sotho.2250.health
ditepisi
Hobaneng o lefella sebaka sa boikwetliso empa o ka furalla ditepisi tse tsamayang le khetjhe feela" Ho nyolohela mokatong wa botshelela ka ditepisi ka letsatsi ho ka o thusa ho fokotsa boima ba mmele ba 8kg ka selemo.
tsa bophelo bo botle
Eba motlotlo ka bosadi ba hao
Basadi ba kgathatswa ke bophelo ho feta banna - empa baetsi ba dipatlisiso ba re ke hobane banna ba phema ho hlahisa maikutlo a bona ha ba utlwile bohloko kapa hona ho kopa thuso mme sena se ba kgutsufaletsa bophelo...
Mekgwa e 4 ya ho fedisa thabe
1 sengwathwana sa bohobe bo ommeng
o se kwenye.
2 Momona leqhwa.
3 Kwenya kgabana ya tswekere.
4 Tshwara moya.
NNETE: Ho fela metsotso e 30 ho ya horeng mahlo a leka ho kgutlela maemong ka mora ho sheba kganya e matla.
BONA SESOTHO - July 2007
Tholwana ya veine
Seno se nang le phepo e jwang feela" Ho ya ka dipatlisiso tsa Glasgow University, seno sa morara o perese se na le palo e kgolo ya lethathama la 'polyphenol antioxidants' tse thusang ho aha disele tse senyehileng mmeleng - hape di thuse ho lwantsha mafu a tsamaisanang le la pelo hape le la kankere.
Dula o phetse hantle le Patricia McCracken
Batjha ba robalang hoo ba tlolwang ke nako ya dijo tsa hoseng ba lokela ho tlohelwa ba se ke ba tsoswa! Ke keletso ba Profesara Russell Foster wa Oxford University.
Mekgwa ya ho robala e tjhentjha bophelo bohle ba motho, ho bolela yena mme mmele ya batjha e ba etsa hore ba robale hara kgitla - a le mong wa bona hara ba 10 o robala ka mora dihora tse nne batho ba dilemo di 40 ba robetse.
US le Jeremane di nkile dipatlisiso tsena ka thata hona hoo di bileng di tjhentjhileng le nako ya ho kena ha sekolo - mme ba fumana sephetho se setle haholo dithutong mme hape batjha ha ba sa na kgatello e matla.
Lora jwalo motjha
Na o nwa a lekaneng"
...metsi, haholoholo ha o kgathatswa ke hlooho - ho fellwa ke metsi mmeleng le hona ho tsosa hlooho e tshabehang mme sena se etsahala kgafetsa mariha ho feta lehlabula. Jwala
le dino tse nang le caffeine tse kang tee, kofi le dino tsa cola, kaofela di etsa hore mmele o ntshe metsi, o tla hlokomela hore ho bohlokwa ho nwa dikgalase tse 8 - 10 ka letsatsi.
NNETE: Mmele o ntsha makgekgeba a 600 000 a letlalo ka hora.
Rata dinawa
Erekaha di na le diproteine tse ngata le mafura a manyenyane, di na le phepo e ntle mme ha di bitse haholo. Hape di na le fibre e thusang mmele hore o kgone ho monye phepo ka tshwanelo, e theole cholesterol mading mme e laole le tswekere.[s]
BONA - August 2005
