sotho.2289.beauty
BONA SESOTHO - May 2007
ka CHRISTINE HAMMANN
mothusi JESSICA MITCHELL
ditshwnatsho CHRISTOPHER LAURENZ
sebontshi ZIM wa Ice
mokgabiso wa sefahleho le moriri NICCI JACKSON wa Muse
Ho alafa dihloba le matheba
BATHO ba tsebisahalang jwalo ka Britney, Posh le Lil Kim ba se ba kile ba nkwa ditshwantsho ba ena le tsona, ka hoo se nahane hore o mong. Ana ha se mathata a batjha feela. A hlasela mang kapa mang ho sa kgathalle dilemo.
Ho ya ka ditsebi tsa letlalo, ba dilemo di ka hodimo ho tse 20 le bona ba atisa ho ba le matheba: banna le basadi ba dilemong tse ka hodimo hanyenyane ho tse 20 kapa ba dilemong tsa bo 35 le bona ba ba le tsona. Batjha ba ba le dihloba empa hang ha ba kena dilemong tse 20 ha di be matla empa matheba a ba manganga.
Kgatello ke sesosa se seng sa tsona hobane e etsa hore ditlhala di sebetse ka matla mme di ntshe di-hormones tse bakang dihloba.
Ntle ho yona, dinako tsa sesadi, dijo, ho tsuba le ho nwa jwala ke tse ding tsa dintho tse mpefatsang maemo a letlalo ka ho fetisisa. Matheba ao le dihloba di ba manganga mme letlalo le letsho le utlwela haholo mathebeng ha le tshwantshwa le le kganyang, ke ka hona ho leng bohlokwa ho thibela dihloba le matheba hore a se hlahe hohang.
Qala ka ho iphotla ka cleanser
Ho iphapanyetsa matheba le dihloba ho ke ke ha o thusa ka letho. Leka ho iphotla ka cleanser mme o alafe matheba athe ha ho hlokahala, o ka nna wa a pata ka ditlolo tse ikgethang.
Leka Clarins Purifying Cleansing Gel (R175), Elemis Cleansing Gel (R390 ya ha Woolworths), Justine's Oil Control Facial Wash (R70), Clean & Clear Deep Cleansing Cream Wash (R33,99) kapa Clean & Clear Quick Clear Daily Spot Wash (R31,99).
Athe bakeng sa letlalo le ratwang ke dihloba teng kapa le seng le ena le dihloba, sebedisa cleanser e kgonang ho kenella harehare letlalong, e ntshe ditshila masobaneng a lona. Kapa o sebedise e thusang ho tlosa ditshila le ho alafa matheba ka nako e le nngwe jwalo ka clarifying kapa anti-bacterial wash.
Tea tree e ratwa haholo hobane e na le metswako ya ho alafa ka hoo, batla e nang le yona kapa e nang le salicylic acid e thusang ho thibela dihloba.
Kalafo
Le ka mora matsapa ohle a ho boloka letlalo le hlwekile, ka nako e nngwe le ntse le tla ba le dihloba. Se pepete dihloba hobane di tla etsa matheba a mabe. Ha o sa kgone ho iphapanyetsa ho di pepeta, ho molemo o mpe o futhe kapa o di behe tissue e hlwekileng o e hatelle ka menwana. Hangata dihloba tsena di phunyeha ka botsona.
Bakeng sa dihloba tse nyenyane le tse lekaneng feela, hangata di a alafeha ka ditlolo tse tlwaelehileng tse rekwang mabenkeleng a maholo. Benzoyl peroxide e tshetjwa haholo karolong ena - e phunya dihloba, e di omise mme e bolaye le bakteria e bakang dihloba. Ngaka ya hao e ka nna ya o neha meriana e bolayang dikokwanahloko jwalo ka Retin A, kapa azelaic acid.
Salicylic acid (eo hape e tsejwang ka hore ke beta hydroxyl acid) ke motswako o ratwang haholo ditlolong tsa dihloba mme e tswakwa le ho di-cleanser, di-toner le di-mask tse ding. E jwalo ka aspirin, e kenella harehare letlalong e thibolle masobana a lona, e etse hore le lokolohe ha monate.
Kalafo ya lapeng
n Tswaka 1/2 kgabana ya yeast kapa 1/2 kgabana ya baking powder le marothodi a metsi a fofo ho etsa hlama. E tlotse dihlobeng mme o e tlohele moo metsotso e 30 pele o ka iphotla. (Etsa seo hang ka letsatsi.)
n Lerothodi la tea tree oil le ka rothisetswa sehlobeng habedi ka letsatsi. (Leka karolo e nyenyane ya letlalo dihora tse 48 pele o ka e sebedisa ka ho feletseng.)
Bakeng sa ho pata matheba ha nakwana, leka mefuta ya kalafo le ditlolo tse fumanehang mabenkeleng. Environ's Sebuspot Gel (R80) e na le tea tree oil le Justine's Oil Control Spot Clearing Gel (R60) e sebetsang hantle jwalo ka Clearasil's Ultra Acne Treatment ka R36,99.
Dipidisi tsa NexoDerm (R110 di le 30) tsa ha Placécol di thusa ho thibela dihloba le ho ruruha ha letlalo.
Ho pata matheba
Ha matheba a hana ho fela, sebedisa concealer ho di pata. Buisana le ditsebi tsa botle lebenkeleng leo o rekang ditlolo ho lona bakeng sa mmala o tla dumellana le letlalo la hao. [s]
Matheba le dihlopha ha di kgathatse batjha feela. Di ka hlasela motho dilemong dife kapa dife tsa boholo...
BONA SESOTHO - May 2007
DIAPARO
ENVIRON: 0800-220-402
CLARINS: 011-809-6300
JUSTINE: 011-245-7108
CLEAN & CLEAR: Clicks, Pick ,n Pay, Shoprite le makala a mang a maholo naheng ena
CLEARASIL: Clicks, Pick ,n Pay, Shoprite le makala a mang a maholo naheng ena
PLACECOL: 0861-112-222
tsa botle
