sotho.2240.cover
BONA SESOTHO - April 2007
Bonaledi ba difilimi tsa marato ha bo a sireletsa Nokuthula Ledwaba wa Backstage mathateng, a ho fellwa le mosebetsi le ho shwellwa
(Setshwantsho se kantle: Mose: Morgan; difaha: Piece).
pale ka PATRICIA McCRACKEN
ditshwantsho ka PETER BAASCH
mekgabiso ya sefahleho le moriri: FAITH SEUOE
setaele ka MARINA WALSH
LE LETONA: "Batho ba bangata ba fellwa ke mesebetsi," ho bolela Nokuthula, "empa ke se ke ikemiseditse ho qala bophelo bona bo botjha." (Mose: Truworths; difaha: Piece).
KA THOKO HO LE LETONA: "Ke sedi haholo ka koloi," ho bolela Nokuthula. "Motswalle wa ka o ne a hlokahale kotsing ya koloi, ke ena le kgwedi feela ke qadile ho Backstage." (Top: Foxy; difaha: Attitude).
LE BOSEENG, Nokuthula Ledwaba (23) o ne a se ntse a itwanela leha ka nako eo ho ne ho sa dubeha jwalo ka mona ho Backstage...
"Nkgono wa ka (ausi wa mme), ho ya ka moo ke mo bitsang ka teng, o ne a lwanela tokoloho mme o ne a mpepa ha a eya dikopanong. "Ka le leng mapolesa a kena ho tla qhala kopano eo leha bomme ba neng ba le moo ba ne ba hatelle hore ke thapelo feela ya bomme. "Ba re ke ne ke eme ka pela bona ka phahamisa letsoho ka re, 'Amandla! Viva Mandela!' Mme ka kgutlela diphateng hape!"
Boitshwaro bo botle, lerato le ho hodiswa ke batho ba lwanelang tokoloho ho nehile Nokuthula diphephetso mme o tseba ho itwanela.
O BAPALA karolo ya Lulu ho Backstage, lehlatsipa la peto - e leng se neng se mo hlorisa moyeng. "Ho na le nako eo nkileng ka tshaba le ho kopana le batho bao ke sa ba tsebeng kapa bona ba nkopang nomoro ya mohala. Ka nako e nngwe ke ne ke phaphama ke bokolle ke bone ekare ho na le motho pela ka."
Bophelong ba hae ba nnete, Afrika Borwa yohle e tseba hore Nokuthula le ba bang bao a sebetsang le bona ba feletswe ke mosebetsi. Ba qetela ka Motsheanong ha filimi ena e dilemo di supileng, e fela ka Phupjane.
"Re ne re tshohe ha re qala ho utlwa taba ena," ho bolela Nokuthula. E ne e le Labohlano ka Hlakola mme yena le basebetsimmoho ba bang ba iketsetsa moketjana wa matshediso, ba nwa ba fetisa mathata.
"Ke amohetse ho fela ha Backstage," ho bolela yena. "Re tsebile selemong se fetileng hore filimi ena e hula ka thata. Ho bohloko empa nnete ke hore motho o lokela ho tswelapele le bophelo.
"Ho bapala ho yona ho mputse mahlo. Ke fihlile ke se na le thupelo empa ke ithutile dintho tse ngata ka ho hatiswa ha filimi.
"Ke bile lehlohonolo ha ke kgonne ho nehwa monyetla ona. Ke sebeditse ka bokgabane bo boholo mme ke ikemiseditse ho etsa jwalo le ho o mong o motjha - hona ke qaleho ya bophelo bo botjha."
NOKUTHULA ka nako e nngwe o batla a tshwana le Lulu..."E, ke nnete, ke a phapha hape ke bohale - ha ke batle ho iswa hodimo le tlase. Empa Lu yena o bohale ho mpheta nna ke dumela hore nnete ka nako e nngwe e lokela ho hlahiswa ka mokgwa wa bonono hore e tsebe ho amoheleha."
Nokuthula o hodisitswe ke bomme ba babedi.
"Ke ne ke nehwe mme ya tla nkgodisa ha ke ena le selemo feela mme ka bolellwa taba eo ha ke ena le dilemo tse hlano. Mme ya moholo o ne a mpolelle hore nna ke e mong wa bana ba lehlohonolo ya nang le bomme ba babedi! Nkgono ke yena ya neng a etse qeto hobane a le moholo ho mme ya ntswalang.
"Ha ke le dilemo di 18, ke ne ke be tjhiki haholo - ha ke lakatse ho boela ke eba jwalo hape. Ha ke rate tse ding tsa dintho tseo ke neng ke di etsa kapa ke dumela ho tsona!"
Empa ha ho ntho e mpe e se nang molemo hobane ke hona nakong ena moo a neng a qale ho ba le dikamano le mmae.
"Ka qala ho dula le yena ka 2001 ha ke qala ho ba sebapadi mme bobedi ra ithuta ka tsa bonono, ra ba metswalle."
HAPE Nokuthula le mmae ba boela ba ithuta ho amohela koduwa - yona ngwetsi ena ya malapa ohle a Afrika Borwa.
"Ke yena ya nthutileng hore ke tsebe hore lefu la EITSI le teng e le nnete ha se tshoso feela. O ne a bolawe ke lona ka Pudungwana selemong se fetileng.
"Ho bohloko ho shebella motho eo o mo ratang a fela letsatsi le letsatsi, a be betere, a boele a kule hape. Ho iphapanya lefu lena ho ke ke ha re thusa ka letho. Ho a rutwa ka lona empa ho bonahala ekare ha ho a lekana.
"Ho a swabisa hore ebe re sa ntse re phela ka hara batho ba kgollwang hore ho robala le bana ba dilemo di supileng kapa ba so kang ba etsa thobalano hohang ho ka alafa EITSI. Nahana feela ka palo ya basadi ba betwang letsatsi le letsatsi ba be ba ime mme ba tshwaetsehe ka EITSI!
"Brazil ha se naha e ruileng empa e hlokomela baahi ba yona. Batho ba bangata mona ha ba na tjhelete ya ho reka kalafo ya di-ARV ntle ho moo ho na le dikgutsana tseo tse ding tsa tsona di nang le dikgwedi feela di tswetswe. Mme le yena o ne a hlokahale a sa ntse a emetse kalafo ya di-ARV.
Sena ke se sa ntseng se etsahala le bathong ba bang mme se utlwisa bohloko bo tshabehang. Afrika Borwa e lokela ho nka bohato ka pele. Re hlokahallwa ke batswadi le matitjhere, ke mang ya tla hodisa bana, a ba kenye tseleng""
Nokuthula, o ithutile bokgoni ba ho itseka ho nkgonwae. Jwalo ka ha a se a kgonne ho bo hlahisa le ho Backstage, o tla tswelapele le ka mora yona mme le tla mo bona le mehwantong, a etsa seo ho tshehetsa ba bang le ho hopola mofu mmae.[s]
'Bomme ba ka bobedi ba nthutile ho itwanela'
Ke tla itwanela
Seo o sa se tsebeng ka Nokuthula
n O a bina, o bapala diletsa tsa mmino mme o se a ngotse pina eo ka yona a neng a hopola mofu mmae.
n O boulella metswalle ya hae mme hape o a ba hlokomela leha ba intshitse ho ya ditlelapong.
n O atlehile leha a sa fumana thupello e ntle ya mosebetsi o ne a qale Positive Arts mane Soweto.
n Moratuwa wa hae o ngola difilimi, o hlahile tlasa naledi ya Virgo - empa ha a dumele hore lebitso la hae le phatlalatswe!
n O tsheha batho ba sa tsebeng ho bitsa lebitso la hae hantle ba mo bitsang Noxie.
BONA SESOTHO - April 2007
