sotho.1017.sis sarah
Moraka o ratana le lekgowa
SE NKILWE KE DIBONTSHI
98 BONA SESOTHO - April 2008
MORAKA o ratana le lekgowa mme ke hlile ha ke nepe hantle hore ke ikutlwa jwang ka taba ena. Ba dutse ba thabile ha ba le mmoho, leha ke sa kgone ho beha lebaka le utlwahalang, empa ha ke phuthulohe ka sena. Metswalle ya ka e mengata le yona ha e utlwisise taba ena.
Ha se hore ba kgesa makgowa, empa ba bona eka ha ba a tshwanelana.
Ha se taba ya moloko.
Moraka o se a bolela hore le metswalle e meng ya hae e se e qala ho mo kgesa.
Ha ke tsebe hore batswadi ba kgarebe le metswalle ya bona bona ba e bona jwang taba ena. Ekaba e nepahetse taba e bolelwang ke metswalle ya ka? Ebe ba fela ba sa tshwanelana? Ke kopa keletso qakeng ena.
PY, Joburg
Ke bona eka o tatela moro nama e so butswe. Jwalo ka ha o bolela, ha ba le mmoho ba dula ba thabile, mme seo se hlakisa hore ba a tshwanelana!
Mohlomong wena o shebela taba e kang ho qabana, meetlo, nalane ya malapa a bona - empa o tlameha ho hopola hore re ho Afrika Borwa e ntjha, batho ba lebetse ka tse fetileng, ba thabela se etsahalang kajeno.
Mabapi le metswalle ya morahao, ho ntse ho na le ba se nang ho utlwisisa taba ya ho ratana ha hae le motho wa morabe o mong.
Ho ka etsahala hore taba ha se morabe, mohlomong ha ba rate kgarebe ya morahao yona ka sebele. Ho a etsahala metswalle e bone kgarebe kapa mohlankana a sa lokela motswalle wa bona. Empa e le maikutlo feela a bona.
Se ka ingamangama haholo. Ke a dumela ho ka etsang ba se tshwanelane, empa he ho a etsahala motho a ithatele ntho ya hae. Hape hopola - ba a ratana - o a ba tseba batjha - hosane ba ka nna ba arohana.
BOTSASISSARAH
Monnaka ha ke mo rate
Ke dilemo di 25 ha tsa monnaka di le 55. Ke ne ke qobellwe ho nyalwa ke monna enwa ke ba heso hobane ke le kgutsana mme ba leka ho ithola morwalo wa ho ntlhokomela.
Monnaka o na le bana ba bahlano ba lenyalong la hae la pele, ya moholo ke thakaka. Ha re na bana mme ha a nkgotsofatse le thobalanong.
Ke kopane le monna e mong eo ke mo ratang, ya ikemiseditseng ho nnyala. Ha a tsebe hore ke nyetswe, ke nahana hore o nahana hore monnaka ke ntate wa ka kapa wa leloko feela.
Ke tla be ke entse phoso ha nka siya monna enwa wa ka? E nngwe taba ke hore ha a ntshapote le ho ntshapota, ke ntse ke sokola jwalo ka pele.
PM, Lesotho
Ka mora dilemo tse leshome le nyalane, monna enwa ha a o kgotsofatse thobalanong, hape ha a kgone ho o thabisa. Ho nna ke ditaba tse monate ha o fumane motho ya tla o rata, a o nyale.
Jwalo ka ha o bolela mabaka a o kentseng lenyalong lena, ke bona o tshwanetse hore o mo siye monna enwa.
O sa le monyane, o tlameha ho ba dikamanong tse monate - tseo o tlang ho thaba le hona ho ratwa ho tsona. Tswelapele!
O a ntlhekefetsa
Ke dilemo di 30 mme ke nyetswe ke monna ya dilemo di 37 ya nang le bana ba bane. Monnaka o sebetsa hole mme o kgutla lapeng ka mafelo a beke feela. Ke dutse ha bohloko lenyalong lena hobane monna enwa o a ntshotla o bile o mamela mmae. O mpolaisa thupa, ha a re sapote, re iphelela ka pei ya bana.
WM, Mount Ayliff
Ha ke fumane lebaka le etsang hore e be o ntse o phela le monna enwa. Haeba a ne a le sapota, le phela ha monate, ke ne ke tla utlwisisa hore ke eng e o tshwereng.
Empa jwalo ka ha o sa thaba, a o sotla, a sa o hlokomele, ke nahana hore ke nako ya hore o mo siye, o iqalle bophelo bo botjha. O tla be o lahlehetswe ke eng?
A ko inahane hantle, o tla reng ha monna eo a ka o bolaya, bana ba sale le monna enwa ya sa ba tsotelleng?
Ekaba ke seo o lakatsang se etsahale?
Hopola hore tlhekefetso ha e a amoheleha hohang. Ho na le mekgatlo e mmedi eo o ka ikopanyang le yona bakeng sa dikeletso mathateng a hao.
People Opposing Women Abuse (POWA) o ka ba letsetsa ho 011-642-4345.
E haufi le wena moo Kapa Botjhabela ke Eastern Cape Network On Violence Against Women (ECNVAW) o ka ba letsetsa ho 043-743-9169.
Qetellong, boikgethelo ke ba hao - ekaba o rata ho ipeha kotsing ya ho bolawa ke monna enwa?
O tshwaeditswe ke HIV
Ke dilemo di 27 mme tsa kgarebe ya ka di 22. Re na le dilemo tse pedi le sekoto re ratana. Mathata ke hore, ngwahola ka 2007, kgarebe ya ka e iphumane hore e na le tshwaetso ya HIV, empa re ntse re ratana haholo. Re ile dibakeng tse fapafapaneng ho ya etsa diteko tsa madi, empa kaofela di hlaha di tshwana, yena a tshwaeditswe mme nna ha ke na letho. Ekaba phoso e teng ho rataneng ha ka le motho ya tshwaeditsweng ke HIV? Hona he re sa tla ba fumana bana?
Nkeletse hle.
PQ, Wits
Ha ho lere lebe ho rataneng le motho ya nang le tshwaetso ya HIV. Haeba o sa rate ho tshwaetseha, netefatsa hore o sebedisa kgohlopo kamehla ha le etsa thobalano.
Hopola, haeba le kile la ya thobalanong le molekane wa hao ntle ho kgohlopo dikgweding tse tharo tse fetileng, ho molemo o boele o yo itekola ho netefatsa maemo a hao.
HIV e tshwaetsana ka boimana, ha o beleha, le ka ho nyantsha, ka hoo, netefatsang hore le tseba seo le se etsang ha le batla bana maemong ao le leng ho ona mme le kope keletso ditsebing tsa bophelo bo botle.
Lefatsheng ka bophara, EITSI e qhadile le hona ho qabanya malapa a mangata, mme ke ntho e babatsehang ho utlwa batho ba buang ka mokgwa ona, le bile le ikemiseditse le ka bokamoso.
Netefatsang hore le ipokeletsa tsebo ka bohloko bona hore le tsebe ho iphelela bophelo bo tlwaelehileng ha monate.
The National Association of People Living With AIDS (NAPWA) e na le makala naheng ka bophara. O ka ikopanya le bona ho 082-233-0494; Web: www.napwa.org.za.
Hopolang: seo le se etsang ha jwale se nepahetse. Ke le lakaletsa mahlohonolo! [s]
Na ebe o na le mathata a tsa thobalano, dikamano tsa lerato kapa a mang feela a bophelo? Nngolle, ke Sis Sarah ke tla o araba ka botshepehi. Ka bomadimabe ha ke na kgona ho araba motho ka mong, ka hoo, bala karolo ena ya makasine ke hona moo ke tla o arabela teng. Hopola, ntjapedi ha e hlolwe ke sebata! Nngolle ho: Botsa Sis Sarah, Box 32083, Mobeni, 4060.
Hlokomela: Sis Sarah ha a kgone ho fana ka keletso ho tsa kalafo.
Tseo o ka di botsa ngakeng kapa tliliniking.
Ke dilemo di 44 ha tsa monnaka tsona di le 51. Re na le dilemo tse 19 re nyalane, empa thabo ha ke e tsebe lenyalong lena. Monnaka ha a so ka a mpha lerato. O na le dinyatsi tse ngata tseo a qetang matsatsi a sa kgutle lapeng a ithabisa le tsona dihoteleng.
Ke fumana hore o na le tshwaetso ya HIV, empa ke ntse ke dula le yena hobane ke a mo rata haholo mme ke netefatsa hore re sebedisa kgohlopo jwalo ha re etsa thobalano.
Se nkutlwisang bohloko le ho feta, ke hore monna enwa ke mobishopo kerekeng. O na le ngwana le e nngwe ya dinyatsi tsena tsa hae mme e ne e fihle ya mo nyahlatsa ho rona. Ke dilemo di 13 ke hodisa ngwana enwa. Ke tlameha ho etsa jwang?
NS, Newtown
Haeba ke nako e telele monnao a itshwere ka mokgwa ona, ha ho qeaqeo hore kereke e a tseba ka boitshwaro ba hae.
Haeba e le nnete ho le jwalo, hobaneng ba sa mo tobe? O tla mo hlompha jwang? E mekae melao eo a e tlotseng?
Nna ke a makala ha o re ke motho wa Modimo, ya tlamehang ho ba mohlala setjhabeng, empa yena a kgetha ho itshwara ka mokgwa ona.
Ke nahana hore ke nako ya hore le ke le tshohle taba ena le ba bang ba baholo ba kereke. Ha ke le bone lebaka le ka o etsang o nne o tswelepele le lenyalo lena.
O bolela hore o ntse o mo rata... empa hobaneng? Ke eng e kana eo a e entseng eo ka yona a tshwanelwang ke lerato la hao?
Empa ke a mo rata
BONA SESOTHO - April 2008 99
