sotho.2275.shwi
Sehlopha se sebetsang ka thata Jozi
Modimo O re ngolla dipina
Kopana le Shwi le Mtekhala, dibini tse sa iphahamisang, empa tse ratwang haholo ke setjhaba...
pale ka DOUG GORDON
HA HO balwa dihlopha tse pele tsa mmino Afrika Borwa, o na le bonnete ba hore sehlopha sa Shwi le Mtekhala le sona se tla balellwa moo. Albamo ya bona ya moraorao tjena ke yona e rekisitseng haholo ho feta ya mofu Brenda Fassie.
Ntle le katleho eo ba bileng le yona, bobedi bona bo ntse bo dula hosteleng, leha ba ntse ba bina dibakeng tse fetang 150 selemo le selemo.
"Ha re dinaledi," ke seo ba se bolelang. "Modimo ke Ona O re nehang mmino - mme rona ya rona taba ke ho bina dipina tseo."
Dilemong tse pedi tse fetileng Wangisiza Baba e ne e rekise dikhophi tse 500 000 ka thuso ya TV mmoho le uKhozi FM.
Kajeno bobedi bona bo se bo sielana sebaye le dikakapa tse kang Malaika, Zola, Ntando le mmino wa bona wa maskandi le wa bodumedi, ke o ikgethang o ratwang haholo ke batho naheng ka bophara.
Wangisiza Baba e ne e hape kgau ya ho ba Albamo e pele e neng e rekise haholo dikgaung tsa mmino tsa Afrika Borwa ka 2005 le 2006.
"Ena ke albamo ya pele ya ho hapa kgau ena ka tatelano," ho rialo Harvey Roberts wa Bula Music. "Ke batho ba kgellehang tlase empa mmino wa bona o tswa pele!"
Tshepo Nzimande wa Bula Music, o a tlatselletsa le yena ka hore 'hangata dibini tse fihletseng maemo a kgauta ka dialbamo tsa tsona, di a ikgetha, di etse ditaele tsa meriri tse bitsang bo R1 000, empa Shwi le Mtekhala bona ba ntse ba itulela hosteleng ya Buyafuthi mane Katlehong, ba itjhella papa, nama le meroho mme ha ba rata ho kuta, ba ikutela hona mona mebileng moo ho kutang mang kapa mang.
"Ke mohlala dibining tse ding hore katleho e bolelang," ho rialo Tshepo.
"Ba nkile tjhelete ya bona ba e kwalla bankeng mme jwale ba ntse ba e ntsha hanyane hanyane jwalo ka kgwedi ka tekanyetso eo ba e nkang jwalo ka moputso wa bona. Ha ba a lebala hore malapa a habo bona a KwaZulu-Natal.
"Ba kgollwa dinthong tsa setso. Ke sehlopha se sebetsang ka thata mane Jozi, empa ha ba nahane le hore ba ka ithekela metse eo e leng ya bona, ba kgotsofatswa ke ho hlokomela malapa a habo bona."
DIBINI tsena tse pedi di rata ho hlokomela metse ya habo tsona ho ena le ho reka matlo a bokgabane. Shwi habo ke Dundee ha Mtekhala yena e le wa Msinga.
Se neng se bonahala melaleng ya bona nakong eo BONA e neng e buisana le bona mane diahelong tsa ha Bula Music, e ne e le difapano.
Ha ho naledi ya mmino e sa rateng dintho tse pele mmoho le mabenyane.
Shwi le Mtekhala ba ne ba qete dilemo tse 17 kaofela ba ntse ba leka ho ntsha CD, empa qetellong ba kgona ka Wangisiza Baba ka thuso ya ba ha Bula Music.
Sehlooho sa albamo ena ke pale e sehloho ya bophelo ba Shwi ya dilemo di 33. "Ntate wa ka ha ke mo tsebe, ke hodisitswe ke malome. Pina ena ke ya ho leboha motho ya hodisitsweng ha monate ke ntatae, a ba a mo isa le sekolong," ke yena eo.
"Ke ithutile mmino ho tloha bongwaneng ba ka. Ke bona eka ke futsitse hobane mme o ne a mpolella hore ntate o ne a letsa katara."
Ngafa, ke pale ya monna ya neng a tshwaeditswe ka EITSI ke moratuwa wa hae mme a utlwana le motho ya neng a tshwaeditse moratuwa eo wa hae. O ne a leka ho thibela hore bohloko bona bo se hasane ho feta moo.
E ne e be pina e sebediswang ke mmuso leanong la ona la tlhokomediso ka tsa thobalano.
Hape le pina e nang le sehlooho se reng 2003/4 le yona e ne e lebisitswe setjhabeng ho se hlokomedisa hore se se nahane hore ha motho a kula o ebe a jewa ke bohloko bona ba HIV le EITSI.
KA BOBEDI, Shwi le Mtekhala ba kile ba feta mathateng ao. "Ka 2003, Mtekhala o kile a kula ha bohloko mme menyenyetsi ya qala hore o jewa ke eng," ho hlalosa Shwi.
"Ka 2004, seo sa etsahala ho nna. E ne e le nakong eo ho neng ho qaleha ho tuma ha pina ena ya rona, Wangisiza Baba.
"Re ne re sebetsa ka thata, re sebeletsa setumo mminong, empa menyenyetsi eo e ne e etsa batsamaise ba dikhampane tsa mmino di be lesisitheho ho re thusa esitana le setjhaba se ne se se se qala ho ferekana haholoholo le ka pina ya rona Ngafa."
Dibini tsena ka bobedi di na le tumelo ya hore Modimo ke ona o ba qapelang dipina tsa bona.
Haeba albamo ena ya bona e ntjha e ka rekisa hantle, ba ikemiseditse ho reka sebaka seo ba tla sebeletsa ho sona moo Joburg. [s]
BONA SESOTHO - March 2007
BONA SESOTHO - March 2007
"Ha re dinaledi," ke ka moo Shwi le Mtekhala ba nahanang ka teng. "Modimo ke Ona O re fileng mpho ya mmino - rona re o fetisetsa setjhabeng."
