sotho.2297.yourstyle_teen
O tswa pele sebayeng, kajeno re tla bona kgetho ya hae ya diaparo
Chomee
1. Setaele sa ka sa feshene...
Diaparo di fe feela tse bulehileng hantle empa tse ntle.
2. Ha ke se sebayeng ke atisa ho tena...
Di-tracksuit. (Di bulehile ha monate haholoholo ha o le leetong.)
3. Ke mohlala...
Motjekong wa sebaya le ka setaele.
4. Seakanyi se hlwahlwa matsatsing ana...
David Tlale - o tswa pele. Ke senono sa nnete.
5. Seaparo se bitsang haholo le se theko e tlase seo nkileng ka se reka ke...
Dieta tsa R3 500, le reng ya R21.
6. Ha ke ne ke qetela ho bala dieta tsa ka, e ne e le ka...
Hohang! Ha ke di bale. Empa ke a tseba tsona hore di ngata.
7. Nke ke ka tswa lapeng ke sa tena...
Vest, jean le diteki tse ntekanang hantle.
Ke ya lokoloha ha ke tenne diaparo tseo.
8. Ke rata ho reka...
Rodeo mane Green Stone Shopping Centre. Di dumellana le setaele sa ka sa moaparo: ho bonolo ho di fumana mabenkeleng mme hape ha di bitse.
9. Ke rata mebala e...Perese hobane e etsa ke shebahale hantle. Ho latele o botsho le bosweu.
10. Ke rata monko wa...
Hypnotic Poison, hobane o monate haholo. [s]
Setaele: Thato-ya-Ona Lerefolo
Ditshwantsho: Peter Whitfield
FESHENE YA BATJHA
