sotho.2256.hair
eba le moriri
O BOHEHANG
mariheng ana
MARIHA a bohale haholo moriring, ka hoo, o boloke o phetse hantle ka ho o hlokomela ka ditlolo tsa ona.
O ka nna wa nahana hore o hlokomela moriri ka nepo ha o sebedisa ditlolo tsena tse nang le dikhemikhale tsa ho o otlolla, ho fetola mmala esitana le ho o nolofatsa, empa se lebale hore moriri o sa otlollwang o thata, ha o na mongobo.
Se leke o sebedise shampoo e sa etsetswang moriri o thata o sa otlollwang! Se molemo ke hore o buisane le setsebi sa tlhokomelo ya moriri, o fumane keletso ya sona tlhokomelong ya moriri ho ya ka dinako tsa selemo.
Leha ho le jwalo, re ka o hlaba malotsana ka dikeletso tse mmalwa tsa tlhokomelo ya moriri mariha.
O LOHILWENG
Ena ke e nngwe ya ditsela tse molemo tsa tlhokomelo ya moriri mariha. Kopa motho ya nang le tsebo ho o loha, ya sa tlo o tihisa, hobane seo se ka o utlwisa bohloko, le moriri o fothohe.
Mathata a mangata ka moloho, ke ho omella, ho ba le sekerefole le ho hlohlona ha letlalo la hlooho. Hlatswa moriri o lohilweng ha nngwe dibekeng tse pedi ka Kera Care Dry & Itchy Moisturizing Shampoo and Conditioner ho qeta mathata ana.
Ha o se o o hlatswitse hantle, wa ba wa o pudutsa, ho ntsha conditioner, o tlotse ka Optimum Care Oil Therapy Dry Hair Healer ho nolofatsa moriri le letlalo la hlooho hore di dule di phetse di benya hantle.
Bakeng sa tlhokomelo ya kamehla, o ka sebedisa Dark And Lovely Braids Spray jwalo ka ha e na le metswako ya ho nolofatsa letlalo la hlooho.
DIKELETSO
Ho boloka moriri o le makgethe nako e telele, rwala sekhafo sa silika ha o robala.
Se boloke moriri o lohilwe nako e fetang dibeke tse tsheletseng ho ya ho tse robedi - ha ho a nepahala bakeng sa moriri wa hao.
MORIRI WA TLHAHO
Haeba o sa rate ho sebedisa ditlolo tsa ho otlolla moriri kapa tsa ho fetola mmala, sebedisa Dark And Lovely Moisture Seal 3-in-1 Conditioning Shampoo, le Kera Care Detangling Conditioner. Ditlolo tsena di tla boloka moriri wa hao o le bonolo o le motle.
DIKELETSO
Le leng la maqheka a ho hlokomela moriri ona, ke ho o nyanyatsa ka leave-in conditioner ka mora ho o pudutsa ka conditioner e tlwaelehileng mme o tla kameha ka bonolo.
Haeba o rata ho o loha magoda ho fihlela o oma, tlotsa moriri le letlalo la hlooho ka Dark And Lovely Rich And Natural Hairdress, kapa Kera Care Essential Oils, hore o ome o le bonolo. Ka mora mona, o tla kameha ka bonolo ntle le matata.
Dula o butse moriri ditsela, sena se tla etsa o hlokomelehe ka bonolo mariha jwalo ka o lohilweng.
MORIRI O OTLOLOTSWENG
Haeba o na le moriri o otlolotsweng, o tla hloka tlhokomelo e ikgethang, haholo haeba o kile wa o otlolla ka tong. Sebedisa shampoo e kang Kera Care Hydrating Detangling Shampoo, ha nngwe ka beke. O ka sebedisa le Kera Care Humecto Crème Conditioner, kapa Dark And Lovely Deep Moisture-seal Conditioner, ho kgutlisetsa mongobo.
Bekeng e nngwe le e nngwe ya bobedi, ka mora ho sebedisa shampoo e tlwaelehileng, sebedisa Kera Care Essential Oils. O tlotse ka yona, o rwale katiba ya polasitiki metsotso e mmalwa, o hlatswe mme ka mora moo, o tla sala o le bonolo, o le motle.
DIKELETSO
Haeba o sa rate ho omisa moriri ka mofuthu, o omise ka ho rwala. Empa pele o rwala ho hong, o tlotse ka conditioner e kang Dark And Lovely Moisture-seal Leave-in Styling Mist. O kame ka kama e meno a maholo ho thibela ho fothoha. Ka mora moo, kama ka e meno a teteaneng, o netefatse hore o kopana hantle mme o rwale sekhafo sa silika ho fihlela o oma. Rola sekhafo, o o kame mme o o tlotse hape.
Sebedisa Optimum Care Oil Therapy 3-in-1 Crème Moisturiser haeba o rata hore o arohane hantle. E tla o etsa o be bonolo, o benye. [s]
BONA SESOTHO JUNE 2008
TLHOKOMELO YA MORIRI
Ho sa natsehe hore ke nako e fe ya selemo, ho na le moya, ho a bata, pula di a na, ho a tjhesa, ha o tsebe seo o ka se etsang tlhokomelong ya moriri wa hao, ke tsena dikeletso tsa setsebi sa moriri, FAITH SUEOE
BONA SESOTHO June 2008
TLALEHO
Diphuputso tse sa tswa etswa ke ba ha Sunsilk, di bontshitse hore basadi ba bangata Afrika Borwa, ha ba thabiswe ke meriri ya bona.
Ba 31%, moriri o a fothoha
Ba 23%, o omeletse, o a fothoha
Ba 48% ba ferekanngwa ke ho moriri o fothohang, ba batla tharollo
Ba 31% ba kgollwa hore ditlolo tse seng tsa maemo tsa ho o otlolla ke tsona tse o fotholang
Ba 44% ba na le matlalo a hlooho a boi.
