sotho.2224.supermodel
SETLANAKA SA HO KENELA
Tlatsa setlankana sena mme o se romele ho BONA Model, Box 473014, Parklands, 2121. (Se lebale ho kenya setshwantsho sa hao se feletseng.)
Lebitso: .........................................................................................................................Aterese: ............................................................................................................................................................................................... Khoutu: .....................................................
Mohala/Selefounu: ....................................................................................................
(Ka kopo re bolelle eo o fumanehang ho yona motsheare.)
Dilemo: ......................................................Boima: ......................................................
Boholo ba mose: ......................................Boholo ba dieta: ..................................................
FESHENE
Sa rona se pele
Jwale ke nako ya hore le wena o bonahale o itjele ka tsa feshene ya moraorao!
KGWEDING ena sebontshi sa BONA se pele ke mabotle enwa ya mahlahahlaha, Milisa Fitoki (22). Ke wa North Riding, Joburg. Ha jwale ha a sebetse, e kile yaeba mothusi wa mookamedi khampane e nngwe empa toro ya hae e kgolo ke ya ho ba sebontshi mme o sebeletsa ho e fihlela jwang kapa jwang! Ha o bona hore o na le se hlokahalang, o ka nna wa hlahella leqepheng lena la rona la feshene. Ho sa kgathallehe hore o jwang, re batla banna le basadi ba seemo se fapaneng le boholo.
Ha o bile lehlohonolo la ho kgethwa hore o be sebontshi se latelang sa BONA, o tla fumana sephuthelwana sa dintho tse ntle tse tswang ha BONA, ho kenyeletswa le CD e nang le ditshwantsho tsohle tsa hao.
RE NGOLLE KAJENO
Ha o batla ho ba sebontshi sa BONA se pele sa tsa feshene, o ka:
Tlatsa setlankana sena sa ho kenela.
Kenya setshwantsho sa hao se feletseng. Kenya omfolopong mme o e romele ho: BONA Model, Box 473014, Parklands, 2121.
Ha o bile lehlohonolo la ho kgethwa, re tla buisana le wena! [s]
E ba sebontshi
ELA HLOKO: 1. Ha re batle ditshwantsho tsa ba tsotseng.2. Ditshwantsho di ke ke tsa kgutlisetswa ho beng ba tsona. 3. Ho romela tsa hao ha ho bolele hore o se o kgethilwe. 4. Qeto ya mohlophisi ke yona feela e tla amohelwa mme ha ho ngollano e tla dumellwa.
