sotho.224.beauty
LEPHOKA L A MOSADI
Bohle re rata ho kena hara batho mme ho boima ho kgetha senyanyatsi seo o tla se rata hara mefuta ena e mengata e fapaneng...
DINALEDI di dutse di hlahisa dinyanyatsi beke le beke kapa di bapatsa tse ding. O sebetsa ka thata pele o ka kgetha se tla dumellana le wena. Ke tsena dikeletso tse ka o thusang ha o kgetha senyanyatsi se monko o monate kapa o batla se seng sa dinyanyatsi tse bapatswang ke dinaledi. Re a tshepa ditlhalosetso tsena di tla o thusa ho kgetha thatohatsi ya hao Keresemeseng ena.
Dikarolo
Dinyanyatsi di ka arolwa dikarolo tse nne tse fapaneng ho ya ka maphoka a tsona; wa dipalesa, o foreshe, Oriental le wa mapolanka.
Monko wa dipalesa o ratwa haholo jwalo ka tsona. Ke o loketseng basadi haholo mme ka nako e nngwe o ebe o tswakilwe le e loileng jwalo ka wa jasmine le dirosa, kapa wa ditholwana, e kang vanilla kapa perekise. E monate, e dumellana haholo le lehlabula ka ha motjheso o phakisa ho monya monko wa sona. Naledi e ratang monko wa dipalesa ke Paris Hilton, ka Fairy Dust, e kang lamunu, dipalesa tsa metsing le diperekise.
Athe karolo e foreshe yona e menko e kang wa ditholwana tse bodila, metsi le dimela. Green notes di nkga jwalo ka jwanng, mahlaku le difate mme ka nako e nngwe di tswakwa le dipalesa le ditholwana. Monko o foreshe o a rateha haholo bathong ba ratang dipapadi le ba batlang ho dula ba ikutlwa ba hlwekile, o monate bakeng sa letsatsi le letsatsi. Mohlala wa ona ke Adidas Natural Vitality, e ntjha e kang lehapu, lamunu le lotus bloom.
Oriental e ratwa haholo ho ba ratang ho hlahella. E tlwaelehileng ke ya monko wa vanilla, musk le dinoko. Yona e kenyeletsa le e kang ya dijo jwalo ka caramel le tjhokoleite.
Mohlala o motle ke wa Oriental ke Parfumerie Generale Felanilla, le vanilla, amber le spice saffron.
Lepolanka lona ke le menko e kang meru le menko ya kantle. O kenyeletsa le pine, vanilla, ginger le letlalo. Ena menko e utlwahala tswekere, e metalanyana mme e ka kenyeletsa le mossy le phofo. Couture ya Bagley Mischka e na le monko o kang wa mapolanka mme e nkga jwalo ka musk, violet le mint.
Menko
Ha o e nyanyaditse, e nka nako ho fela letlalong, e ntse e ntsha menko e fapaneng pele e fela. Menko ena e bitswa notes mme a ka arolwa dikoto tse tharo tse fapaneng.
Top notes ke monko o utlwahalang hanghang ha o nyanyatsa mme hangata ke ona o kgahlang. Empa o fela ka pele, o nka metsotso e 5 -10 feela. Menko ya ditholwana tse bodila le ginger ke yona e matla haholo ho top notes.
Middle notes e etsa karolo e kgolo ya senyanyatsi seo mme ka nako e nngwe o bitswa mooko wa sona. O hlahella ha ho nyamela top notes mme o nke hora bonyane. Lavender le dirosa ke tsona tse ratwang haholo ho middle notes.
Base notes le middle notes bobedi di etsa karolo e kgolo ya senyanyatsi. Base notes e hlahisa botebo ba senyanyatsi, e fela butlebutle letlalong. Sandalwood (oli ya lepolanka) le mint ke ona monko wa motheo. [s]
Pale: Charis Dawson
Monko wa dipalesa ke ona o ratwang
BOTLE
