SOTHO.2284.townshp
Boinehelo ba setjhaba bo lelekile dinokwane hohang ka hara malekeishene mme le bonokwane bo theohile haholo
Pale ka Force Khashane le Steve Makhanya, ditshwantsho
POLOKEHO
- malekeisheneng
BONA SESOTHO June 2008
TWANTSHO YA BONOKWANE 1
O SA HOPOLA mehla yane eo ka yona Lekeishene la Alexandra le neng le bitswa "Dark City" - e seng hobane ho se motlakase. Alex, Sebokeng le dibakeng tse ding tsa Soweto tse kang Orlando le Naledi, e ne e le dibaka tse kotsi haholo Afrika Borwa.
E ne e le ha kgomo di a wela, bonokwane e le bophelo ba letsatsi, mehleng eo ya kgethollo.
Na ebe dintho di tjhentjhile?
Karabo ke: "Tjhe!" haholoholo ha o ka bala ditlaleho tsa dikoranta tse buang ka bonokwane ba dibakeng tseo, dipolao le bonokwane ba mefutafuta ha di fele.
Bula TV kapa radio, o tla utlwa ka letoto la dipolao tse tshabehang. Naha ya habo rona e rotha madi. Empa leha ho le jwalo, tshepo e teng!
Ha o lebala ka seo o balang ka sona dikoranteng mme o bua le batho ba phelang dibakeng tsena, o tla makala, ba tla o bolella taba esele. Dintho di tjhentjhile - le hona dibakeng tsena tseo e neng e le lehae la dinokwane.
Ka bokgutshwane, baemedi ba mmuso ba bontshitse hore le Alexandra hona Sebokeng ditlaleho tsa bonokwane di a theoha.
Jwale re batla ho ithuta ho hong ka mohlala ona wa bona hobane ke boinehelo ba setjhaba bo lopollotseng lekeishene lena hore dinokwane di iphumane di se na monyetla.
Lena ke lona lekunutu la katleho ya bona ho ya ka moo Teddy Martin, modulasetulo wa Greater Orlando Community Policing Forum (CPF), mokomoshenara wa Orlando Police Station, Ngoako Mashao ke mokapotene, jwalo ka ha M.H. Mbhense a bolela.
"Orlando e bile masupatsela Gauteng ha re bua ka twantsho ya bonokwane, empa Sebokeng le yona e ile ya itahlela ka sekgahla haholo," ho bolela Martin a bile a tsheha.
O thabela tlhodisanonyana ena ya bona - ke yona e bileng e ntlafatsang le maemo ka ho fetisisa mme setjhaba se kgona ho phela ka kgotso e tshweu.
Ho ya ka sebohodi sa Lesedi FM, Chomane Chomane, lekeishene la Naledi le tswa pele. "Sebakeng sena sa habo rona bonokwane bo theohile ka 80 lekgolong." O bile le seabo se seholo thehong ya CPF mme o leboha tshebedisanommoho ya setjhaba.
Ke DIFE diphetoho tse tlileng le demokrasi makeisheneng a kang Alex, Orlando le Sebokeng tse entseng hore le ona a bolokehe?
Re leboha mmuso ka tlhekefetso ya kgethollo ya mmala hobane setjhaba se ne se kgone ho ikaha ngatananngwe. Le jwale ha e se e fedile kgethollo, setjhaba sena se ntse se ena le moya wane wa tshebedisanommoho le ho jarelana mefokolo twantshong ya bonokwane.
"Ke ne ke sa nahane hore ka le leng ke tla sebetsa seteisheneng sa sepolesa," ho bolela Teddy Martin. "Re hotse re hloile seteishene sa sepolesa hampe - kajeno le nna ke na ke kantoro ho monate, ke lapeng."
Ho sebetsa seteisheneng sena sa Orlando sa Sepolesa, ho mo thusitse hore a kgone ho hlaha le maqheka a tla thusa ho ntshetsapele dikamano tse ntle tsa sepolesa le setjhaba makeisheneng a fapaneng.
Martin: "Polokeho ya setjhaba ha e sa le matsohong a rona feela re le sepolesa, re sebetsa le setjhaba. Re rera sohle le sona.
"Re ba le dikopano jwalo ka kgwedi mme re mamele ditletlebo tsa sona re bone hore re ka thusana jwang, se hlahe le maqheka a ka re thusang bofokoding ba rona, re lokise le diphoso tsa rona re le mmoho.
"Baahi ba makeisheneng ba inehetse tswantshong ya bonokwane. Ho na le baithaopi, ba tsohang ka madungwadungwane, ho paterola mebileng ba felehetsa batho ba theohang ditereneng le ditekesing," ho bolela yena.
"Ha ba patalwe. Ba batla feela ho fedisa bonokwane. Baithaopi bana ba rupelletswe mme ba rutilwe ho tshwara babelaellwa ba ba ise sepoleseng se haufi. Baahi le bona ha ba thabele tshireletso ena ya baithaopi feela, ba dule ba phuthe matsoho, empa makeisheneng a mang, baahi ba lefa R10 motse le motse bakeng sa dino le tjheletenyana e nyenyane ya ho thusa baithaopi bana.
Ha setjhaba se sebetsa mmoho, re tseba ka dibaka tsohle tseo dinokwane di ipatang ho tsona," ho bolela Martin.
Ha se hangata o utlwang ho thwe motho o kweteletswe koloi Orlando. "Re nyopisitse mereronyana eo hanghang ka ho kwala dibaka tse neng di rekisa dikarolo tsa makoloi moo dinokwane di neng di rekisa teng dikoloi tse utswitsweng," ho bolela Martin.
"Setjhaba sa habo rona se kgathetse ke meferefere le bonokwane mme se ikemiseditse ho thusa ho bo fedisa. Boramesuru ba makeisheneng jwale kgwedi e apohetswe ke maru." O hatella hore katleho ya bona jwalo ka sepolesa, e bonahala ha feela ba sebetsa le setjhaba le baithaopi.
HO YA KA Mokapotene Mbhense, bonokwane bo matla haholo matsatsing ana, ke ba ka malapeng, ba tlhekefetso le peto. Mehleng ya pele, bofutsana bo ne bo jele setsi haholo mme mahlatsipa a ne a hohelwa ka tjhelete e leng se neng se etsa hore bonokwane bo se ke ba tlalehwa hobane mahlatsipa a ne a ba tseba hantle. Portia Tshepe, mookamedi wa Donaldson Community Centre (DOCC) mane Orlando, o re le yena o se a hlokometse hore bonokwane bo fedile lekeisheneng lena.
"Motho o ne a sa kgone ho tena sefaha se bitsang hobane a tshaba hore o tla se amohuwa di tloha feela. Ho kwetelwa ha dikoloi e ne le bophelo ba letsatsi," ho bolela yena.
"Ho boetse hape ho bile le mananeo a tsa boithabiso le a thuto a hlophisitsweng ke DOCC a thusang batjha hore ba boele ba be motlotlo ka seo ba leng sona mme ba phele ka kgotso."
Hape makeishene a matjha a ahwang haufi le a kgale kapa haufi le mekhukhu, a ne a fetolwa lepatleho la dinokwane. "Dinokwane di phakisa hampe ho mathela dibakeng tseo di tsebang hantle hore ha ho batho ba paterolang ho tsona," ho hlalosa Oupa Thobejane, mookamedi wa sehlopha se paterolang mane Vosloorus hona East Rand. O re matlo a 30 a ne a se a thubilwe le pele ho fela kgwedi beng ba ona ba kene ho ona mane Vosloorus Extension 28.
"Re ne re kwalle babelaellwa ba tsheletseng, ra fumana TV tse 14," ho bolela yena. Na ba paterolang ba ka tsipatsipa dinokwaneng ha ba di tshwere? "Tjhe, le kgale," o boletse jwalo Martin, Mokomishenara Mashao le Kaptene Mbhense. "Hohang ha re kgothatse setjhaba ho inkela molao matsohong," ho bolela Mashao. Ekare bane ba neng ba falle makeisheneng, ba kgalla ho kgutla jwale.
"Bonokwane bo kang ba ho thubelwa matlo le ho phamolwa mekotla, bo fedile hohang Diepkloof," ho bolela makgwebo e mong Mamokgethi Segoathle, ya neng a fallele lekeisheneng le leng le pele la Tshwane le bitswang Sunnyside.
"Haesale a kgutlile, hohang ha a so ka a eba le mathata a bonokwane." [s]
Teddy Martin, modulasetulo wa Greater Orlando Community Policing Forum.
Mehleng ya pele baahi ba malekeisheneng ba ne ba itlamme ngatananngwe ba lwantsha mmuso wa kgethollo. Kajeno ba phetile hape, ba lwantsha sera se seng sa bona se kotsi haholo - bonokwane. Mokgwa o motjha wa ho theha yuniti ya ho itshireletsa, ke seo baahi ba se etsang, ba seolla dinokwane ka hara setjhaba ba di ntshe le mebileng ya bona, ba thuse mapolesa hore ditlokotsebe di tshwarwe, ba se ke ba inkela molao matsohong. Baahi bana ba sebete, ke mohlala ho rona bohle.
Komishenara Ngoako Mashao, leanong la ho aha dikamano tse ntle le setjhaba.
BONA SESOTHO June 2008
Ba paterolang ba nehwa diaparo tsa ho sebetsa tse kenyeletsang le dibaki, marikgwe, kepisi le dieta. Ba boetse hape ba nehwa le dithotjhe le dibuka tsa ho ngola nako le sebaka seo ba tshwaretseng mmelaellwa ho sona mmoho le radio eo ba ka bitsang mapolesa ho yona, ha ba hloka thuso ba le kotsing.
BONA SESOTHO June 2008
RE QALA JWANG
Seteishene se haufi sa sepolesa se ka o kopanya le ba mekgatlo ena e seng e thehilwe sebakeng sa heno (hore o se thehe o motjha). Ha o se o le teng, o ka buisana le baokamedi ba ona.
Qala ka Community Safety Forum mme le sebetse le CPF le neighbourhood watch, le tla fumana tshehetso ya komishinara wa SAPS le wa Ditaba tsa Lehae esitana le mafapha a mang a mmuso, a tla le thusa hore le fumane le batho ba bohlokwa ba ka le thusang. Letona Nqakula o boetse hape a tshepisa hore ho na le tshehetso ya ditjhelete e beheletsweng ka thoko hore mekgatlo ena e nehwe dikantoro tseo e ka sebeletsang ho tsona le ho lefella ditjeho tsa bona. Ba botse mme o ba hatelle ho o thusa haeba ba hulanya maoto.
Ela hloko, o buisane le batho ba ka sehloohong ba nang le matla a ho nka diqeto. Sebedisa batho ba seng ba ena le bokgoni bakeng sa ho ikopisa hlooho ka ho rupella ba batjha. Bakeng sa tshebedisanommoho le sepolesa teng, batla mapolesa a ka sehloohong le a kgothetseng.
Le se ke la etsa dintho ka mawala. Hangata batho ba qala bolebedi bona ka mafolofolo mme ka mora nakwana o bona ba se ba kgathetse haholoholo ha ba sa tsebiswe letho kapa hona ho lebohuwa ka seo ba se etsang.
Ha sepolesa se haufi le lona se sa le tshehetse ka letho, buisana le baokamedi - Mohokahanyi wa lebatowa wa Lefapha la tsa Polokeho le Tshireletso, o tla o thusa ho fumana mapolesa a ka o thusang.
Ngolla baokamedi ba sepolesa le ba dikoranta. Athe hape ha sepolesa se le thusa le le setjhaba, etsang hore se tsebe hore le thabela thuso ya sona.
DIKELETSO
Ka nako eo a sa ntseng a kena sekolo, Tolbart Ngobese le metswalle ya hae, ba ne ba hlola ba tshwere batho poho mane Orlando.
"Re ne re emela hore shwalane e tshware mme ba tla theoha tereneng ka mafifi ba etswa mosebetsing, ba ne ba itshetse matsohong a rona, re ba khothotsa ditjhelete, re reke jwala ka yona le kwae," ho bolela yena.
Kajeno o kgahlano le seo. "Eitse ha metswalle e meng ya ka e ahlolelwa dilemo tse ngata tjhankaneng ka etsa qeto ya ho kgaohana le bonokwane."
Kajeno ke ntate hape ke rakgwebo. O a paterola le maqheka a dinokwane a tsejwa ke yena. Dikeletso tsa hae setjhabeng ke tsena:
Basadi ba tswang mosebetsi ka shwalane, ba tsamayang ka dipalangwang tsa setjhaba, ba lokela ho hlophisa hore ba kgahlanyetswe.
Phema ho tsamaya o le mong dibakeng tseo ho seng batho ho tsona kapa hole haholo le metse.
Tsebisa baahisane ba hao ba tshepahalang ha o tla ba siyo lapeng matsatsinyana.
Ela hloko ha o nwele - hobane o ka nna wa tshwrwa poho.
KE BONOKWANE
Batswadi ba hlekefetswang ke bana ba bona kapa ditloholo di ba batla tjhelete, ba tlameha ho tlaleha taba eo sepoleseng se haufi le bona. Ke bonokwane bo iketsetswang ka bolokolohi makeisheneng a habo rona boo le dibakeng tse ding.
E BOHLOKWA
Mekgatlo e fapaneng ya ho
lwantsha bonokwane, e ka sebetsa ka katleho ha setjhaba se ka sebedisana le sepolesa e seng ho nyopisa merero ya dinokwane feela, empa le ho kgutlisetsa maemo taolong ho kgothatswe mapolesa a sebetsang ka boinehelo.
Neighbourhood watch:
Baahi ba dula ba theile tsebe ho utlwa ka merero efe kapa efe ya bonokwane. Ba a hlokomedisana ha ho ena le se ba belaetsang, ba tsebise mapolesa, baithaopi bona ba paterole mebileng bosiu ho thatafatsa mosebetsi wa dinokwane.
Community Policing Forums:
CPF, ke mokgatlo o seteisheneng ka seng sa sepolesa se tlangwang ke molao ho o tshehetse, o ba le komiti e ahwang ka ditho tsa setjhaba, baetapele ba tsa bodumedi, batjha, ba tsa dipapadi, ba mekgatlo ya ditekesi, ba lekgotla esitana le borakgwebo mmoho le baokamedi ba sepolesa. CPF hangata e emela baahisane bohle mmoho le sepolesa.
Community Safety Forum:
E hlokomela karolo e kgolo ho feta ya CPF - e ka kenyeletsa le diteishene tse hlano kapa tse tsheletseng - ha e shebane le bonokwane bo tlwaelehileng feela.
Ka Motsheanong, ngwahola, Letona la tsa Polokeho le Tshireletso, Charles Nqakula, o re mekgatlo ena e metjha e na le mosebetsi o moholo ho feta o tlwaelehileng wa neighbourhood watch le CPF.
Ba sebetsa le mmuso le mafapha a kang la Ditaba tsa Lehae ho laola baphaphathehi ba seng molaong, hape ba thusa Ditshebeletsong tsa ho Lokiswa ha Semelo sa batshwaruwa hore ba kgone ho boela ba phele le setjhaba ka kgotso ka nako eo ba seng ba qetile kahlolo ya bona hape ba sebetse le Lefapha la tsa Toka ho netefatsa hore baahi ba tseba ditokelo tsa bona. - GAVIN FOSTER
Mamokgethi Segoathle ke e mong wa ba seng ba kgutletse lekeisheneng ka lebaka la polokeho.
BONA SESOTHO June 2008
