sotho.2307.yourworld_tvguide
NAKO YA TV!
O A TJHESA!
Will Smith o bua ka pale ya metlae ya marato ya Hitch (SABC1 ka 8pm, Hlakubele 22)
Ho Hitch ho na le diketsahalo tsa marato - ekaba mosadi enwa ya bitswang Jada (Pinkett Smith) o nahanang ka bona"
Tsohle tsa rona di tshepahetse. Se tla etsa motho a be mona kapa a se phuthulohe dikamanong ke ho se lokolohe - mme re leka ka hohle hohle ho o tlohela.
O nahana banna ba tlameha ho nka dikeletso difiliming"
Ke nahana hore motho ohle o na le seo a ratelwang sona mme sepheo sa dikamano ke ho batla seo - ka hoo nka re "E". Filimi ena e re bolella hore monna e mong le e mong o ba le seo a se ratang ka mosadi, mme ke nahana hore sena ke nnete!
Ho Hitch o ba bohlale ha re tla tabeng ya ho kgetha basadi - o ne o etsa jwang tabeng ya basadi pele o nyala"
Ha ho a nepahala. Ke ne ke tlwaetse hore ho be teng motho ya ntsebisang kgarebeng - seo se ne se etswa ke e mong wa bo ausi ba ka kapa motswalle wa ka wa mosetsana. O a bona, ke ne ke utlwe bohloko nakong ya pele, mme jwale ke ne ke fuputsa pele ka motho eo ke ratang ho bua le yena hobane ke qoba hore ke se boele ke utlwa bohloko hape.
O ne o utlwe bohloko jwang"
Ke ne ke le dilemo di 10 mme Stacey Brooks o ne a tshepise ho tjeka le nna moketjaneng wa tsatsi la tswalo la Sean Haw. Ke ne ke le moo, ke ne ke se ke emetse yena, mme ke ha ke mmona a se a tjeka le David Brandon - e jwalo taba ena.
(EQOTSITSWE: www.indielondon.co.uk)
Sin City (March 1, 10pm, SABC1)
Filimi e morusu e nkwang e le e pele.
Johnson Family Vacation (March 14, 8pm, e-tv)
Matsatsi a phomolo ya lelapa a a kgathatsa, empa, Cedric, ya dutseng a thabisa batho, o dutse a leka ka hohle hohle ho thabisa batho.
Fantastic Four (March 22, 8pm, e-tv)
Sheba Jessica Alba jwalo ka e mong wa sehlopha sa bahale ba tlang ho pholosa setjhaba.
TSEO O KA DI BOHANG
YESTERDAY
(March 21, 10pm, SABC3)
Bona e mong wa dibapadi tse pele, Leleti Khumalo, a bontsha bokgoni ba hae.
DIFILIMI TSE PELE
BA BABE!
Re lekola se etsahalang dipaleng tsa marato kgweding ena
Haeba o ne o nahana hore Stephanie o ne a tswile ntlong ya Forrester, o ne o ithetsa. O tla sebedisetsa ketsahalo ya ho thunyana molemong wa hae mme a bolelle Donna hore a arohane le Eric kapa a bone abutiae a ya tjhankaneng. Mantaha - Labohlano, 6pm, SABC1
Ngwanana ya sa ikgalaleng, Farrow o etsa leha e le eng ho ba sehlohlolong, ke bolela le haeba a tlameha ho sebetsa le Georgie Zamdela. Ekaba Farrow o tshepa hore Barker a ka mo sebedisa hore e be mohlala ho yena" Iponele! Mantaha - Labohlano, 6.30pm, SABC3
EJ, wa rona e motjha o tla latela ditaelo tsa ntatae tse bang di tla baka mathata a maholo ho Salem. Sami ke yena wa pele a tla bona ka moo Stefano a leng setena ka teng. Mantaha - Labohlano, 6.55pm, SABC3
Abigail di mo tlela hantle hona jwale, empa o se ye le kgongwana hodimo. Ha a se a lokisitse dikamano le morahae, Tino, a mo kgotsofaditse hore o tjhentjhile, o tla rera ho senyetsa motho ya atamellaneng le Daniel. Mantaha - Labohlano, 7.30pm, e-tv
David Genaro o leka ho lokisa dintho ha Diphuka a bolella Lucila hore o robalana le yena. Ekaba David o tla shebella Diphuka a eshwa hobane feela a rata ho netefatsa hore o a tswa bophelong ba hae" Mantaha - Labohlano, 6.30pm, e-tv
Lufuno ya se nang boitshwaro, o bonahala a thabela bohle bana ba mo tshehetsang, empa seo ha se bolele hore a ke ke a sa etsa diketso tse mpe. Ho tloha moo! Bona seo a se etsang ho Agnes. Mantaha - Labohlano, 9pm, SABC2
O motle, empa botle ba hae bo ka nna ba o thetsa. Ekaba Dineo o tla kgola molemo wa ketso tsa hae tse mpe" Jwale ho bonahala dintho tseo a hotseng a di etsa di tla mmeha ka mosing jwalo ka ha monnae, Kenneth, a qala ho ba betere. O tla reng ha a utlwa ka tseo a neng a rera ho di etsa" Mantaha - Labohlano, 8pm, SABC1
PALE TSA MARATO
TSE PELE
Fumana di-video tsa mmino tsa kwano le matjhabeng esitana le mekete ya kalaneng.
Haeba o le moreki ya kileng a ba le mathata le ba mabenkele kapa bona ba fanang ka ditshebeletso, se fetwe ke lenaneo lena.
Ketsahalo e nkang beke kaofela moo o bonang batho le dintho tse makatsang, tse thabisang.
Fumana tse itlhommeng pele ka dinaledi tsa hao.
Iponele ka moo batho ba tshwarelanang ka teng lenaneong lena la Forgive and Forget.
Batho ba makgonthe ba ikemiseditse ho aha malapa mmoho.
Lenaneo la bodumedi le pele Afrika Borwa leo o ka le bohang.
Ha se ya nnete - empa seo ha se bolele hore o se e shebelle.
Lena ke letoto leo o tlamehang ho le boha le hatiseditsweng Jozi, moo di sa fumanweng di tonositse, ho sebetswa ka thata.
Tsa moraorao ka difilimi, dibuka di-theatre le mmino.
TSE 10 TSE RATWANG
E bokeleditswe ke: Slash Luthando
