sotho.2283.free
ya hao ya mahala
BONA SESOTHO - October 2007
Moriri o benyang
Moriri o fothohang mmoho le nkwetho, e se e tla ba pale feela. SUNSILK e ntjhafatsa moriri hore o be motle. Sehlahiswa sena se pele SA tlhokomelong ya moriri se hlahisa e meng mefuta e mmedi!
SUNSILK Anti-Breakage e ntjha e nang le hazel nut le oli ya dihwete eo e leng tharollo moriring o ommeng. E na le dinolofatsi tse kgutlisa
mongobo wa moriri.
Hape SUNSILK Anti-Dandruff & Ich ke tharollo ya nkwetho. E na le mint le sirilamunu, ho nolofatsa le hona ho sireletsa letlalo la hao la hlooho.
BONA e fana ka diphuthelwana tse tsheletseng tsa Summer Hair Care tse bitsang R600 ka seng tse nang le lethathama la SUNSILK, diborele, thaole le mokotla.
Ho ka iteka lehlohonolo, romela lebitso, aterese, le mohala ho: BONA/Sunsilk Giveaway, Box 32067, Mobeni, 4060 kapa o romele SUNSILK ka *SMS ho 35919. [s]
SHIELD ke letshwao le ngodisitsweng.
E tsosa molota
Baithuti ba ithutelang ditlhahlobo tsa makgaolakgang, ba dutse ba kgathala. Turbovite Whiz-Fizz e na le di-vitamin, di-minerale, ditlama tsa tlhaho, Panax Ginseng le Gingko Biolba ho ntlafatsa phallo ya madi ho ya bokong bakeng sa kelello e tjhatsi mme e qete le mokgathala.
BONA e na le dipakana tse habedi tsa Turbovite Whiz-Fizz tse bitsang R100 ka seng. Ho ka iteka lehlohonolo, romela lebitso, aterese mmoho le mohala o fumanehang ho ona motsheare, ka posekare ho: BONA/Turbovite Giveaway, Private Bag X1030, Lyttleton, 0140 o romele TURBOVITE ka *SMS ho 35919.
Bonya ka boitshepo
Pososelo le moya o foreshe di ntlafatsa boitshepo le tjhebeho ya hao. Ho netefatsa hore meno a hao a dula a kganya a le matle, a hlatswe le hona ho a hlwekisa kamehla, o a hlatswe ka sehlwekisa lehano mme o tjhenjthe borashe jwalo dikgweding tse tharo.
Kgetha ho tloha lethathameng la disepa tsa meno tsa ha Colgate tse 15 tse kenyeletsang Triple Action, Fresh Confidence, Total 12 le Colgate Max Fresh e ntjha sesepa sa pele se tletseng diketekete sa metseronyana e bolokang lehano le le foreshe!
Hobaneng o sa leke borashe bo ntlafaditsweng ba Colgate 360° kapa bo botjha ba Max Fresh bakeng sa meno le leleme?
BONA e fana ka diphuthelwana tse hlano tse bitsang R750 ka seng tse nang le dihlahiswa tse 16 mmoho le gown ya maemo. Ho ka iteka lehlohonolo, romela lebitso, aterese le mohala o fumanehang ho ona motsheare ho: BONA/Colgate Giveaway, Box 32067, Mobeni, 4060 kapa o romele COLGATE ka*SMS ho 35919.
Dimpho tse bitsang R15 250
Tshireletso e makatsang
Bahlahise ba setebela lephoka sa ha SHIELD ba a tseba hore mafumahadi a Afrika Borwa a tobana le diphephetso tse sa tshwaneng kamehla.
Ha mokgathala o le matla, motjheso wa mmele o a phahama mme o fufulelwe. SHIELD ACTIVRSERVE e na le mokgwa wa ho tobana le motjheso wa mmele mme e o sireletse ka monko o monate, o dule o omme, o le foreshe mme o itshepa ho sa natsehe hore o tabane le phephetso efe.
Ba ha SHIELD ba fana ka mekotla ya ha Nike e tsheletseng e nang le ditebela lephoka tsa ha SHIELD.
Ho ka iteka lehlohonolo, romela lebitso, aterese le mohala ho:
BONA/SHIELD Giveaway, Box 32067, Mobeni, 4060 kapa o romele SHIELD ka *SMS ho 35919.
SHIELD ke letshwao le ngodisitsweng.
Letsatsi la ho kwala:
Mphalane 31 2007
*(SMS ka nngwe e
bitsa R3.)
BONA - August 2005
