sotho.2243.legalfebnew
TSEBA DITOKELO TSA HAO
Kgweding ena: tseba seo o tlamehang ho se etsa ha o kopana le mapolesa mmileng
O TSHWERWE MEBILENG
Mapolesa a ne a nkemise, a mpolella hore ha ke a lefella dikotlo tsa ka tsa tlolo ya molao wa tsela mme ho se ho ntshitswe le lengolo la hore ke kwallwe. Ba re ke lokela ho ema moo nakong eo ba sa ntseng ba emetse hore ba seteishene se seng ba romele lengolo leo. Ke ne ke kope ho tsamaisa lesea la ka lapeng ke kgutle, ba halefa - ka tshepiswa hore ke tla nehwa tekete e nngwe ya ho sitisa sepolesa ho etsa toka.
Ho ne ho fele dihora tse tharo ke le moo, ba hana leha ke re ke tla ikela seteisheneng sa sepolesa. Ba re ke lokela ho tsamaya ka koloi ya mapolesa ke pepile ngwana. Ke bona eka ke tlatlapilwe. Ho lebala ho lefa tekete ya tlolo ya molao wa tsela feela, ho se ho ka etsa hore ke tshwarwe jwalo ka lepantiti. Ke sefe seo nka se etsang ho itshireletsa mapoleseng a mebileng ha ke lebetse ho lefa ditekete tsa ho tlola melao ya tsela?
KELETSO YA SCORPION
Lengolo la hore mokganni a tshwarwe ha le ntshwe feela hobane a sa lefella tekete, empa ke ha a sa ka a fihla kgotla mohla a neng a bitsitswe. Hona ho bontsha ho tella lekgotla.
Ke tsena dintlha tsa bohlokwa:
BOHATO 1: Ha o nehilwe tekete ya tlolo ya molao wa tsela, mmileng kapa e rometswe ka poso, ha o tsherwe ke khamera, o lebellwa ho lefa pele ho letsatsi le boletsweng moo. Ha o ka lebala ho lefa, hona ho ka etsa hore:
BOHATO 2: Ha o ka tlolwa ke nako ya ho lefa, o romellwa samane.
Ha o ka etsa phoso, hoo ha ho bolele hore o se o nkwe jwalo ka senokwane se lonya.
Ha ke o nyatse ka ho halefiswa ke tsela eo o neng o tshwarwe ka yona. Ho na le melao eo mapolesa a mebileng a lokelang ho e latela mme bakganni bohle ba lokela ho tseba ditokelo tsa bona.
Ke tsena ditlhalosetso:
Lepolesa le lokela ho o bontsha khopi ya lengolo le le dumellang ho o kwalla. O ke ke wa tlamellwa ho emela lengolo nakong eo le sa ntseng le emetswe.
O na le tokelo ya ho tsebiswa ka ditokelo tsa hao tse kenyeletsang le mabaka a etsang hore o tshwarwe.
Athe haeba ho tlatlatjwa ditokelo tsa hao tsa botho, o ka nna wa itseka ka thuso ya mmuelli.
Ka mora hore o tshwarwe lengolo leo dumelang hore o kwallwe le lokela ho hlahiswa hanghang.
Haeba o sa hopole samane, kopa hore ba o bontshe bopaki ba seo. Leha ho le jwalo ha o na tokelo ya ho e bona ka nako eo o seng o tshwarwa, ba molaong, ba ka o bontsha yona ka mora nakwana.
Ha re phethela: Ha o lebala, ngola dinako, sebaka le lepolesa leo o neng o tobane le lona. Hona ho tla o thusa mohlomong ha o se o batla ho itseka. [s]
SAMANE
Samane e tla o bolella molato wa hao, nako le sebaka seo o tlotseng molao ho sona, le kahlolo eo o lokelang ho e lefa haeba o sa batle ho bitsetswa kgotla.
Ha o nahana hore ba etsa phoso, samane e tla hlakisa hore o tla lebellwa ho hlaha kgotla neng ho ya ipolela hore ha o molato mme o nehwe monyetla wa ho itlhalosa hantle.
Samane e tla o hlokomedisa hore ha o sa lefe, o tla lebellwa kgotla, mme lengolo la hore o tshwarwe le ka nna la ntshwa.
KELETSO YA MOLAO
KELETSO YA BOHLOKWA
Keletso ya bohlokwa eo re ka o nehang yona ke ya hore o phahamele mangolo a dikotlo tsa tlolo ya melao ya tsela ka maoto. O ngole matsatsi ao o lokelang ho lefa ka ona, kapa o boloke bopaki ba hore o lefile haeba o le motho ya lebalang!
SE NKILWE KE DIBONTSHI
O e tlisetswa ke ba ha BONA Legal Advice, Box 32083, Mobeni, 4060 - o ka fumana monyetla wa mahala wa ho bua le leqwetha metsotso e 30 mahala, mohaleng kapa dikantorong tsa bona hohle naheng ena.
Re netefaditse hore dikeletso tsohle; tseo re di nehwang ke tse nepahetseng. Empa nnete ke hore nyewe
ka nngwe e hloka ho fuputswa mme Scorpion Legal Protection (Pty) Ltd, ditho tsa balaodi ba yona le BONA mmoho le baphatlalatsi ba yona, ba ke ke ba rwala boikarabello ha motho a hlotswe ke nyewe hobane a latetse dikeletso tsa rona.
