sotho.2253.defy
HAPA
ditshwantsho ka SALLY CHANCE
BONA SESOTHO - February 2007
R52 500!
Sehatsetsi, setofo, motjhini wa ho hlatswa le microwave tse bitsang...
KE VALENTINE'S Day, ka hoo, BONA le Defy di batla ho jala moya wa lerato ka ho fa babadi monyetla wa ho hapa meputso e babatsehang.
Ba bahlano, motho ka mong o tla fumana microwave, setofo, sehatsetsti, le motjhini wa ho hlatswa (tse boletsweng ka tlase), tse bitsang R10 500.
Tjhentjha kitjhene ya hao ka 2007 ka dietswa tsena tse ntjha tse dikgalase di ntsho tsa ha Defy. Jwalo ka khampane e pele Afrika Borwa, Defy e a tshetjwa malapeng a mangata ka dietswa tsa boleng, tse tshwarellang tse bileng di leng molemo bakeng sa tjhelete. Ho tloha ka 1932 Defy haesale e hlahisa dietswa tsa kitjheneng le tsa ho hlatswa naheng yohle, mme kajeno ho na le dietswa tse ka hodimo ho dimilione tse 12 tsa ha Defy tse sebediswang. (Hape dietswa tsa Defy di tsamaisana le ditlhoko tsa polokeho tsa matjhaba.)
Microwave - DMO 289/291
Ena e leng 900-watt, e a benya mme microwave ena e boholo ba dilitara tse 26, e na le concave reflex system hore e etse mosebetsi ka potlako, LED display, 10 power levels, e pheha ka mekgwa e mebedi, 5 auto-cook menus, e ka setwa hore e diehe ho qala ho pheha ha o rata, ho hatellwa konopo feela, dintho di loke, e ntsha leqhwa hape e a notleleha.
Motjhini wa ho hlatswa - Automaid 600
O a benya hape o ka hlatswa diaparo tsa boima ba 5kg, o matha ka lebelo la 600rpm, o itjhentjha motjheso, o mekgwa e 13 eo o ka hlatswang ka yona, o a potlaka, o na le mokoti o moholo o ka bang 180°, ha o etse mafome, drain filter e a tswa, ha o je metsi a mangata le motlakase.
Kitchenair stove - 621
Se setle se tla kgabisa kitjhene ya hao, se na le dipoleiti tse 4 (ho balellwa le e matla haholo), se na le onto e hlwekisehang ka bonolo, e boholo ba dilitara tse 8, mofuthu o tloha ho 70°C ho ya ho 230°C, se na le dikgalase, diraka tse 2 tsa onto tse entsweng ka chrome, pane ya nama le raka mmoho le ya ho futhumetsa.
Fridge-over-freezer - Defy C305
E ntle mme ke ka hona e shebahalang hantle hakana ka kitjheneng e nngwe le e nngwe. Ha e etse leqhwa, o ka tjhentjha serame sa yona, diraka di a tswa, e na le sebaka sa mahe, lebone, e kwaleha hantle,
ke 4-star freezer, e na le sejana sa leqhwa le dinotlotlo. Seo o lokelang ho se etsa feela ke ho tlatsa setlankana sena sa ho kenela, o se romele ho: BONA/Defy Valentine's Day Competition, Box 32067, Mobeni, 4060. Letsatsi la ho kwala ke la 28 Hlakola 2007. [s]
SETLANKANA SA HO KENELA
Tlatsa setlankana sena mme o se romele ho: HO BONA/Defy Valentine's Day Competition, Box 32067, Mobeni, 4060.
Lebitso: .............................................................
Aterese: .................................................................
.........................................Khoutu:...............
Mohala/Cell: ..........................................................
(Ka kopo, ebe eo o tla fumaneha ho ona motsheare.)
Potso: Sekgeong se ka tlase, re bolelle lebitso la khampane e etsang dietswa tsena tsa motlakase.
Karabo: ..................................................................
Dikenelo di kwala mohla la 28 Hlakola 2007.
MELAO:1. Tlhodisano ena e buletswe bohle ntle ho basebeletsi ba ha Caxton, batshehetsi le mekgatlo ya bona ya dipapatso esitana le ba malapa a bona. 2. Kahlolo ya baahlodi ke yona feela e tla amohelwa, ha ho ngollano e tla dumellwa. 3. Meputso e ke ke ya tjhentjhelwa tjheleteng kapa bathong basele. 4. Ho tla amohelwa dikenelo tse setlankaneng sa nnete feela. 5. Meputso e tla romelwa mabenkeleng a rekisang thepa ao bahlodi ba tla a kgetha mme ba itatela yona moo. 6. Meputso eo beng ba yona ba sa etsang diphuputso ka yona dikgweding tse tsheletseng, e tla ba lahlehela.
BONA SESOTHO - February 2007
