boholo, empa o se dumelle seo ho senya bokamoso ba hao. Bona ha ba e hloke tshwarelo, empa hobane lehloyo le tshwana le tjhefo bophelong ba motho, o tlameha ho ba tshwarela. Ka ho etsa jwalo, o tla be o itokolla.
Nahana hantle mme o rapele Modimo ho o thusa tabeng ena. Nako le nako ha moya o ya mafisa, o ba rapelle. Ho wena sena sa ka ba boima, empa e seng ho Modimo.
Nka rapela jwang?
Ke rata ho tseba ho rapela. Nka qala kae, ke reng?
Judith, Sebokeng.
Judith ya ratehang: Ho bobebe ho rapela. Modimo o haufi ho feta ka moo o nahanang. Jesu o re rutile ho mmitsa "Ntate." Bua le yena jwalo ka ha o bua le motswalle wa hao. Qala ka ho mo leboha ka tsohle tse ntle tseo a o etseditseng tsona (o se tsepamise kelello ho tse mpe). Mo kope ho o fa seo o se hlokang, e seng seo o se batlang. O na le mamello, o tla
o mamela hobane a o rata! [s]
Modimo o kgahlano le thobalano?
Mohatsaka o nkgothaleditse ho kena kereke eo le yena a neng a se a na le dikgwedi tse tsheletseng ho yona. Re ne re ya mmoho. Ke ne ke natefelwe, empa jwale kereke ena e bolella mohatsaka hore thobalano e fosahetse.
Ekaba ke nnete eo, jwalo ka ha mohatsaka a se a sa rate hore re e etse?
PK, Thekong
PK ya ratehang: Thobalano e entswe ke Modimo, empa jwalo ka dintho tsohle, ha e a tlameha ho etswa ho feta tekano. Monna le mosadi ba tlameha ho thabela thobalano ntle le ho ikwahlaya (Genesis 2:25). Bibele e bolela hore le ka ila thobalano ha feela le dumellane mohlomong ha le itse le itima dijo le rapela. (1 Bakorinte 7:1-5).
KALAFO YA MOYA
Nako le nake ha moya o pha-hama, rapella bao ba o entseng hampe
Ngolla ho Moruti George: Heavenly Help, Box 473014, Parklands, 2121
