sotho.2230.Bridges
Maqephe a projeke ya Bona
BONA SESOTHO - August 2006
Kamehla re dutse re potapotilwe ke tegniki - re bua ka dintho tse kang Internet le diselefounu tseo o ka kgonang ho shebella theleveshene ho tsona. Re ka bona bohlokwa ba tegniki eo dinthong tse re potapotileng mme kgatisong ena re shebisisa indasteri ya meaho haholoholo marokgo.
Dintlha tsena di qotsitswe letotong la Technology TODAY le phatlalatswang ke ba ha Maskew Miller Longman.
Letoto lena la TODAY ke la bana ba Grade 7 ho ya ho Grade 9.
Meaho ya marokgo
Marokgo ke mohlala wa meaho e etseditsweng ho nka merwalo e boima. Marokgo a bohlokwa haholo bophelong ba rona. Ke tharollo e kgolo mathateng a rona a ho tshela dintho tse kang mebila, diporo tsa terene, dinoka, dikgohlo esitana le lewatle. Ho tloha kgale, batho ba ne ba sebedisa dintho tse ngata esitana le meaho ya mefutafuta ho etsa marokgo a tiileng. Dilemong tse diketekete tse fetileng, pele ho sebediswa ditshepe le konkreite, batho ba ne ba etsa marokgo ka dithupa le majwe bakeng sa ho tshela dikgohlo le dikgohlwana.
Ditshiya tsa marokgo
Ditshiya di ne di sebedisetswa kahong ya marokgo. Ditshwantsho tse ka ho le letona di bontsha mefuta ya ditshiya marokgong a mefutafuta.
Borokgo bo nang le sekgeo se selelele dipakeng tsa ditshiya Afrika Borwa ke arch bridge. Ke se bolelele ba dimitara tse 272 ntle le tshiya dipakeng. Mmila wa teng o bolelele ba dimitara tse 216 ka hodimo ho noka ya Bloukrans.
Marokgo a moralo o kang kgwedi
Pele ho hlahiswa marokgo ana a ahilweng ka ditshepe, a ne a ahwa ka majwe. Sekgeo se pakeng tsa ditshiya se bitswa span. Ho ne ho le boima ho etsa ditshiya tse otlolohileng ka majwe. Ba fumana e nngwe tsela. Tharollo e ne e be ho etsa moralo o sedikadikwe. Ona ke moralo o tshehetsang ona o ka hodimo.
The Bloukrans River bridge e hodima Garden Route.
Tower Bridge ya London e na le ditshiya tse pedi tse phahamang ha ho le teng sekepe se hlokang ho feta tlasa borokgo.
Borokgo bo parolang ka hodima mmila o mong bo ahilweng ka konkreiti.
E loketse bana ba dilemo di 8-14.
1. Etsa borokgo o ntse o latela setswantsho.
2. Bolela dikarolo tse nne tsa mofuta ona wa suspension bridge:
(a) Ditshiya tse kgolo tsa dithapo: Ke ditshiya tse tlohang ntlheng e nngwe ho ya ho e nngwe. Wena o ka sebedisa leha e le kgwele.
(b) Ankere: Ena ke karolo moo dithapo tsena tse kgolo di faseletswang teng. Ke e fe karolo eo borokgong ba hao-
(c) Suspension cables: Borokgo bo itshwareleditswe ke dithapo tsena.
(d) Setupi sa borokgo: Ke borokgo ka sebele, moo ho tsamauwang teng. O sebedisitse eng borokgong ba hao-
Cable-stayed bridges
O mong mofuta o motjha wa marokgo ke o bitswang cable-stayed bridge. Jwalo ka suspension bridge, le bona bo tsheheditswe ka dithapo. Re ka etsa mohlala ka bo bitswang Nelson Mandela bo bohareng ba Johannesburg bo neng ba qale ho sebetsa ka 2003. Bo matha hodima diporo tse 42 tsa terene. Maikemisetso a maholo a ho aha borokgo bona e ne e le ho hlonepha presidente ya mehleng, Nelson Mandela. Ba ne ba rate ho etsa borokgo ba tiileng bo bileng bo kgahlehang.
Re fana ka Francolin
Illustrated School Dictionary for Southern Africa tse hlano!
Romela dikenelo tsa hao ho:
Francolin Illustrated School Dictionary for Southern Africa Giveaway
Maskew Miller Longman
PO Box 396, Cape Town, 8000
Se lebale ho kenya lebitso, aterese, mohala esitana le lebitso la sekolo sa heno.
Teko: Akanya mofuta wa suspension bridge
O tla hloka: ditulo tse pedi, kgwele kapa thapo, dikhatebote (tsa mabokoso a maholo), sekgorametsi.
BONA SESOTHO - August 2006
Suspension bridges
Le ona marokgo ana a harehileng ha a ya tlameha ho ba malelele haholo hobane a ka ba boima. Ka hoo, ho e ho sebediswe dithapo tse tenya tse bobebe ho ena le ditshiya. Borokgo bo bitswang Forth River bridge bo setshwantshong se ka ho le letshehadi ke bona bo boholo ba mofuta ona o tsheheditsweng ka dithapo.
Suspension bridge e entsweng ka ditulo
lo, dithapo le dikhatebote.
kgwele e tenya
Borokgo bo bitswang Nelson Mandela.
kopanya dikotwana tseo tsa kgwele ka ho di tlama mafito
dikhatebote tse kopantsweng
Dimpho!
