sotho.2279.teens
BATJHA ba tsebisahala ka ho se kgone ho itshwara. Sena se totobala tabeng ya ho laola kgalefo lona baena le dikgaitsedi, motho a hlolehe ho laola maikutlo.
Empa he ho hlabeha ho tshwana le ho tahwa. Ka mora dikgalase tse mmalwa... le a tseba lona baena le dikgaitsedi, motho o ebe a se a phokwa ka mona le ka mane. Le kgalefo e jwalo feela, ho ba teng maemo ao o hlolehang ho itaola ho ona.
Batswadi le mesuwe ya hao ba o emelletse, dithuto di haketse le tsona, baithutimmoho le wena ba dutse ba o qholotsa ka dintho di hana ho fela, moratuwa wa hao o eme ka leshome le se nang motso o o qosa ka sohle, a o emise letsatsi kaofela...
Dintho di hatellane hodimo ho fihlela o teneha! Hore o ithaburanye kapa o qhome kapa eng feela le wena o ka e nahanang.
Hangata, e ba ntho e nyane feela e o tenang ho feta. Ho ka etsahala e be mohlankanao, mme wa hao kapa yena ngwaneno. Ka ntho e nyane feela, e o halefisang.
Leo ke le leng la mabaka a etsang ho be bohlokwa ho kgona ho ithiba - kapa ho itshwara - kgalefong ya rona. Hangata e ba batho bana ba "phoso" ba utlwelang.
Leha re rialo, re tlameha ho tseba kgahlamelo ya kgalefo mmeleng ya rona. E fetola ho otla ha pelo, kgatello ya madi le homorne e bitswang adrenaline, e etsang re be lefufa motho a be a kgone le ho itshireletsa.
Sena se ba molemo maemong ao o fumanang motho ya o lwantshang ho ona. Ke mmele ya rona e ntseng e utlwa seo. E e e bontshe ka matshwao.
Ho hlabeha
Ka lebaka la melao, maemo a bophelo esitana le hlompho, re ke se kgone ho nna re ithaburanya le hona ho pshatlaka dintho tse re halefisang. Re a tseba lona baena le dikgaitsedi hore ka nako e nngwe ho a etsahala re hlolehe ho itshwara.
Ka lebaka la maemo a tlhaho, kgatello ena e hatellana hodimo mme e bipetse motho e be e ka a ka qhoma ke kgalefo. Re tlameha ho hlahisa kgalefo ya rona.
Re ka etsa sena ka o mong wa mekgwa ena e meraro. Ho ithaburanya re pshatlake dintho, ha ho a loka lona baena le dikgaitsedi.
Ya bobedi, ke ya hore motho a hatelle kgalefo ya hae, a se ke a rata ho e bontsha, a e kwalle ka hare ho yena. E, sena se molemo hore o se ka kena dikgathatsong, empa ho boele ho be kotsi haeba e le yona feela tsela eo o tobanang le kgalefo ya hao ka yona.
Kgalefo eo e tla o bipetsa, e o lematse, e o bakele mathata a kang ho nyoloha ha kgatello ya madi kapa ho tetebela maikutlo, ho bolela e nngwe ngaka ya kelello.
Ya boraro ke yona e betere. Yona ke ho bontsha kgalefo ya hao ka tsela e nepahetseng, e seng bohlaswa.
Tsela e nepahetseng
"Ho ka fihlela sena, o tlameha ho tseba seo o se hlokang, le hore o ka se fihlela jwang ntle le ho utlwisa ba bang bohloko," ho bolela Dr Charles Spielberger, eo e leng ngaka ya kelello le setsebi ka kgalefo.
"Ha kgona ho ithiba," ke yena hape, "ha ho bolele ho kgona ho hatella le hona ho tseka dintho tsa ba bang feela, empa ho bolela le ho itlhompha le hona ho hlompha ba bang."
Ha o bone he! Ke mona o kgonne! Se ka tshaba - ke sona sena seo ba se bitsang "ho kgona ho itshwara."
Ha re bontsha kgalefo ya rona ha re e hlahiseng ka tsela e napahetseng. Haeba o ikutlwa o fihlelwa ke kgalefo, leka tse latelang...
EMISA! Kgalefo e a ipheteletsa. O a hwelehetsa. Le wena o hwelehetse. A phete hape. O pshatlaka dintho. Dintho di a senyeha. Emisa! Emisa bo. Hemela hodimo. Otlolla maoto. Le haeba ha se wena ya etsang lerata, etsa ho hong ho qhala kgalefo e pakellanang maikutlong a hao.
PHOMOLA! Bala butle ho fihlela ho 10 (kapa 100), kapa o phetaphete mantswe a kang "phomola," "theola moya" jwalo ka ha o ntse o otlolla maoto, kgona ho itshwara mme o lekole mmele wa hao.
Ekaba o se o finne ditebele, wa tiisa le mahetla" O sosobantse sefahleho kapa o a thothomela" Iqobelle ho phomola.
NAHANA! Ha moya o se o theohile, le maikutlo a kokobetse, jwale o se o ka kgona ho "boela o lekole maemo." Re rialo hobane tekolo ya hao ya pele ke yona e o halefisitseng. Ka ho phanya ha leihlo, o ile wa bona dintho ka tsela e sele mme wa halefa.
Jwale o tlameha ho boela o shebisisa dintho hape. Imamele, o mamele le se bolelwang ke ba bang. Nahana pele o araba.
Ka nako e nngwe, sesosa sa kgalefo ya hao ha se ka ba sa hlaka phehisanong ya lona, ho bolela Dr Spielberger.
Ekaba o halefisitswe ke taba ya hore mohlankanao o batla ho shebella theleveshene, kapa o tennwe ke taba ya hore o nahana hore o ne a bua leshano ha a ne a bolela hore jwalo ka ha a ne a le siyo maobane, o ne a intshitse le metswalle ya hae"
MAMELA! Haeba ho omangwa wena, ke mokgwa wa tlhaho hore o itshireletse ha o nyefolwa - se ka lwana le wena. Seo o ka se etsang, ke ho ipotsa hore hobaneng ho etsahala seo: mohlomong ho ka etsahala hore motho eo o ikutlwa a sa natswe, a bile a sa ratwe, kapa a ferekantswe ke boitshwaro ba hao. Tshepamisa maikutlo tabeng ya hore hobaneng batho ba etsa jwalo.
Ke a tseba ho thata lona baena le dikgaitsedi, empa ke ntho e tlamehang ho etsuwa. Haeba bohato boo o qadileng ka bona di tloha feela e bile ho pshatlaka dintho, sesosa sa taba ya hao se ke se natswe. Se tla etsahala, kgalefo eo e tla futhellana mme e etse wena le ba haufi le wena le fellwe ke thabo.
FETOHA! Fetola tsela o nahanang ka yona haeba o lakatsa ho qoba ho nna o nkwa ke pelo, o halefa.
Motho ohle o ema meleng e melelele, a tshwasehe sephethephetheng, empa ba kgone ho theola moya. Se ka phahamisa moya ho ka qoba kgalefo.
"Hopola hore kgalefo e ke se lokise dintho, empa e ka di senya ho feta," ho bolela Dr Jerry Deffenbacher, eo e leng ngaka ya kelello le setsebi taolong ya kgalefo.
"Batho ba halefileng ba atisa ho nka dintho ka mahahapa: ba batla ho re dintho tse kang bonnete, kananelo, tumellano, tabatabelo di etswe ka ho ya ka takatso ya bona. Bohle re a di batla dintho tse kang tsena, mme re utlwa bohloko ha di sa etsahale le hona ho di fihlela, empa ba buswang ke kgalefo bona, ba a halefa le hona ho phahamisa moya."
Ka mantswe a mang, jwalo kaha
Dr Deffenbacher a rialo, batho ba bang ba sebedisa kgalefo jwalo ka tsela ya ho qoba ho utlwa bohloko, empa seo ha se bolele hore bohloko bo a fela.
Ho fetola tsela ya ho nahana ho kenyeletsa le dintho tse kang hore "Ke a lakatsa" bakeng sa hore "Ke a tlameha."
LOKISA! Ka nako e nngwe, kgalefo e bakwa ke mathata a nnete bophelong ba rona. Ha se hore ke kgalefo yohle e sa nepahalang, tjhe empa e le tsela eo re arabelang ka yona mathata a rona. Re na le kgollo ya hore mathata ohle a na le tharollo mme seo se eketse pherekano tabeng ena.
Ho qoba pherekano maemong a jwalo, ho bolela e mong wa baeletsi, se ka tsepamisa maikutlo ho batleng tharollo, empa sheba le tsela ya ho tobana le mathata ao.
Mohlala: o bona e ka mosuwe wa hao ha a o rate. Boo ha se bothata boo o ka bo "rarollang," ka hoo, "tobana" le bona ka ho hore o etse mosebetsi wa hao wa sekolo mme o kgaohane le se ka o kenyang mathateng le mosuwe eo wa hao.
Hopola...
... o ke se qobe kgalefo, mme haeba o kgona, eo ha se taba e nepahetseng. Hopola hore ho ka etsahala ho be teng se ka o halefisang - o halefiswe ke ntho e utlwahalang.
Bophelo bo tlisa pherekano, mahloko, tahlehelo le diketso tsa batho ba bang tseo o ke keng wa kgona ho nahanela hore e ka ba tsa mofuta ofe. O ke se fetole seo, empa o ka fetola tsela eo dintho tseo di o amang ka yona.
Ho kgona ho laola kgalefo ya hao, ho ka o thusa hore o be motho ya dutseng a thabile ka dinako tsohle. [s]
Kgalefo hangata ke ntho e tlwaelehileng maikutlong a bophelo ba motho. Empa he ha maikutlo ao a se a o laola, ho ba hobe mme a ka nna a o kenya mathateng
Mahlo mahlong le Fat Charlie
Ho laola kgalefo ya hao
u
t
Batho ba bang ba sebedisa kgalefo ho qoba ho utlwiswa bohloko
Hlokomela!
Batho ba bang ba bolela hore ho nepahetse hore o ntshe kgalefo ya hao hobane ha o e kwaletse ka hare ho wena, e tla ba kotsi bophelong ba hao.
Le dingaka tsa kelello le tsona di tlatselletsa tabeng ena ka hore seo se kotsi. Batho ba bang ba sebedisa lebaka lena ho utlwisa ba bang bohloko ka hore: "Ke tla una molemo ka sena hobane ke tla kgona ho bolela leha e le eng feela eo ke e ratang mme ke itshireletse ka hore ke ne ke etswa ke kgalefo!"
Dipatlisiso di bontshitse hore ho dumella kgalefo ho o laola, ha ho na molemo, empa ho mpefatsa maemo - seo o ka se etsang, ke ho rarolla mathata.
