sotho.1128.SaskoJuly
o hape meputso e fihlellang ho R400 000!
NA o inehela ka pelo yohle ya hao le moya ha o baka- Na bohle ba kopa o ba ekeletse- Ha ho le jwalo, ke nako ya ho sebedisa bokgoni boo hore o ikgapele meputso e babatsehang e fihlellang ho R400 000 e tsheheditsweng ke ba ha Sasko Flour, Ellerines le BONA.
Ho na le ditlhodisano tse fapaneng tse nang le mapetjo a tsona kgwedi le kgwedi:
n Phupu - puddings
n Phato - muffins (sweet and savoury)
n Loetse - quiches.
Ka moo o ka kenelang
Kgwedi le kgwedi re romelle resepe ya hao eo hara metswako ya hao ho nang le Sasko Flour e dumellanang le lepetjo la kgwedi eo, mme o tlatse setlankana sa ho kenela o se romele ho: BONA/Sasko Bake With Your Soul (July), Box 1127, Rivonia, 2128. O ka kenela ya kgwedi e le nngwe feela kapa wa di kenela kaofela - ho tswa ho wena!
Jwalo ka kgwedi ho tla kgethwa mohlodi wa lepetjo leo. Ba bahlano ho tloha ho Motsheanong, Phupjane, Phupu, Phato le Loetse ba tla mengwa moketeng wa mabenyane ho ya qothisana lehlokwa ka Mphalane mane School of Culinary Art, Randburg, moo ho tlang ho hatjwa meputso e babatsehang athe ba bang ba bane ba tla hapa meputso ya matshediso.
Meputso ya mohlodi
Mohlodi o tla hapa: Lengolo la ho reka ha Ellerines la R60 000; thepa ya kitjheneng e dikarolo di 5 ya Denver; pakana ya disebediswa tse nne (Tedelex kettle, steam iron, double hotplate le 2-slice sandwich-maker); 26-L Defy microwave oven; Defy Gold 4-plate stove; Defy 240-L double-door fridge; Defy Gold 9,2kg twin-tub washing machine; KIC 175-L chest freezer; 8-piece Emerald dinette set; Estia mini kitchen le health griller.
Tse bitsang:R83 600.
Wa pele ya mo latelang: Lengolo la ho reka ha Ellerines la R30 000; 26-L Defy microwave oven; Defy Gold 4-plate stove; LG 240-L combi fridge, le Defy Gold 9,2kg twin-tub washing machine.
Tse bitsang: R42 500.
Wa bobedi: Lengolo la ho reka ha Ellerines la R20 000; Estia mini kitchen le health griller; Fuchs 4-plate stove; LG 240-L combi fridge, le 4-in-1 appliance pack (Tedelex kettle, steam iron, double hotplate, 2-slice sandwich-maker).
Tse bitsang: R28 600
Wa boraro: Lengolo la ho reka ha Ellerines la R15 000; KIC 223-L top freezer-fridge le Fuchs 4-plate stove.
Tse bitsang: R20 600.
Wa bone: Lengolo la ho reka ha Ellerines la R12 000 ; KIC 223-L top freezer fridge.
Tse bitsang: R14 900.
LE TSENA TSE NGATA...
Meputso ya kgwedi
Hape kgwedi le kgwedi ho tla kgethwa mohlodi ya tla ya ho makgaolakgang a bake-off, mme ho kgethwe le ba bang ba bararo ba mo latelang. Bona motho ka mong o tla hapa:
n Phupu: 26-L Defy microwave oven kapa 240-LDefy double-door fridge.
n Phato: Defy Gold 4-plate stove kapa 4-in-1 appliance pack (Tedelex kettle, steam iron, double hot plate le 2-slice sandwich-maker).
n Loetse: LG 240-L combi-fridge kapa Estia mini kitchen e nang le health griller. [s].
Meputso ya bareki
Dula o lebelletse dikoloi tsa ntshetsopele ya Sasko Flour mabenkeleng a haufi le wena, moo dipakana tsa disebediswa tse 10 tsa mini kitchen le di- microwaves tse hlano di tlang ho hatjwa. Mabenkele a ikgethang a ha Spar a Port elizabeth; a ha Score a Gauteng le a ha Rhino a Thekong ke moo ho tla kopanwa teng.
BONA SESOTHO - July 2007
BAKE WITH YOUR SOUL (July)
Tlatsa setlankana sena o se romele ho: BONA/Sasko Bake With Your Soul (July), Box 1127, Rivonia, 2128.
Lebitso: ....................................................................
Aterese: ...................................................................
..........................................Khoutu:...........................
Mohala/Cell: ............................................................
(Ka kopo re ngolle eo o tla fumaneha ho yona motsheare.)
Potso: Ke lefe lebenkele la fenetjhara
le tsheheditseng tlhodisano-
Karabo: ..................................................................
Letsatsi la ho kwala: Tlhodisano ya Phupu:
31 Phupu, 2007
MELAO. 1. Tlhodisano ena e buletswe bohle ntle ho basebeletsi ba Caxton, batshehetsi ba bona le ba mekgatlo ya bona ya diphatlalatso mmoho le ba malapa a bona. 2. Qeto ya baahlodi ke yona feela e tla amohelwa mme ha ho ngollano e tla dumellwa. 3. Meputso e ke ke ya fetisetswa bathong ba sele kapa hona ho tjhentjhelwa tjheleteng. 4. Ke dikenelo tse setlankaneng sa nnete feela tse tla amohelwa ka poso. 5. Meputso eo beng ba yona ba sa etsang diphuputso ka yona dikgweding tse tsheletseng ba e hapile, ba ke ke ba hlole ba e fumana. 6. Dipalangwang, dijo le marobalo a ba bahlano ba tla beng ba le ho makgaolakgang a tla lefellwa ha ba eya tlhodisanong ya makgaolakgang. 7. Kgorametsa barcode ya Sasko kenelong ya hao. 8. Baahlodi ba tla kgetha mohlodi ya ba otlileng kaofela mme ba bang bona ba tla kgethwa hara ba bahlano ba neng ba kenetse tlhodisano ya bake-off.
BONA SESOTHO - July 2007
KENELA KA SMS KAPA O BULE AKHAONTO
Leha o sa tsebe ho baka le ho pheha, o ka nna wa hapa meputso e babatsehang! O ka re bolella lebitso la lebenkele la fenetjhara le tsheheditseng tlhodisano ena ka SMS ho 33455. SMS e bitsa R1,50 kapa o ye le makasine ya hao ya BONA ha o bula akhaonto e ntjha ha Ellerines mme o tla ba le monyetla wa hore lebitso la hao le inolwe ha o bile lehlohonolo.
Kgwedi le kgwedi bahlodi ba bane ba kenetseng ka di-SMS le ba bararo ba butseng diakhaonto tse ntjha ba ha Ellerines ba tla kgethwa. Motho ka mong o tla fumana:
n Phupu: 26-L Defy microwave oven kapa 240-L Defy double-door fridge.
n Phato: Defy Gold 4-plate stove kapa 4-in-1 appliance pack (Tedelex kettle, steam iron, double hotplate le 2-slice sandwich-maker).
n Loetse: LG 240-L combi fridge kapa Estia mini kitchen with health griller.
Ditshwantsho tsa bahlodi ba hapileng moputso wa pele di tla phatlalatswa ho BONA. [s]
KGORAMETSA BARCODE YA SASKO FLOUR
