sotho.2288.blockpuzzle
BONA Block Puzzle
BONA SESOTHO - December 2006
Ithabise mme o ntlafatse Senyesemane sa hao. Araba dipotso ka nepo o ntse o latela matshwao mme o tla fumana lebitso la sebini sa Afrika Borwa sa soprano dikgeong tse fiifaditsweng.
No 62
Letsatsi la ho kwala: 29 Tshitwe 2006
R5 000
ENA ke nako eo Bakreste bohle lefatsheng ka bophara ba ketekang tswalo ya Kreste, ka hoo, ke yona nako ya ho natefelwa ke mmino wa bodumedi. Ka lebaka leo, Sarepta Music le BONA ba kopantse diphuthelwana tse 10, tseo ka seng se nang le CD e habedi ya The New Sound Of Gospel, le e nngwe CD e habedi le DVD tsa Gotta Have Gospel Gold.
The New Sound Of Gospel ke motswako wa dipina tse 33 tsa mmino wa bodumedi wa dibini tsa matjhaba tse kang CeCe Winans, Israel And New Breed, Martha Munizi, Kirk Franklin, Mary Mary, Donnie McClurkin, Hezekiah Walker, Fred Hammond le Michelle Bonilla.
Gotta Have Gospel Gold ke yona e behang mmino ona wa bodumedi maemong a hodimo. Ho se ho rekisitswe di-CD tse ka bang halofo ya milione ho tloha dilemong tse tharo tse fetileng haesale e ne e phatlalatswe.
Ntle le motswako wa dibini tsena tse tummeng tsa mmino wa bodumedi, albamo ena e na le dipina tse 12 tse ntjha tse hatisitsweng ke Dave Hollister, Deitrick Haddon le J Moss.
Jwalo ka ha polelo e bolela - e se o fete!
Ho ba mohlodi
Tlatsa dikgeo tse fiifaditsweng ho ka fumana lebitso le patilweng. Ngola karabo, lebitso, aterese le mohala posekareteng o di romele ho: BONA/ Block Puzzle No 62, Box 32067, Mobeni, 4060, kapa o romele GOSPEL ka SMS ho 35919. (SMS e bitsa R3). [s]
Diphuthelwana tsa di-CD le di-DVD tsa mmino wa bodumedi tse bitsang
HAPA
