sotho.2232.parenting
Mo tlwaetse pitsana
HA ho nako e behilweng ya ho ruta ngwana ho sebedisa pitsana - ho tla ya ka yena ngwana. Leha ho le jwalo, bana ba bangata ba atisa ho kgona ho etsa sena ha ba se ba le dilemong di pedi - ha ba se ba le dilemo di tharo teng, ba tlameha ba be se ba tlwaetse.
Matshwao o ka bonang ka ona
Ntle le dilemo, e nngwe ya dintho tseo o ka di shebang, ke kgolo ya ngwana. Hore ngwana a tle a tsebe ho sebedisa pitsana ka nepo, o tlameha ho tseba dintho tsena tse pedi - ho dula ho yona esitana le ho ema a tlohe ho yona, a nyolle borikgwe ha e le wa moshanyana.
Ngwana o tlameha ho tseba ha a batla ho rota kapa hona ho ithoma.
A mang matshwao re ka bala ha a dutse a ingongorehisa ka wena kapa ba bang hore hobaneng le sebedisa ntlwana kapa ha a se a bona phapang pakeng tsa leleiri le metsi le nang le mantle mmoho le le hlwekileng.
Ena ke yona tsela ya ho bona ha ngwana a se a loketse ho sebedisa pitsana. Ha ngwana o sa mo tentsha leleiri mme a rota, ekaba o a hlokomela ho re letamo leo le fatshe le ebe le bakilwe ke yena.
Ha le qala
Nako e nepahetseng ya ho ruta ngwana ho sebedisa pitsana, ke ha o mo hlapisa. Mo hlalosetse mosebetsi wa yona mme o mo kope ho dula ho yona mme ha a ka kgona ho rota, o mo rorise. Ha a ka rota ha nngwe feela, a ka nna a ho rata hoo mme a lakatse ho pheta hape. Ha ho le jwalo, o ka eketsa dinako tsa ho sebedisa pitsana eo. Haeba a hana, mo qeke.
Haeba e le ngwana ya mafolofolo, ha a na rata ho senya nako ka ho dula pitsaneng, o ka mo qeka ka ho mo phetela pale esitana le ho mmalla buka.
Mo rotise kgafetsa
Ha ngwana a se a kgona ho dula ntle ho leleiri, ho molemo hore o mo tlwaetse ho sebedisa pitsana kgafetsa. Pitsana ke ntho ya ho bolokwa kamoreng ya ho hlapela, empa ho molemo ho e boloka haufi le moo ngwana a bapallang teng hore a se sokole.
Ha a phonyohetswe
Ngwana jwale o se a tlwaetse ho sebedisa pitsana mme ha a sa rata leleiri... o bona e se e le ntho ya masea! Ke ditaba tse monate tsena, empa o hopole hore e ntse e le ngwana, o ntse a tla phonyohelwa, a se sebedise pitsana, lebella dintho tse kang tseo, o se mo shape, eo ke karolo ya kgolo ya hae.
Matsatsi ha a tshwane
Jwalo ka ha o ntse o mo ruta ho sebedisa pitsana, o tla bona a e tlwaela, empa ho tla etsahala ka tsatsi le leng a se rate ho hang ho e sebedisa. Maemong a jwalo, se fele matla, mo phomotse dibekenyana a sa e sebedise mme o boele o qalelle hape.
Ho itshwara
O se lebelle hore ngwana o tla tseba ho sebedisa pitsana a kgone le ho itshwara ha a batla ho ya ntle. Ho ena taba, ho ya ka bana ho fapana.
Bosiu
Ho mo ruta ho sebedisa pitsana bosiu ho tla mo nka nako e teletsana mme ka nako eo, o tlameha ho mo tentsha leleiri bosiu. Mo qale hanyane hanyane ho mo ruta ho sebedisa pitsana bosiu ka hore a qale e sebedise pele a kena dikobong.
Dikeletso
O se kgathatsehe hore bana ba bang ba etsa eng. Kgetha nako e nepahetseng eo o ka rutang ngwanahao ho sebedisa pitsana ka yona.
Sheba matshwao a etswang ke ngwana a jwalo ka ho hula leleri ha le le metsi kapa a ithomme.
Ho ba bobebe ho ruta ngwana ho sebedisa pitsana ha a apere diaparo tse kgonang ho theoha le ho nyoloha ha bobebe.
Ha o eta le yena, mo tshwarele diaparo tsa ho tjhentjha ha ho etsahala phoso.
Bashanyana ba tla fumana ho le bobebe ho dula setulong sa ntlwana ho ena le ho rotela sejaneng se tlwaelehileng sa moroto.
Se tlohele ngwana ho itutudisa.
Ha ngwana a sebedisitse
pitsana - mo rorise. Ha a sa e sebedise, le teng se mo omanye.
Tsela e bobebe
"Re lehlohonolo ho ba le jarete e nyenyane. Jwalo ka ha moraka jwale a se a loketse ho sebedisa pitsana, ho bile ho bobebe ho nna jwalo ka ha e le hlabula hobane ho a tjhesa, o itsamaela ka borikgwana mme o rotela kantle moo a bapallang teng. Ka lebaka lena,
ho mo ruta ho sebedisa pitsana, e bile bohato bo bobebe haholo."
BOTSWADI
E ba le mamello! Jwalo ka ha o tseba, dintho di etsahala ka dinako tse sa tshwaneng. Haeba ngwana a bontsha ho se lokele ho sebedisa pitsana, se ka ikgathatsa, boela o leke hape nakong e tlang.
Se ngongorehe hore bana ba bang ba phakisa ho ithuta. E ba le mamello o shebe matshwao ngwaneng wa hao.
O tla o bontsha ha a se a ho loketse hoo...
Haeba a so ho lokele, se fele matla, mo emele ho fihlela a ho lokela
MO REKELE KOLOYANA
DiKOLOYANA tsa bana di a bitsa mme di fumaneha mabenkeleng a rekisang dintho tsa bana tsa mefuta, dibopeho, mebala esitana le manane a fapafapaneng.
Matsatsing ana, tse ratwang haholo ke tse mabidi a mararo, ka hoo ke ana maele a seo o ka se shebang...
Bapisa le dilemo tsa hae: Sheba hore koloyana eo e etseditswe ba dilemo di kae. Ha se tsona tsohle tse etseditsweng bana ba dikgwedi di ka tlase ho tse tsheletseng.
E shebile kae?: Tsena tse mabidi a mararo hangata ho tsona ngwana o dula a furalle, e leng seo bomme ba bangata ba sa se rateng.
Hlahloba mabidi: Mabidi ha a le maholo, koloyana eo e tsamaya hantle. A hlahlobe hore na a kenya moya kapa tjhe, ha a kenya moya, sheba hore na a na le ona kaofela.
E a kopetswa: Haeba o tla e kenya koloing, sheba hore na e kopetseha ka bonolo kapa tjhe, le hore e boima ho le ho kae hore o tsebe ho e kenya le ho e ntsha ka hara buthi ya koloi.
E na le mokotla: Sheba hore na e na le dibaka tsa ho tshela. Bomme ba bangata ba rata ho tshela dintho tse kang maleiri, dintho tsa ho bapala, mokotla wa hae le tse ding dintho.
HAPA!
Se fetwe ke monyetla ona o babatsehang wa ho ikgapela
koloyana ya mofuta wa Jeep Wrangler Twin kapa ya
Single Sport All-Weather Stroller e bitsang R3 000!
Ena ya mofuta wa stroller e boima ba 10,5kg mme e na
le dintho tse ngata tse kang setulo se butshabutsha,
mopheme wa letsatsi esitana le di-shock-absorber
mme lebidi la ka pele ke lona le kgona ho thinya,
e boetse hape e na le dinaka tse nang le rekere tse
tshwarehang hantle. O ka kenela ka ho romela
lebitso, aterese le mohala ho:
BONA/Jeep Giveaway, Box 32083, Mobeni 4060,
kapa o romele JEEP ka SMS ho 35919. (SMS ka
nngwe e bitsa R3.) Letsatsi la ho kwala: Tshitwe 31, 2008. [s]
