sotho.2306.yourman_motoring
Ekaba e o loketse?
Haeba o batla koloi e bolokehileng, e sa bitseng ya lelapa, Logan e o loketse
LOUIS Schweitzer wa ha Renault o ne a rere ho aha koloi e nyane, e sa bitseng e loketseng lelapa, re bolela koloi ya Logan.
O ne a bolelle ba neng ba akanya koloi ena hore ba etse koloi ya sejwalejwale, e tla tshwarella, e sa bitseng.
Koloi ena e ne e phatlalatswe ka 2004, mme kajeno e rekiswa dinaheng tse ngata ke ba ha Renault, Nissan, Dacia le ba ha Mahindra, hape e se e fumaneha le Afrika Borwa.
O ka e tella, empa ke ana mabaka a mararo a etsang re rate koloi ena ya Logan:
1 E BOLOKEHILE
Ho na le mefuta e mengata kantle ka mona, empa Logan ena e rekiswang Afrika Borwa, ke e nngwe ya tse bolokehileng, tse etswang mane India ke ba ha Mahindra, empa e rekiswa ke ba ha Renault.
Logan 1.6 Expression e na le airbag ka ho mokganni, mariki a ABS, power steering le air-conditioning.
Koloi ena e boetse e na le difenstere tsa motlakase radio/CD/MP3 player e nang le dipika tse nne, di-stoplight tse bonahalang ka bonolo, foglights, remote central locking le immobiliser.
2E BULEHILE
Logan e bulehile - ka hare esitana le boot. Ho na le tse ding dintho tse tshwarang mopalami hantle tse kang dikonopo tsa difenstere tse ka morao tse ka mora boriki ba letsoho dipakeng tsa ditulo tse ka pele. Sena se bolela hore le bapalami ba ka morao le bona ba ka di fihlela ntle le ho kgathatsa mokganni.
3 E TSAMAYA HANTLE
Logan e tsamaya hantle mmileng o mobe, e bile hape e phahame!
Enjine ya yona e sebetsa hantle mme e ka tsamaya dikilomitara tse 100 ka dilitara tse 8,5 feela.
QETO YA RONA
E bitsa feela R106 900 mme e na le warranty ya dilemo tse tharo kapa 100 000km mme Renault Logan 1.6 Expression ke koloi e ntle, e sa bitseng eo lelapa le ka ithabisang ka yona. [s]
Pale: Gavin Foster
DIKOLOI
Logan e tsamaya hantle mmileng o mobe
SEO O KA SE HLOKOMELANG KOLOING YA HAO
Jwalo ka ha tjhelete e sa bonwe matsatsing ana, bongata ba rona re tsamaya ka dikoloi tse nyane mme ha re kgone ho ba le tjhelete ya ho dula re di hlokomela ka tshwanelo. Leha ho le jwalo, ke tsena tse ding tseo o sa tlamehang ho iphapanyetsa tsona.
Mariki le mabidi. O ke se iphapanyetse dintho tse kang tsena hobane di ama bophelo ba hao. Tjhentjha mabidi a bontshang matshwao a ho phumuha, ho seheha kapa ho ba le dipudulana mahlakoreng. Qoba ka hohlehohle ho reka mabidi a tsoseleditsweng, (retreads), empa haeba e le moo matla a hao a fellang teng, o tlameha ho kganna ka hloko ka ona, o ntse o tseba hore a ke ke a tshwarella jwalo ka a matjha. Hlahloba mariki a hao mme o tjhentjhe di-brake pads le brake shoes pele di fela.
Enjine. Le haeba o se o sa tjhentjhe dintho tse ngata ho yona, empa dintho tse kang oli le oil filter di tlameha ho tjhentjhwa kgafetsa hobane ho se etse jwalo, ho ka lematsa enjine. Botsa makhenikhi wa hao ya tshepahetseng hore o ka etsa sena ha kae.
Cam belt. Tjhentjha cam belt ka dinako tse boletsweng, le haeba e ntse e bonahala e ntse e le ntjha. Cam belt e etseditswe ho sebetsa ho fihlela ho 100 000km, ka morao ho moo, e ka kgaoha leha e le neng feela. Ha ho ka etsahala ya kgaoha, e tla etsa di-piston di otlane le di-valve mme e bake ditshenyehelo tse kgolo.
Ha re phethela, haeba o kile wa haellwa mona le mane, wa se lokise koloi ya hao ka nepo, ha o se o na le tjhelete, o tlameha ho e isa ho makhenikhi, a e lokise hantle.
