sotho.2247.circumcision
lekgowa la MOXHOSA
KILOMITARA tse ka tlase ho tse 40 ho tloha East London o tsamaya ka N2 o lebile Mthatha o feta Kwelera Nature Reserve, lekeishene le lenyane la maemo le lebopong la lewatle, leo matlo a teng a bitsang hoo a mang a fihlellang ho R4 million.
Haufi le moo ho ahile setjhaba sa Maxhosa, se phethang meetlo ya sona. Bongata bo sebetsa lekeisheneng lena la maemo, bang ba lema dijarete tsena hore di dule di le maemong, ha ba bang ba sebetsa ka matlung.
Halofo ya matlo ana, ho thwe beng ba ona ha ba dule, ba hirisetsa baeti, bona ba dula kantle ho lebatowa, ba fihla moo bonyane habedi feela ka selemo.
Michael Fairley (17), ya dulang le batswadi ba hae Debbie le Malcolm le kgaitsedi ya hae e nyenyane, Kwelera o sa tswa iphetola monna wa nnete ho ya ka moetlo wa Sexhosa.
BONA e buile le Michael e sa le lekolwane. Batswadi ba hae ba ne ba hane hehehe ha a re o batla ho ya lebollong. "Mme o ne a shwe ke ditsheho, ha ke mo bolella," ho bolela Michael.
Ho na le mokgwa wa polokeho o lokelang ho latelwa. Ho ya ka moo Lefapha la tsa Bophelo bo botle la Lebatowa le boletseng ka teng ha re balella le Michael ba ne ba se ba le 15 makolwane a Maxhosa a neng a kgutlile a phetse hantle mariheng a selemo sena mane Kapa Botjhabela.
Ho ya ka sebui sa lefapha, Sizwe Kupelo, eo re buileng le yena ka mora hore bashemane ba babedi ba neng ba le mephatong e seng molaong, ba sale thabeng, ke ba ka hodimo ho ba 90 ba alashwang dipetleleng tse fapaneng tsa Kapa Botjhabela, ba bane ba bona ba ile ba tlameha ho kgaolwa botona.
Empa lelapa lena la ha Fairleys ba bile lehlonolo hobane Abongile Tywala, ngaka ya mopatho o ngwanabona a neng a le ho ona, e ne e le mokaubere mosebetsing ona.
Tywala, ya reng o ne a qala ho bolotsa lekgowa ka Michael, o re o ne a ena le tshebisanommoho e ntle. "A mamela ditaelo mme a di phetha ka tshwanelo, ha ke na pelaelo hore o tla ba le katleho le bophelong ba hae."
Tywala o boletse hore ho sebediswa seetswa se bohale ho bolotsa bashemane leha a ke ke a qapolla tsohle tsa lebollong.
Michael, ya hlahetseng Freistata mme a fallela East London le lelapa la habo ka nako eo mmae a nyalwang ke monna e mong, o re o ne a hlola a kgahlilwe ke moetlo ona wa Maxhosa mme hape o bile o bua le puo ena hantle.
"Barutwana ba bang ba ne ba ntshehe ha ke ba bolella hore ke batla ho ya bolla," ho bolela yena.
Motjha enwa ya tsebang hantle seo a se batlang bophelong, o ne a hatelle batswadi ba hae hore ba mo lokolle mme ka nako eo a ilo kena mophatong, a apere mohaswana wa kobo, o ne a kgahlanyetswe ke basadi ba Maxhosa, ba o hlaba, ba o laola modidietsane, ha mmae yena o ne a bokolla. Leha letswalo le ne le mo seha empa o ne a itete sebete kaha o ne a batla ho ithuta meetlo ya ba merabe e meng.
Ka Phupu, moshanyana enwa eo e leng setho sa nnete sa Afrika Borwa e ntjha, a fela a ba monna ho latela moetlo wa Sexhosa! [s]
BONA SESOTHO October 2008
BOPHELO BA NNETE
Kopana le motjha wa lekgowa ya tswang lebollong la Sexhosa... Pale ka MAKATILEMEDIA, ditshwantsho ka The Daily Dispatch
Michael o mophatong. "Barutwana ba bang ha ke ba bolella hore ke batla ho ya bolla ba ne ba tshehe," ho bolela yena.
Moetlo ona ke pinyane empa Michael o ile a dumellwa ho nka ditshwantsho ho re bontsha moelelo feela wa se etsahalang.
Ho sa kgathallehe hore o nahanang ka qeto eo ya hae, nnete e a sala, Michael ke mokgelo hara batjha ba bang ba makgowa.
BONA SESOTHO October 2008
"Batho ba lokela ho hlokomela hore batjha bana ba salang thabeng, ba ebe ba kene mephatong e seng molaong mme ho sa hlophiswa dintho ka tshwanelo," ho bolela Sizwe Kupelo sebui sa Lefapha la tsa Bophelo bo botle.
Hangata ba bolawa ke ho petla ha maqeba.
"Re kgathatsehile haholo ka palo e hodimo ya bashemane ba salang thabeng mmoho le batswadi ba lekang ho ikalafela bana malapeng," ho bolela Kupelo.
"Ho bohlokwa hore setjhaba se tsebise lefapha ka diketsahalo tsa mofuta ona hobane re na le batho ba nang le boiphihlelo ba ho alafa batjha ba mathateng a mofuta ona mme re netefatse hore bophelo ba bona bo se senyehe. Ba lokela ho ya sepetlele!"
Batswadi ba tla fumanwa ba le molato wa ho nyenyafatsa Molao wa Serabe wa Lebollo ba tla ahlolwa R1 000 - kapa dikgwedi tse tsheletseng
tjhankaneng.
HO BOLOKEHILE
