sotho.2237.metropolitan
BONA - August 2005
SE kgathatsehe - ha o tseba, inshorense e ka o sebeletsang hantle. Tjhelete o lefellang inshorense ya koloi kapa ya ntlo, ke karolonyana feela ya tjhelete o ka e lefang ha koloi ya hao e ka senyeha kotsing kapa hona ho aha ntlo ya hao ha e ka tjha. O ka nna wa etsa ntho e tshwanang bakeng sa ho sireletsa bophelo ba hao molemong wa ba lelapa la hao.
Hopola hore ka inshorense o itshireletsa tahlehelong ya tjhelete e ka o hlahelang ka hore o itshireletse dikhampaneng tse arohaneng tsa diinshorense.Tjhelete ena ya kgwedi le kgwedi e kgona ho sireletsa tahlehelo ho sohle seo le dumellaneng ka sona mme sena sohle se etsahala ha bobebe ha:
n Tjhelete ena ya kgwedi e badilwe hantle ka nepo mme e lefuwa hantle ka nako.
n Monga inshorense le yena ha a fumane tahlehelo ya letho.
O ka nka letlole la bophelo le tla lefa ba lelapa la hao tjhelete e itseng ha o se o iketse badimong. Bana kapa bajalefa ba hao ba ka tsetela tjhelete eo. Ho molemo hore motho a bonane le moeletsi wa tsa ditjhelete e le hore a tle a tsebe ho kgetha letlole le mo loketseng.
Ha o kgetha mofuta wa matsete, o tla fumana hore bonyane o qala ho dilemo tse hlano. Nako e kana e etsetswa hore e re e fela, monga yona a tle a kgone ho kgola molemo wa phaello e mo tshwanetseng hape le khampane le yona e tla kgona hore e be e se e kgutlisitse ditjeho tsa yona tsa ho hlokomela letlole leo la hao.
Maikemisetso ke hore ha o tsetela nako e telele, le phaello ya hao e a nyoloha. Sena se bakwa ke hore ho ba le nako e anetseng ya ho hola - mme hape sena se tla neha bao o entseng matsete ho bona nako e anetseng ya ho kgutlisa tjhelete eo ya hao moo ba e jetseng teng jwalo ka ho stock exchange le diabong.
Maikemisetso a ho etsa letlole la matsete, ke ho etsa phaello. Qetellong ya nako ya letlole la hao o fumana phaello kapa tahlehelo.
Ho bohlokwa ho tseba hore tjhelete eo o e fumanang e ebe e se e kopantse phaello ho se ho ntshitswe le ditjeho tsohle tseo khampane e bileng le tsona tlhokomelong ya letlole leo la hao. Ka nako e nngwe ho ka etsahala hore o fumane phaello e tlase ha ditjeho tsena di se di ntshitswe
Bakeng sa ditlhakisetso tse ding ka dintlha tsena, botsa moeletsi wa hao wa ditjhelete kapa Metropolitan Life Contact Centre (0860-724-724). [s]
e tsheheditswe
E ba diatleng tse bolokehileng
Beha dikgathatso tsohle tsa hao diatleng tsa inshorense mme o nne o thabele bophelo
BONA SESOTHO - May 2007
Fumana letlole le o loketseng
Endowment: Ke moo o itlamang ho tsetela tjhelete nakong e tlohang dilemong tse hlano ho ya ho tse 30. Tjhelete ya kgwedi le kgwedi e hulwa bankeng ya hao. Jwalo ka di-unit trust, ka yona o ka tsetella lebaka le itseng jwalo ka thuto ya ngwanahao e seng bakeng sa botsofadi ba hao.
Unit trust: Tsona o di reka mmarakeng wa ditjhelete ka nako eo di rekiswang. Ho na le mefuta e mengata ya tsona mme o hloka keletso e le hore o tle o tsebe ho etsa kgetho e ntle.
Retirement annuity: Yona e o thusa ho ipolokela tjhelete ya meja fatshe nakong eo o ntseng o sebetsa. Letloleng lena o fumana tjhelete ya hao ha o se o behile meja fatshe. Letlole lena le o lefa ha o se o beha meja fatshe, o fumana karolo e le nngwe ho tse tharo tsa tjhelete eo o nang le yona ka nako eo ya ho butswa ha letlole leo la hao mme dikarolo tsena tse ding tse pedi o di fumana kgwedi le kgwedi ka mokgwa wa penshene.
Annuity: Ka nako e nngwe o ka fumana tjhelete e ngata ka nako e le nngwe ya penshene kapa ya ho kula, o tla tlameha ho boloka tjhelete eo. Ka ho etsa jwalo, o ka nka mofuta ona wa letlole oo ka ona o tlang ho kenya tjhelete eo ho yona kaofela mme khampane eo ya inshorense e tla nne e tswepelele le yona jwalo ka kgwedi ka ho ya ka tumellano ya lona. Hopola hore phapang mona ho retirement annuities ke hore yona o e fumana ha o se o beha meja fatshe, athe ena yona o lefa khampane tjhelete e nne e tswepelele le yona jwalo ka kgwedi.
