sotho.1123.teen
o ka atleha jwang sekolong
OA fihla o tswa sekolong, o kgathetse, o batla ho roba monakedi. Mohlomong o rera ho ya ithahela bolo le metswalle, o romele melaetsa ya SMS kapa o ipapalle dipapadi khomputareng. Ka nako e nngwe, o ka thabela ho ikgatholla ka ho shebella mananeo a batjha, a dipuisano kapa tsona dipale tsa marato.
Ka mora moo, ke nako ya dijo tsa mantsiboya.
O boetse hape o tjametse TV kapa o konametse selefounu ya hao.
Mme wa hao o o botsa ka mosebetsi wa sekolo, ha o re mahlo tloha, e se e le hora ya borobong bosiu, empa ha o so ka o phetla buka leha e le nngwe feela - seo se halefisa mmao.
Le wena o a halefa, o bona eka o a o raohela!
Ha se ntho e tlwaelehileng eo lona baena le dikgaitsedi?
Tjhe ke ntho e tlwaelehileng malapeng a mangata lefatshe ho pota. Mosebetsi wa sekolo o qabanya batho, ha ho jwalo?
O e o bone e ka batswadi ba hao ha ba a phela hantle, ba batla ho o sotla feela. Bonneteng ba taba, ke wena ya botswa, ya ingamangamang ka ntho e siyo.
Inahane hantle. Ha re ke re lekole seo ba se nahanang.
Batswadi ba hao ba batla hore wena o atlehe. Ha ba qala ba bona ntho e nyane feela e bonahalang e tla nyopisa merero ya bokamoso ba hao, ba a ngongoreha, ba bone e le qaleho ya mathata.
Ebe ba lehala haholo? Ho jwalo! Empa ke taba e utlwahalang - di ngata dintho tse ka nyopisang merero ya bokamoso ba motho. Ho teng nako eo ka yona o ka nnang wa se ke wa bona leha o se o tswile tseleng!
Bana bona ba nahana hore: "Ke boikarabelo ba motswadi ho ruta ngwana boikarabelo. Ha mme a bona bethe e sa alolwa, mosebetsi wa sekolo o sa qetwa, ntlo e sa hlwekiswa, o bona hore o hloka boikarabelo. "Taba ena e a tshosa hobane mme yena o nahana hore sena se tla beha bokamoso ba hao ka mosing."
Ka ho le leng, batswadi ba rona ha ba tsebe hore ke kgatello e ka kang ho ba moithuti wa thuto phahameng.
"Ha o le motjha, o ba le mathata a mangata a kang, a dikgarebe kapa bona bahlankana. A mang mathata ke ho tshaba ba bang, ka nako e nngwe titjhere ya hao sekolong le yona e be mathata a maholo."
Dintho tse kang tsena, ha di be hakalo ka mora dilemo tse 10 kapa tse 20, empa ho ntse ho ba thata ho tobana le tsona. Re ka etsa mosebetsi wa sekolo lapeng jwang ntle le mathata? Re bontshane le batswadi, mme re tle le "tharollo e ka thusang."
Dula fatshe le batswadi ba hao mme le rale leano la ho etsa mosebetsi wa sekolo lapeng.
Re ka etsa mohlala ka hore mohlomong le dumellane ka hore o tla qala ka hora ya bone mantsiboya. O ka emisa nakong ya dijo tsa mantsiboya mme o tswelepele ha ho hlokahala.
O ka nna wa ipehela le mananeo a TV a bohlokwa ao o ka a shebellang.
Sa bohlokwa ke hore wena le batswadi ba hao le dumellane hantle ka nako eo o ka etsang mosebetsi wa sekolo ka yona.
Ha o na le lenaneo le hlakileng la ho ithuta, batswadi ba hao ba ke ke ba o kgathatse ha o iphomoletse hobane ba tla be ba tseba hore ke nako ya hao ya "kgefutso."
E nngwe taba ke hore, ha o batla ho rala "lenaneo la ho ithuta" le batswadi ba hao, leo e ba letshwao le bontshang hore o motho ya ikarabelang. O tlameha ho le latela ka tshwanelo. O tla iponela ka bowena, batswadi ba hao ba ke ke ba nne ba o kgathatse hobane ba tla be
ba tseba hore nako ya hao ya ho ithuta ke efe. [s]
BONA SESOTHO June 2008
FAT CHARLIE
Motho ohle o rata ho etsa mosebetsi wa sekolo ka bolokolohi ntle le tshitiso...
SEBAKA. Hlwaya sebaka seo o tla sebeletsa mosebetsi wa sekolo ho sona moo o ke keng wa kgathatswa ke motho. Ha o se o na le sebaka sa hao, o tlameha ho ithuta ka matla. Haeba o sa kgone ho tsepamisa kelello dithutong, o ke se lebelle ho bala ka katleho.
IKETLE. Sebeletsa sebakeng se hantle o sebedisa setulo le tafole tse hantle mme le ditlhoko tsohle di be teng - pensele, pampiri le bukantswe.
LERATA. O ka rata ho bala ho ntse ho bapala lehlaso la pina kapa o ka rata ho kgutse - boikgethelo ke ba hao. Haeba o rata ho kgutse, netefatsa hore bohle ba hlompha nako ya hao ya ho bala. Hape o ka nna wa sebedisa di-headphone ho thibela lerata.
EMISA. Haeba o na le mathata ka thuto e itseng, e behelle ka
thoko o tswelepele le tse ding.
Qeta tse ding pele o kgutlela thutong ena e o hlolang. Ena ke tsela ya ho qeta mosebetsi o mongata ka nakwana ho ena le ho qeta nako e ngata thutong e le nngwe. Sa bohlokwa le ho feta: Kwala selefounu. Nako ya mosebetsi wa sekolo, ke ya ona feela, e seng ho hong!
IPHE SEBAKA
Mosebetsi wa sekolo o etsetswang lapeng o ka baka dipuopuo, empa tsena tsohle o ka di qoba ka ho rala lenaneo la hao la ho ithuta le batswadi ba hao...
BONA SESOTHO June 2008
ITHUTE HANTLE
Haeba o bala dinoto tsa hao (kapa buka) makgetlokgetlo, empa o sa utlwisise, a ko leke tse latelang...
Sheba dihlooho.
Maqephe kapa dikgaolo, di ngotswe ho latela tsela e itseng, ka hoo, ha o ithuta, leka ho hlopholla tsela e sebedisitsweng ka ho lekola sehlooho.
Bala selelekela.
Dibuka tse ngata di ba le selelekela seo e leng kgutsufatso ya mokotaba wa kgaolo eo, ka hoo, se bale mme o se thuhise.
Bala dintlha kaofela.
Ka ho etsa jwalo, o leka ho fumana le ho utlwisisa molaetsa oo mongodi a ratang ho o fetisa, e leng seo o tlamehang ho se fumana ha o bala.
Ngola fatshe.
Iketsetse dinoto tsa hao lehlakoreng ka ho ya ka kutlwisiso ya hao tseo o tla di sebedisa nakong ya dihlahlobo.
Dintlha tse behilweng ka tatelano.
Di bohlokwa haholo, mme o tlameha ho di ela hloko haholo.
Sheba mantswe o sa a utlwisiseng.
Se ka ba botswa! Lentswe le le leng feela le ka etsa o utlwesise seratswana kaofela. O se nahanele moelelo hobane ho kotsi ho etsa jwalo!
Se fele matla.
Haeba o ntse o bala ho latela dikeletso tsena, empa o ntse o sa utlwisise, se fele matla, tswelapele, qetellong o tla makala ha o se o utlwisisa ntle ho mathata.
Pheta hape.
Ha o fihla qetellong ya karolo e itseng, boela o e lekole hape, o shebe mantswe le diratswana tsa bohlokwa.
