sotho.2245.breast2
3RD PAGE O/FLOW HEAD (IF NECESSARY):
1
Chomee: 'Ke thabile ha ke hlahlobilwe!'
Ditlhala tse robedi hara tse 10 tse melang basading, di ebe di 'se na' kankere - le sebini Chomee (21) ke e mong wa basadi ba lehlohonolo ba ileng ba iteta sefuba ba ya hlahlojwa kankere.
"Ke ne ke tshohile hobane letswele le leng la ka le ne le le leholo ho feta le leng," ho bolela yena. "Ka nako e nngwe le ne le opa mme le be boima.
"Ngaka e ne e bolele ha ho na le sekaqa se lokelang ho hlahlojwa ke ditsebi. Ka etswa diteko tsa mammogram mme ka lehlohonolo ho ne ho se kankere, e ne e le ho ruruha feela. Ka ne ke nehwe meriana ya ho theola ho ruruha hoo.
"Ke ne ke tshohe empa ke motlotlo ha ke ile ka iteta sefuba ho ya etsa diteko. O lokela ho tseba se etsahalang bophelong ba hao. Metswalle ya ka le ba leloko ba ne ba ntsheheditse haholo ka nako eo ke sa ntseng ke emetse sephetho.
"Ke eletsa bohle ho se nke ditlhala tseo ba sa utlweng hantle matsweleng hanyane - ha di hlahlojwa di sa qala leha di le kotsi, di kgona ho laoleha di tloha feela mme o tla phema bohloko ba pelo boo o neng o tla bo utlwa ha o fihla ka mora taba."
2
Lillian Dube: "Ke na le matswele a betere le ho feta pele jwale!"
Ntho e nngwe e tshwaetsanang ya sebapadi sena, ke lentswe le hae le phefa ha a tsheha - le tlhala e nang le kankere e sa tswa ntshwa letsweleng ka Tshitwe selemong se fetileng ha e a kgona ho le theola.
"Ke ne ke na le tshabo ya lefu le bolayang ka sehloho," ho bolela yena. "Lefu lena le nthutile hore kaofela re na le letsatsi lena la kajeno feela la ho phela mme ha re a lokela ho ikgathatsa ka letho le leng. Ntho ya pele eo ke neng ke e etsa, ke ho isa ditloholo tsa ka matsatsing a phomolo - la pele, ka kgona ho ba etsetsa seo ba se ratang."
Ho tloha ha Lillian a ne a qala ho itlhokomela, ho isa ho a se a etswa ditekong ho fihlela ka nako eo a neng a bitsetswa ho ya etswa opereishene. Ho ne ho tshosa mothong ya kileng a tlwaele ho kgothalletsa basadi ho etsa diteko tsa Pap smears kgafetsa le tsa mammograms ka mora selemo nakong eo a bapalang karolo ya Sister Bettina ho Soul City.
"Ke ne ke ena le basadi ba banyenyane, ba dilemo di 25 sepetlele, le bona ba alafelwa kankere ya letswele," ho bolela yena. "O tlameha ho hlahloba matswele a hao ka hloko kgwedi le kgwedi mme hape o etswe ditlhahlobo tsa mammogram jwalo ka selemo.
"Tlhala eo e ne e le teng le selemong se ka pele e ne e mpa feela e le nyenyane haholo hore e ka hlokomeleha. Hoja ebe ke ile ka dula nako e ka hodimo ho selemo ho feta moo, ho ka be ho buuwa tse ding.
"Seo dingaka di ileng tsa se etsa feela, ke ho ntsha ditlhala tseo mme jwale ke bile ke nahana hore matswele a ka a matle le ho feta pele pele"
Ikopanye le CANSA ho 0800-22-66-22 bakeng sa ditlhalosetso tse ding le dikeletso ka kankere ya letswele le tlhahlobo ya yona esitana le mekgatlo ya tshehetso e sebakeng sa heno.
