sotho.1133. kabelo
BONA SESOTHO - August 2006
Ke ya Hao ka Molao
O e tlisetswa ke BONA le Scorpion Legal Protection
Ba hana ho ntefa
Ke ne ke sebeletse feme e neng e rekisa dintho tsa kantorong dikgwedi tse tsheletseng. Ke ne ke lefuwa ka mokgwa wa tjheke eo ke neng ke e kenya akhaontong ya ka. Tjheke ya ho qetela banka ha e kaba ya kgona ho e tjentjha.
Banka e ne e mpolelle hore mongaka ha a na tjhelete akhaontong ya hae, eitse ha ke boela mosebetsing, ka fumana ho kwetswe.
Ke ne ke fumane moo ba neng ba falleletse teng mme mongaka jwale o mpolella hore ho bitsitse haholo ho falla, ka hoo, ha a sa na tjhelete jwale.
O ne a se a hirile motho a le mong ya tlanyang le mokganni a le mong feela. O ne a ntsebise e sa le nako hore mosebetsi o tla fela, a ba a nneha le moputso wa ka wa kgwedi. Ka mora hoba a ntsebise ka ho fela ha mosebetsi, o ne a bolele leha nka tlohela, empa a hana ho ntefella kgwedi eo. Nka etsa jwang ho fumana moputso wa ka""
MY, Kapa
Ha o ka shebisisa hantle moo tjhekeng, o tla fumana hore banka e ngotse "refer to drawer" moo tjhekeng.
Ha monga tjheke kapa yona khampane e se na tjhelete, tjheke eo e busetswa morao ho monga yona.
Ha ho qeaqeo ya hore o tlameha ho fumana tjhelete ya hao. Ho hlakile hore khampane e tla leka ka hohlehohle ho qoba ho o lefa.
O tlameha ho ba sedi hobane o na le dilemo tse tharo feela ho tloha letsatsing le ngotsweng tjhekeng bakeng sa ho tseka tjhelete ya hao.
O ka nna wa tseka tjhelete ya hao Lekgotleng la Tseko ya Ditjhelete tse Nyane kapa o fumane leqwetha le tla o emela le romelle feme eo samane.
Hobane leqwetha le tla o bitsa tjhelete, re o eletsa ho ya lekgotleng leo re seng re le boletse. Nka tjheke eo o ye le yona lekgotleng mme o le hlalosetse se etsahetseng.
Mosebeletsi wa lekgotla o tla o thusa ho ngola lengolo leo o tla le romela femeng le bolelang hore na o hloka tjhelete ya hao e lefilwe ka letsatsi le fe.
Lengolo leo le tlameha ho romelwa ka rejistare mme wena o boloke resiti.
Haeba feme e sa o lefe ho fihlela letsatsi le boletsweng, o tla tlameha ho boela lekgotleng le resiti ya hao mme o le kope ho o etsetsa samane o tla e isa femeng eo.
Samane eo e tla bitsetsa monga feme lekgotleng la dinyewe letsatsing le ngotsweng moo samaneng.
O tla nehwa monyetla wa ho hlahisa taba ya hao, le mongahao le yena o tla nehwa monyetla wa hore le yena a hlalose hore hobaneng a sa o lefe.
Ka mora moo, lekgotla le tla ntsha kahlolo eo ke tshepang hore e tla ba ya hore mongahao a o lefe tjhelete eo a o kolotang yona.
Haeba a sa lefe, lekgotla le tla mo nkela e meng mehato e tla mo qobella hore a o lefe tjhelete ya hao.
Ke nnete teng ena ke tsela e nkang nako - empa he ke yona e molemo haholo hobane ha o lefe letho, ha ho tshwane leha o ka ya leqwetheng. [s]
Re entse matsapa ohle a ho netefatsa hore dikeletso tsa rona ke tse nepahetseng. Empa nnete ke hore nyewe ka nngwe e hloka ho fuputswa ka tshwanelo mme ba ha Scorpion Legal Protection (Pty) Ltd, ditho tsa yona esitana le ba ha BONA mmoho le baphatlalatsi ba makasine ena, ba keke ba rwaka boikarabello ba ditshenyehelo tseo motho ya latetseng dikeletso ya bona ka mokgwa ofe kapa ofe a keneng ho tsona.
Romela mathata a hao ho: BONA Legally Yours, Box 32083, Mobeni 4060. Scorpion e fa bohle ba re ngoletseng ka mathata a bona lengolo le ba dumellang ho buisana le mmuelli mahlomahlong metsotso e 30, a le kantorong e nngwe ya bona naheng ena kapa o bue le yena mohaleng.
O ne a phela ha monate, dithethefatsi tsa mo nanarela - empa jwale dintho di tla hantle ho Kabelo Mabalane...
pale ka DOUG GORDON
setshwantsho ka ROELENE PRINSLOO
O QADILE ho bina sehlopheng sa TKZee se neng se thabisa dimilione tsa batho. O hlotse dithethefatsi mme ke e mong wa dinaledi tse pele mminong wa kwaito.
Kabelo Mabalane jwale o dilemo di 30 dintho di mo tlela hantle - leha ho le jwalo, ha a nke dintho hanyane. "Ho sa na le seo ke tlamehang ho se hlakisa," ke yena eo.
"A ko mphe tse ding dilemonyana mme ke tshepa hore nka e fumana ntho eo nka bang motlotlo ka yona." O a itshepa. Ke ka moo o ikutlwang ha o kile wa ba le letho, la o lahlehela mme jwale o leka ho aha bophelo ba hae ba bonaledi botjha.
Nakong eo re neng re bua le yena, o ne a sa tswa qetela boikwetliso ba hae ba lebelo la Comrades la monongwaha. O tsheheditswe ke ba ha Reebok mme o se a fokoditse boima ba mmele wa hae ka 80kg. Le yena mohla 16 Phupjane, o ne a le temeng. Jwalo ka ha o bala pale ena, yena o se a fihletse ho hong bophelong.
"Dintho di ne di etsahala ka potlako ho TKZee, ho rialo Kabelo a bua le BONA. "Ha nka ka rata tsela eo dintho di neng di potlake ka yona. Ha ho bobebe ho qoqa ka katleho e fihlang ka nako le motsotso. E eke nako ya katleho e ke se fete."
TKZee e ne e le sehlopha se pele mminong wa kwaito. Zwai Bala, Tokollo Tshabalala mmoho le Kabelo, ba ne ba kopane ho se seng sa dikolo tse pele tsa Johannesburg.
Ka mora matiriki, ba theha sehlopha sa mmino. Ka 2001, ka albamo ya Halloween le Guz, e ne e be dikgosana tsa Joburg - ba fihlela maemo a platinum, ba tsamaya ka dikoloi tsa maemo, ba matha le banana ba mehaladitwe ho bonahala hore e tla ba bo radimilione.
Ekare ke toro Kabelo kajeno. "Ke ne ke itshwanela le mohahlaudi feela ya neng a itsamaela tsela feela le bona," ke yena a ipuela nnete.
"Zwai e ne e le mohlahisi, a na le tsebo ka mmino, Tokollo yena o ne a ngola dipina mme kgatello e ne e le hodimaka hore le nna ke tshwane le bona. Ha ba ne ba kopa seabo sa ka dipineng tse ntjha, ho ne ho re tsho."
BAKENG sa ho ngongoreha ke seo, Kabelo o ne a itswellapele le menyaka. O ne a sa tsebe seo a neng a se etsa.
"Ke ne ke ntse ke e nahana ka tsatsi le leng," ke yena a ntse a bonya. "Ka 1999 le 2000 feela, ke ne ke senye tjhelete e ka bang milione dithethefatsing, jwaleng le boithabisong.
"Leha ke sa hopole hantle - empa e ka ba milione. Whisky le cognac e ne le tsona dithatohatsi tsa ka dinong, le cocaine le yona e ntse e sa sale. Ha o le monateng, ho ba boima ho itaola.
"E ne le e nngwe ya ditsela tsa ho itebatsa mathata o nne o tswelepele le katleho ya hao."
Selemo sa 2001 sa fela le tsohle. TKZee ya ba mohopolotaba feela ho Zwai le Tokollo jwalo ka ha ba ne ba tsepamise maikutlo a bona diprojekeng tse ding tsa bona.
Albamo ya pele ya Kabelo, Everybody Watching, e ne e rekise dikhophi tse 60 000, mme pina e kang Pantsula For Life ke yona e neng e be le seabo haholo.
Lebitso la hae la seterateng la Bouga Luv, le ne le mmehe maemong - empa yena o ne a e tseba nnete. "Ke ne ke ntse ke tswelapele le boithabiso, empa ka bona hore seo ha se na molemo ha ke ne ke bona bo Mandoza ba rekisa ho fihlela ho 200 000," ho rialo Kabelo. Ka 2002 o ne a iswe sebakeng sa tsoseletso ya semelo a le dilemo di 25. "Ho ne ho se bobebe," ho rialo Kabelo.
"Ke ne ke kgone ho hlola jwala le dithethefatsi, bothata ba ka ya ba dilemo tseo tse pedi tseo ke neng ke lahlehetswe ke tsona."
Ka mora moo, mohodi wa apoha, Kabelo a tsepamisa kelello ya hae albamong ya hae ya bobedi, Rebel With A Cause.
LELAPA le metswalle ya hae moo Pimville haufi le Soweto, e ne e mo eme nokeng nakong eo a ntseng a leka ho tsoseletsa semelo sa hae. Mmae, Baby ke yena ya neng a mo amohelle kgau ya ho ba sebini se pele dikgaung tsa Metro fm.
O ne a mo tshwarele. Ntatae, Alpheus, o ne a sa nyatse motho ka diketso tseo tsa morahae. Ho tloha ngwahola nakong eo ntatae a neng a hlokahala ka mora ho kula, Kabelo o ile a hla a tiisa hore a ke ke a tlohela mmino jwalo ka ha e le ona bokamoso ba hae.
Rebel With A Cause e ne e rekise dikhophi tse 85 000, empa ka 2003, And The Beat Goes On e ne e rekise tse 120 000, e leng se neng se behe bokamoso ba Kabelo maemong a matle.
"Bophelo ba ka bo qadile ho ntlafala ngwahola," ho rialo yena. "Jwale ke a se tseba seo ke tlamehang ho se etsa mme ha ho mang ya ka ntshosang."
Kabelo o ikemiseditse tse kgolo, o rata ho ntsha albamo jwalo dikgweding tse 18 - mme hape o rata ho ipapatsa ka ho nka karolo dipapading esitana le ho phela bophelo ba maemo.
Albamo ya hae ya 2004 ya mosollane, Izinto Zamampela) e ne e nyolle thekiso ha And The Beat Goes On e ne e phete platinum hararo (150 000), Kabelo a fumana kgau ya sebini se pele sa kwaito dikgaung tsa SA ka 2004.
The Bouga Luv le yona e ne e rekise platinum ngwahola mme ka mora moo ke ha Kabelo a theha letshwao la hae la Groove Luv Records ka kopanelo le mohlahisi wa hae D-Rex ba ba ba hlahisa le CD ya Industry Hijack le sehlopha sa Blackjack.
Bokamoso ba hae jwale bo tjhabile ho feta nakong eo a neng a le ho TKZee. Kabelo ha a sa ikemiseditse ho kgutlela morao.
Dipina tsa hae hangata di tswakile puo ya Sezulu ka dipersente tse 60, Sesotho ka tse 30 le Senyesemane ka tse 10.
"Ha ke na maikemisetso a ho etsa kgwebo mose ho mawatle," ke yena eo. Ke a di mamela dinaledi tsa hip-hop tse kang Jay-Z le Beyonce hobane ba na le talente. Empa he talente ya ka e kwano, e seng New York." [s]
Ngwana ya lehlaswa wa TKZee o kgutlile
Le morethetho o a kgabola!
KA HO LE LETONA: O boetse temeng, o malala-a-laotswe ho ba naledi.
KA HODIMO: O kena panteng ka setaele, a qeta lebelo la 2006 Comrades Marathon.
BONA SESOTHO - August 2006
u
t
'Ke ne ke kgone ho tswa dithethefatsing'
