sotho.2223.boxer
Re bua le Bongani Mwelase
O tseleng e lebang tlhorong... Bongani ho 2006 Commonwealth Games, moo a neng a hlahelle mme a ballwa hara bomampodi ba ditebele ba lefatshe.
O a bua - o na le neo e makatsang ditebeleng - a ka nna a ballwa hara boraditebele ba etsang papadi ena e be mahla-a-hlala jwalo ka ha re lebelletse
SETUMO. Leha e le seo o se batlang, seo o ikemiseditseng ho se sebeletsa ka thata empa ha se hangata e bang seo o neng o se lebelletse. Moafrika Borwa ya Bongani Mwelase, mampodi wa lefatshe wa welterweight o se tseba hantle seo. "Setumo se a ntshwabisa," ho bolela yena. O bile o re yena le ba lelapa la habo ba tseba hantle mathata a setumo, ke phephetso e kgolo e fetang le ya ho lwana ka sedikadikweng.
"Ke ne ke batla setumo empa ke ne ke sa hlokomele ka moo ho leng boima ka teng ho tsamaya hara setjhaba ha o tumme," o boletse jwalo mampodi wa rona ya dutseng a rwetse kepisi hore batho ba se ke ba mo hlokomela.
"Barati ba ditebele ba a mpokanela ha ba mpona mabenkeleng a maholo le renkeng ya ditekesi ba mpotse sena le sane. "O lokela ho ba sedi ha o bua le bona hobane ba bang ba tla nahana hore o a tella.
Mwelase, o dula le batswadi ba hae le bana babo ba bararo lekeisheneng la Orange Farm, mane Joburg mme o tsamaya ka dipalangwang tsa setjhaba hobane a se na tjhelete e lekaneng ho ithekela koloi.
"Ha ke na le tshupanako ena," o boletse jwalo.
Tjhelete
"O tiisitse," ho bolela mmae, Thoko. "Ebile naledi feela e se nang tjhelete. Bongani o ne a fumane R14 000 ka sekola sa hae sa bompodi ba lefatshe. Ke bile ke nahana ho bokelletsa tjhelete ke mo rekele koloi!"
Empa Bongani o na le tshepo e tiileng ya hore ka le leng o tla ba le yona tjhelete. "Tjhelete ebile nyenyane hobane ke ne ke le mophephetsi," ho hlalosa yena. O dumela hore pele ho nako e kae le yena o tla be a ena le tjhelete ya ho ithekela diaparo tse bitsang.
Na a ke ke a tsamaya mehlaleng ya Baby Jake Matlala le Dingaan Thobela" "Pele ke hapa dikgau tsena, banyefodi ba ka ba ne ba re ke atile ka molomo. Ke a tshepa jwale ba hlokometse hore ke ne ke bua tsona!"
O futsitse nkgonwae ka ho bua. "Nkgono o ne a bua. Le sekolong ke ne ke dutse ke phehisana le matitjhere." Molomo oo wa hae le ditebele tse matla, ke tsona tse etsang hore dipapadi tsa hae di lebellwe ka mahlo a matala e leng se kgahlang batshehetsi ba bangata, se sa etsahaleng ho ba bang.
Basadi
Mwelase o re haesale a ena le metswalle e mengata ya basadi ho feta ya banna hobane bona ba ba le mona ka katleho ya hae.
Leha ho le jwalo, ho na le enwa a le mong ya pelong ya hae. "Ha ke so mo tsebise ho ba lelapa la heso mme ha ke na ho bua letho ka yena ha jwale," ho bolela yena.
Mmae o batla hore a inehele ka ho feletseng ditlhophisong tsa hore a sireletse sekola sa hae ka katleho ho feta hore a kene dikamanong tsa marato. "Ho ba mampodi ya se nang tjhelete ha se ntho e ntle hohang," ho bolela yena. "O tlameha ho sebetsa ka thata mme a ipokeletse tjhelete. Ka mora moo a ithekele ntlo hobane ditebele ha se mosebetsi wa nako e telele."
Bongani ke lefahla le Siphiwe, eo le yena e leng raditebele. "Ka matsatsi a mang mafahla ana a tsoha a etswa mokola," ho bolela mmabona Thoko Mwelase. "Ke tlamehe ho ba hatisa ka leqhwa phatleng ho leka ho o kwala.
"Sena ke sesupo sa hore motho o lokela ho phakisa a sebetsa ka matla ditebeleng, a iketsetse tjhelete mme a tswe pele bophelo ba hae bo senyeha." [s]
BONA SESOTHO - February 2008
Bokella tjhelete pele!
pale ka FORCE KHASHANE
Lefahla la Bongani, Siphiwe (le letshehadi), le lona le kene ka matla ditebeleng.
