sotho.2252.credit
37 BONA - December2005
Tseba ka karete ya mokitlane
HLOKOMELA! Ho se ho na le leano la ho fumana batho ba hlokang dikarete tsa mokitlane mona Afrika Borwa. Tsena ha se ditaba tse monate ho bareki. Ho se ho le bobebe, o ka fumana karete ena mohaleng, ha ba hlahlobe le tsela eo o lefang dikolotong tsa hao ka yona.
"Seo ba neng ba mpatle sona feela ke aterese moo ba ka e romelang teng," ho rialo modulasetulo wa National Consumer Forum,Thami Bolani, eo dibanka tse ngata di seng di buisana le yena ka taba ena.
E se e le nakwana jwale dibanka tse ngata di theotse bonyane ba moputso o hlokahalang ha motho a batla karete ya mokitlane. Re ka etsa mohlala ka FNB, eo pele e neng e hloka moputso wa R5 000 ka kgwedi - jwale e se e le R2 000
feela ka kgwedi le lebitso le letle dikolotong. Dibanka di a fapana jwalo ka ha Standard Bank yona e se e dumella ba moputso wa
R1 000 ho bula karete ya MasterCard Electronic.
Standard hape e sebedisana le mabenkele a kang Edgars le Jet ho neha bareki tumello ya ho reka ka karete ena.
"Karolo tse pedi ho tse tharo tsa bona di ne di se na yona karete ena," ho rialo Ian Wood, motshwari e moholo wa ditjhelete ha Edcon.
Empa batho ba kang Bolani, ba belaela hore lena ke leqheka feela la ho kenya batho ba bangata ba futsanehileng dikolotong pele molao ona o motjha o bitswang National Credit Bill o qala ho sebetsa isao.
Pele o kena sefing sena sa karete ya sekoloto, re o kopa o qale ka diteko tsena tsa rona...
TEKO 1: Na o ne o tseba hore... ke o fe molemo wa karete ena bophelong ba hao"
Tseba hore hobaneng o hloka karete ena ya mokitlane. Ba bang ba e batla hobane feela ba sa rate ho fetwa. Kapa hobane ba rata ho tsamaya ba ikgantsha ka yona. Tseba hore ho na le tjhelete eo o e lefang jwalo ka selemong bakeng sa yona. Netefatsa hore o a tseba ke bokae pele o etsa tumellano.
n Ipotse: Ke fela ke e hloka kapa ke rata ho tsamaya ke ikgantsha ka yona"
TEKO 2: Na o ne o tseba...ka moo o ka bolokang tjhelete kareteng ya mokitlane"
"Karete ya mokitlane e o neha matsatsi a 55 pele o ka qala ho lefella thepa eo o e rekileng ka yona, re a leboha ka tsela ena eo ho sebetswang ka yona," ho hlalosa Pieter van Wyk, motlatsi wa molaodi wa dikarete tsa ha ABSA.
Ho na le tse ding ditjeho tse kang inshorense ya ho eta, ho lefella leeto la hao ka karete ena kapa ho tsoselletsa ditshebeletso tse kang eBucks kapa yona Voyager Miles.
Buisana le ba banka ya hao o utlwe hore o tla lefa bokae haeba o kenya ditshebeletso tseo kareteng ya hao.
O ka etsa jwalo ha ho ena le seo o batlang ho se reka.
n Ipotse hore: Ekaba ke tla kgona ho lefella ditjeho tse ding tsa karete eo"
TEKO 3: Na o ne o tseba...ka moo o ka etsang hore karete ena e se o bakela e se o bakele mathata"
"Karete ena e ka o bolokela tjhelete - haeba o tseba ho e sebedisa ka hloko," ho rialo Jan Kleynhans, CEO ya ha FNB Card. "Lefa ka mokgwa wa debit order ho netefatsa hore o lefa molato wa karete ena kaofela ka kgwedi. Ka ho etsa jwalo, o na le bonnete ba hore ha ho phaello e kengwang sekolotong sa hao."
Bongata ba dikarete, bo na le lenaneo le bitswang "budget facility" moo motho a lefang tjhelete e ka bang R200 kapa ka hodimo ka kgwedi. Banka ke yona e o etsetsang ditekanyetso tsa tjhelete eo o ka e sebedisang tlasa leano le leng le hape le bitswang "straight."
Tjhelete ya lenaneo lena o tla e lefa ka dikgwedi tse tsheletseng ho ya ho tse 60, ka tekanyetso e behilweng ke banka. Empa tseba hore mokitlane wa yona o lefellwa phaello e kgolo.
Haeba sena o se tshwantsha le ho reka ntho ka mokitlane, kapa hona ho adima tjhelete - o nepile hobane le phaello ya teng e ntse e itshwanela. Se molemo ka "budget facility" ena ke hore ho na le tjhelete e dutseng e o emetse hore o e sebedise ka moo o ratang ka teng mme wena o se o tla buseletsa banka.
n Ipotse: Ekaba ke tla kgona ho sebedisa karete ena ka nepo, ha ke no bapala ka yona"
TEKO 4: Na o ne o tseba... molemo le mathata a karete ena"
Karete ya mokitlane e ka o tswela molemo haeba o e sebedisa ka bohlale jwalo ka ho e sebedisa ha o sa rate ho tsamaya o tshwere tjhelete, o sa rate ho ya bankeng, o batla ho reka ho hong, empa o ntse o tseba hore o sebedisitse bokae, hape o netefatsa ho lefa ka botlalo mafelong a kgwedi. Empa ha o ka qala ho reka dintho tse kang dijo le airtime ka karete ena, tseba hore o qala ho tlaila.
Dikareteng tsena tse ntjha, motho ya amohelang R2 000 ka kgwedi, o nehwa tekanyetso ya
R3 000 ha FNB, ho rialo Kleynhans. Empa he ha o le bohlale, pele o e sebedisa, hopola hore o ntse o na le melato e meng, o ntse o sa lebala hore o amohela bokae.
Hopola hore ho na le bonyane boo o tlamehang ho bo lefa ka kgwedi - hangata e ba dipersente tse 7,5 tsa mokitlane wa hao. (Empa Standard Bank's MasterCard Electronic yona e hloka dipersente tse 10 kapa R100.)
Ho lefa bonyane boo o tlamehang ho bo lefa ka kgwedi, ho tla o tswela molemo. Empa o hlokomele o se iphumane tebetebeng ya dikoloto - le haeba o ntse o e sebedisa hantle.
Sena se tla bakwa ke phaello e kengwang jwalo ka kgwedi.
Bothata bo boholo eba ha o lefa ka tlase ho bonyane boo o tlamehang ho bo lefa hobane phaello ya kgwedi e a nyoloha.
n Ipotse hore: Ekaba ke a kgona ho itshwarwa hore ke se reke dintho tse se nang molemo, tse ka nkenyang dikolotong"
TEKO 5: Na o a tseba... ho sireletsa karete ya hao dinokwaneng"
Jwalo ka ha bonokwane bo jele setsi Afrika Borwa, o tlameha ho boloka karete ya hao ya mokitlane ka hloko - ho seng jwalo, o tla iphumana o se o belabela dikolotong tseo o sa di tsebeng.
Tse monate ke hore, ha o kgonne ho e tlaleha e sa le nako, wa ba wa bontsha hore seo ha se a etsahala ka bohlaswa ba hao, o ke ke wa lefa molato o entsweng ka bonokwane kareteng ya hao. Se bolelang hore o tlameha ho boloka karete ya hao ka hloko.
n A ko ipotse: Ke tla kgona ho boloka karete ya ka sebakeng se bolokehileng"
SE RENG SEPHETHO" Haeba karabo ya hao e le "E" dipotsong tse tharo tsa pele, o ka e kenya kopo ya karete ya mokitlane - empa o tsebe hore "E" ho tse pedi tsa ho qetela!
pale ka PATRICIA McCRACKEN
setshwantsho ka hlompho ya ba ha ABSA
Ho ya ho ntse ho ba bobebe ho fumana karete ya sekoloto - athe ena ke tsela ya ho ikenya mathateng o sa hlokomela. Hlalefa, o kenele diteko tsena tsa rona...
Hlokomela!
BONA SESOTHO - December 2005
u
Hlokomela!
t
BONA SESOTHO - December 2005
Tsa bohlokwa ka karete
Netefatsa hore:
n Sheba hore ke bokae e ngotsweng
resiting ya karete ya hao pele o saena.
n Saena karete ya hao hang feela ha o
qeta ho e fumana.
n Hlahloba lengolo la hao la karete ka
potlako.
n Tseba tsela e potlakang ya ho tlaleha
karete e lahlehileng.
Ke sefe seo o tlamehang ho se tseba
uKarete e lefellwa bokae ka selemo"
u O a kgona ho fumana dikerete tse ka hodimo ho e le nngwe kapa le e kopanele le e mong, ha ho le jwalo, ho bitsa bokae mme hape e ama tjhelete ya hao ya kgwedi jwang"
uBonyane bo leshwang ka kgwedi ke bokae"
uKe dife ditekanyetso tsa "budget facility", le hore di nka nako e kae ho lefellwa"
uKe tla lefella le Tshireletso ya ho Lahleha ha Karete"
uE teng kotlo o e lefang"
uHo teng moo nke keng ka kgona ho sebedisa karete teng"
uNka kgona ho ntsha tjhelete ka yona, ho bitsa bokae"
uE teng e meng mesebetsi e ka etswang ka kerete ena"
uKe efe e meng melemo ya kareteng ena" [s]
