Sotho.2296.scavengers
BA IPHEDISA KA MATLAKALA
PALE YA NNETE
BONA SESOTHO September 2008
Ba di raha ka matjeke ba tlo phenyekolla meqomong ya matlakala. Ke bo mang bona bao? Ba etsa seo jwang? Ba ka tlohediswa jwang mokgwa ona? BONA e etetse le hona ho qoqa le batho bana..." Pale ka Don Makatile, ditshwantsho ka Matia Komako
KA mantaha o mong le o mong, batho ba sebaka se ka bophirima ho Joburg se bitswang Mindalore, ba tlwaetse ho ntsha meqomo ya bona ya matlakala hore e phuthwe ke dikoloi tsa masepala.
Empa pele dikoloi tseo di fihla, ho ba le batho bao ka nako e nngwe ba tsamayang le bana ba bona ba fihlang ba funtsulle matlakaleng ao, ba shebe se ka ba tswelang molemo moo.
Ena ke ntho e etsahalang dibakeng tse ngata tse potapotileng ditoropo matsatsing ao ho phuthwang matlakala ka ona. Ba fumana diaparo, ho rialo e mong. Bang ba fumana maphaka a dibotlolo tsa biri tseo e reng ha ba di rekisa ba fumane 50c ka botlolo ka nngwe.
Ona ke monyetla o motle wa ho iketsetsa tjhelete - ka ona o ka fumana tjhelete e ntle ha o kopane le batho ba sebetsang hantle ho bana ba rekang matlakala le ditshepe tsa kgale.
Nomakhaya Mbulaleko, ke e mong wa batho ba etsang mosebetsi ona. O ne a o qale ka mora ho fellwa ke mosebetsi ka lebaka la bophelo.
O ne a busetse bana ba hae ba bane ho ba tsheletseng habo Elliotdale, sebakeng se neng se bitswa Transkei, a sala le ba babedi ba kenang sekolo, a dula le bona mekhukhung ya Soul City mme Nomakhaya kamehla o qeta nako e ngata a funtsulla matlakaleng e le hore bana ba hae ba kgone ho tswelapele le dithuto tsa bona sekolong.
"Ke sebetsa kamehla ho tsoma dintho tsena, ka Moqebelo ke e ke tsamaye ke yo di rekisa," ho hlalosa yena. "Ke etsa sena hore bana ba ka ba robale ba jele."
O se a tseba hore eng e bitsa bokae - mohlala, kilokgrama ya dibotlolo tsa polasitiki tsa boholo ba dilitara tse pedi e bitsa 60c, ha ya makane a dino le lebese yona e bitsa 50c
"Ka tjhelete ya teng, ke a kgona ho reka phofo," ho rialo Nomakhaya, "hobane ha re na le motlakase, ke kgona ho reka le dikerese."
Teng o a atisa ho fumana mesebetsi ya nakwana, empa maemo a bophelo ha a mo dumelle. Ka mora ho sokola nako e telele, o ne a qetele a se a e fumane bukana ya hae ya boitsebiso.
E kgutlile lebitso la hae le sa ngolwa ka nepo, empa o re a ke ke a e kgutlisetse. "Ke tshaba hore mohlomong e ke ke e sa hlola e tswa hohang," ho bolela yena.
Se seng sa dibaka tseo ba fumanang dintho tse molemo ho sona, ke sa Saratoga, moo ho dulang dikgorane tsa Mindalore.
Ho a nkga, tseo tsohle ha a sa di natsa. Seo a se batlang, ke ho tlatsa kiribae eo a e filweng ke moahisane wa hae ya tswang Idutywa, hona Transkei.
ISAAC MOKOENA o dilemo di 38, dilemo tseo a ka beng a theohela thatathata ka tsona, empa ka lebaka la mathata a sefuba, o ne a tlohele mosebetsi.
Empa ha a dulele ho kgaketswa, o a ikgwantlella.
Dibakeng tse ding, matlakala a ntshuwa ka Mantaha, tse ding Labobedi, Laboraro le Labone. "Sena se bolela hore ke kgona ho sebetsa matsatsi a mane bekeng," ke yena a ntse a bososela.
"Ka nako e nngwe ke a e etsa R30. Ka yona ke kgona ho reka panana le tse ding dijo tseo ngaka e ntaetseng hore ke di je."
Kamehla o tsamaya sebaka sa 10km a habe ho fihla pele ho ba bang kapa masepala a mo raka.
Tsatsing leo BONA e neng e bua le yena, o ne a se a bokeleditse makese a mabedi kaofela a maphaka a dibotlolo tsa biri tseo ka tsona a neng a tla fumana R25!
"Kajeno ke ilo reka sesepa sa ho hlapa," o boletse jwalo ka thabo e kgolo.
E mong eo ba etsang mosebetsi ona le yena, ke Boesman Mmega ya dilemo di 65, ya boletseng hore o sa emetse ho tswa ha pei ya hae. Ka "mosebetsi" ona, re etsa tjhelete ka matlakala a batho ba bang, "ha ho tshwane le ho dula. Motho o a kgona ho leleka katse ifo."
Motho a ke se qetelle a kene boshodung, ho bolela Mmega a ntse sisinya hlooho.
Vusi Dlamini ke e mong wa batho ba etsang kgwebo ena. O bolela hore o etsa tjhelete e ka bang R150: "Ke sebetsana le ditshepe tsa kgale feela."
Ke tshwana le rakgwebo ya dutseng a na le dikopano ka mona le ka mona: 'Kamoso ke tla be ke le sebakeng se seng."
KIRIBAE ke ntho ya bohlokwa mosebetsing ona. Abram Ditsi leha a holofetse, le yena ha a ya itheka morwalo mosebetsing ona. Yena o sebedisa trolley ena ya mabenkeleng.
"Ke etsa tjhelete e ka bang R30 ho ya ho R60 ka letsatsi," o boletse jwalo.
O ne a lemale letsoho le letona nakong eo ho bang le ntho e phatlohang thotobolong e nngwe ka 1988.
Ba bang ba kang Ohaletse Bakgethi, o kgona ho apesa bana le batjhana ba hae ka ona mosebetsi ona.
"Ke e ke fumane le tsa ka diaparo ho na mona," ke yena eo. "Di hloka ho hlatsuwa di otlollwe feela bana ba futhumale."
Le Sombi Ndlovu (35), eo e leng mohlolohadi, le yena o phedisa bana ba hae ba bararo ka mosebetsi ona.
Haesale a fihla Gauteng a tswa Vryheid, KZN, ha a so ka a sebetsa. Ena ke yona tsela eo ke iphedisang ka yona, o boletse jwalo.
Ha a fumane le pei eo masepala wa Mogale City o e nehang ba kojwana di mahetleng.
Dipalopalo di bontsha hore ke batho ba ka tlase ho ba 7 000 ba seng ba e fumane ho ba 35 733 ba kentseng dikopo.
Ba kang yena ba tswang dibakeng tse hole, ha ba kgone ho kenya dikopo hobane ba se na dipampiri tse hlokahalang jwalo ka ha dikopo tse ka bang 10 000 di hannwe.
Jwalo ka ha leano lena la pei ena le tsamaya ka monyebe, batho ba bangata ba iphedisa ka ona matlakala ana. [s]
Vusi Dlamini ke e mong wa ba etsang mosebetsi ona. O bolela ha a etsa tjhelete e ka bang R150: "Ke sebetsana le ditshepe tsa kgale feela."
BONA SESOTHO September 2008
Isaac Mokoena o bokeletsa maphaka a dibiri - o fumana 50c ka botlolo ka nngwe.
