sotho.2271.angel
BONA - August 2007
LE LETONA: Elizabeth (ya hare) le ba bang ba bana mmoho le mohlokomedi e mong wa bona, Hillary Mlondobozi.
KA HODIMO: Elizabeth Rapuleng o re haesale a rata bana.
KA MORA ho bona EITSE e bolaya batho ka bongata lekeisheneng, mme Elizabeth Rapuleng a nka bohato. Yaeba Mosamaria ya molemo makgolokgolong a dikgutsana tsa Soweto le Muhlava, motsaneng o haufi le Tzaneen.
O na le lehae la dikgutsana le bitswang Sizanani mane Meadowlands, leo ho dulwang ka hara khonteina e kgolohadi e tsamaisang thepa dikepeng le le leng hape le bitswang Pfunano-Thusano, leo a sebeletsang kantorong ya moreneng ya Muhlava. Mabitso a maano ana a hae a bolela ho thusana - mme ke seo a batlang ho se fihlela bophelong ba hae.
O hlokomela dikgutsana tse ka ballwang ho 1 000. "Haesale ke rata bana," e boletse jwalo titjhere ena ya mehleng. O hlahetse Orlando East, Soweto, ka 1949, a kena sekolo Thaba-Nchu, Freistata. A ithutela botitjhere, ka mora lenyalo a ya dula Bloemfontein.
Ka 1976 ha lenyalo la hae le senyeha, a kgutlela Soweto moo a fihlileng a ruta teng dilemo tse 20. Ka 1996, mme enwa wa bana ba bararo a tlohela ho ruta, a ya rupellwa ho hlokomela bakudi mme a bula sebaka sa Sizanani.
"Ke ne ke qale leano lena ka mora ho hlokomela ka moo batho ba bangata ba neng ba kula ka teng ke EITSI. Ka qala ka ho phehela bakudi mme ka ba isetsa dijo malapeng a bona. Ka makala ha ke bona ba sa di qete, ba re ba siela le bana ba bona!'"
Rapuleng o ne a qale ka ho phehela dikgutsana tse 19 sopho empa pele ho nako e kae a bona bana ba subuhlellana ka bangata.
Kajeno Sizanani e na le baithaopi ba 54 le bana ba 620 bao batswadi ba bona ba kenweng ke lefu la EITSI, ha ba bang e le dikgutsana.
Lefapha la tsa Kahisano la mo tjhaela monwana. Kajeno o tshehetswa ke mokgatlo wa Holland Foundation, National Port Authority Of South Africa, Woolworths, Worldvision, Save Africa Children le mekgatlo e meng. Ka 2004 Rapuleng o ne a etetse Tzaneen. "Haufi le moo ke neng ke etetse teng, ho ne ho ena le dikgutsana tse tharo mme ka hloleha ho iphapanya," ho bolela yena.
A qala ho hlokomela hore ho na le dikgutsana tse ding tse ngata tse sebakeng seo. Palo e kgolo ya batho ba Masepala wa Greater Tzaneen ba hlasetsweng ke EITSI.
"Ka buisana le morena wa sebaka hore re thuseng dikgutsana tsena mme a mphumanela basadi ba bahlano le monna a le mong ya neng a ikemiseditse ho thusa," ho hlalosa Rapuleng.
Kajeno Pfunano-Thusano e na le baithaopi ba 11 ba hlokomelang bana bana, ba tsamayang dikilomitara tse hlano ka letsatsi ho ya le ho kgutla ba rwetse dipitsa tsa dijo tseo ba di isetsang dikolong tse nne tsa sebakeng sena. Leano lena le thusa dikgutsana tse 365.
Mme Rapuleng o sebedisa tjhelete ya hae a thuswa le ke morena wa moo, Hosi Mpumulana Muhlava, eo a neng a se a butse lehae la hae hore ebe hona moo ba kopanelang teng. "Ka nako e nngwe re pheha lesheleshele feela," o boletse jwalo Rapuleng.
Ka Mmesa selemong sena, bana ba robedi ba Sizanani le ba tsheletseng ba Pfunano Thusano ba ile ba eba le seabo leanong la United Nations. Ngwana ka mong o ne a nehilwe khamera mme a rutwa ka moo a tla e sebedisa ka teng, a koptjwa ho nka ditshwantsho tsa lefatshe ho ya ka moo yena a le bonang kateng.
Ba kotjwa ho araba dipotso tse nne: O thabiswa keng" O swabiswa keng" O labalabelang" Ke sefe seo o batlang batho ba se tsebe ka bophelo ba hao"
"Ha ke na batswadi... ke utlwa bohloko hobane ha ke na sebaka se setle sa ho robala. Ke labalabela ekare mmuso o ka nkgahela ntlo ya RDP," o boletse jwalo ngwana e mong wa dilemo di 14.
Maikutlo a bona le ditshwantsho tsa kenyeletswa bukeng e maqephe a 143, ya Our World: AIDS And Childhood In Southern Africa.
"Buka ena e re neha monyetla wa ho bona lefatshe jwalo ka ha bana ba le bona, o kgona ho ba mamela le ho ba bona," ho bolela Rapuleng.
Ho tloha ka nako eo lefu lena la EITSE le neng le qala ho hlasela ka matla setjhabeng batho ba dimilione tse 25 ba se ba ile ba eshwa ha tse 40 tsona di phela le kokwanahloko ena. Bana ba ka hodimo ho ba dimilione tse 15, ba hlokahalletswe ke motswadi kapa ke dikgutsana ke lefu lena. Ho dumelwa hore palo ya dikgutsana tsa lefu lena e tla nyoloha ka matla ho fihlela ka 2020 kapa 2030.
"Ke tshepa hore ke na le seabo sa bohlokwa tharollong ya mathata ana le twantshong ya lefu lena leha e le se senyenyane hakaalo," ho bolela Rapuleng. [s] NewsFirst.
Ke mosala
le dikgutsana
pale le ditshwantsho ka NEVILLE MAAKANA/NEWSFIRST
Ka nako eo bakudi ba bohloko ba EITSI ba neng ba se ba sa qete dijo tseo a neng a ba tlisetsa tsona, ba re ba siela bana ba bona ba bolawang ke tlala, Elizabeth o ne a tsebe hantle hore o lokela ho nka bohato...
Ke lengeloi le mohau
BONA SESOTHO - September 2007
u
Re netefaditse hore dikeletso tsohle tseo re di nehwang ke tse nepahetseng. Empa nnete ke hore nyewe ka nngwe e hloka ho fuputswa mme Scorpion Legal Protection (Pty) Ltd, ditho tsa BONA le baphatlalatsi ba makasine ena, ba ke ke a rwala boikarabello ba ha motho a hlotswe ke nyewe kapa a utlwisitswe bohloko ka mokgwa ofe kapa ofe hobane a ile a latela dikeletso tseo re faneng ka tsona.
O e tlisetswa ke ba ha BONA le Scorpion Legal Protection
BONA SESOTHO - September 2007
ya hao ka molao
Ho lelekwa ka leeme"
MATHATA: Mookamedi wa ka femeng eo ke sebetsang ho yona o hatella hore basebetsi ba ye ntlwaneng ka nako ya bona ya kgefutso feela. Ke ne ke se na bothata ho fihlela ke ima mme ke tlameha ho ya ntlwaneng kgafetsa. Ka hloleha hohang ho emela nako ya kgefutso, ka tlameha ho ya ntlwaneng ke rata kapa ke sa rate.
Ka mora nakwana a ntlhahlella nyewe - mme ka makala ha ke lelekelwa ho ya ntlwaneng ka nako ya mosebetsi. Ke nahana hore ba bile le leeme le tshabehang haholoholo hobane mookamedi wa ka ke yena eo e neng e le moqosi wa ka mme hape e le moahlodi nyeweng ena. A se ke a batla le ho utlwa mabaka a ka. Na ho na le seo nka se etsang ho phehisa qeto eo"
KELETSO YA SCORPION:
Ho ya ka molao wa Labour Relations Act, basebetsi ha ba a dumellwa ho ba le babuelli dinyeweng tsa mosebetsing. Empa leha ho le jwalo molao o a dumela hore mohiri le mohiruwa a be le moemedi wa mosebetsimmoho le yena ha a ena le nyewe mosebetsing kapa a emelwe ke moetapale wa mokga wa hae wa yunione kapa lona leqwetha. Hona ho thusa hore nyewe e tsamaiswe hantle ntle ho leeme.
Leha ho le jwalo mathata ao re salang le ona ke a modulasetulo nyeweng. Bahiri ba bangata ba kgetha basebetsi ba bang ho ba badulasetulo dinyeweng tsa mofuta ona leha CCMA le Lekgotla la Basebetsi le sa kgotsofatswe ke ketso eo.
Ba CCMA ba tjhentjholla diqeto tse ngata tse nkilweng dinyeweng tse ahlotsweng ke badulasetulo bao hobane ba leeme kaha ba batla ho kgahlisa bahiri ba bona.
Ke boikarabello ba modulasetulo ho ahlola nyewe ka botshepehi le hore moqosuwa a kgone ho hlahisa ba hae bopaki mme ho se ke haeba le leeme. Hape o lokela ho tseba melao ya khampane hantle le tsela eo basebetsi ba lokelang ho ahlolwa ka yona mme hape sohle se buuweng moo se ngolwe ka botshepehi.
Sa bohlokwa haholo ke hore o lokela ho tseba le molao wa Promotion Of Administrative Justice Act 3 of 2003.
Ho ya ka lengolo la hao, ho a totobala hore o ahlotswe ka leeme le leholo. Re o eletsa hore o ikopanye le ba kantoro ya CCMA e haufi le wena mme ba tla o thusa ho hlahlela nyewe ya hao kgahlano le bahiri ba hao, ba bileng leemo ho wena.[s]
Romela mathata a hao ho BONA Legally Yours, Box 32083, Mobeni 4060 - mme o fumane monyetla wa ho buisana le leqwetha metsotso e 30 mahala, mohlomong dikantorong tsa ona hohle naheng ena kapa ka mohala.
SE NKILWE KE SEBONTSHI
t
Ha re thusaneng
