sotho.1120.legal
O e tlisetswa ke ba ha BONA Legal Advice, Box 32083, Mobeni, 4060 - o ka fumana monyetla wa mahala wa ho bua le leqwetha metsotso e 30 mahala, mohaleng kapa dikantorong tsa bona hohle naheng ena.
Re netefaditse hore dikeletso tsohle; tseo re di nehwang ke tse nepahetseng. Empa nnete ke hore nyewe
ka nngwe e hloka ho fuputswa mme Scorpion Legal Protection (Pty) Ltd, ditho tsa balaodi ba yona le BONA mmoho le baphatlalatsi ba yona, ba ke ke ba rwala boikarabello ha motho a hlotswe ke nyewe hobane a latetse dikeletso tsa rona.
O ka lelekelwa
ha ba bang ba utswa
MATHATA
Ke ne ke sebetsa khampaneng e kgolo ya dikhemikhale, lekaleng le etsang sesepa sa meno.
Ha ne ho robeha metjhini kapa ho lahleha dipakana tsa sesepa, tse ding di fumanwe difestereng kapa ka nqane ho terata. Ha totobala ho bohle hore ho a utsuwa. Leha ke ne ke tseba hore ho na le ba utswang empa ke ne ke sa utswe nna.
Ha bitswa ditsebi ho fuputsa botlokotsebe bona. Ha etsuwa diteko tsa motjhini wa ho utlwa ba buang leshano mme leha ke ne ke se e mong wa mashodu, empa ke ne ke tseba hore ke bomang.
Khampane ya hatella hore ke ba bolele ka mabitso mme ba re ha ke sa etse jwalo ke tla qoswa. Ka hana. Ke ne ke tshaba, ba ne ba tla ntlhekefetsa, bang ba bile ba ntshepisitse lefu.
Komiting ya kgalemo ka fumanwa ke le molato mme ka lelekwa. Ba lelapa la ka ba a lapa jwale mme ha ke kgone le ho fumana mosebetsi o mong. Na ho na le seo nka se etsang ho lwanela ditokelo tsa ka?
KELETSO YA SCORPION
Ho ya ka molao wa basebetsi, bohle ba lokela ho tshepahala ho bahiri ba bona. Hona ho bolela hore ba lokela ho etsa se tla kgahla bahiri ba bona ka dinako tsohle.
Ha re etsa mohlala...
Ha ba na tokelo ya ho qala kgwebo e tshwanang le ya mohiri ka nako eo motho a sa ntseng a sebetsa.
Ha ba na tokelo ya ho sebedisa makunutu a kgwebo ya mohiri ho qothisana lehlokwa le yena kapa le kgwebo ya hae.
Ba tlameha ho sireletsa lebitso la mohiri wa bona mmoho le dietswa tsa hae.
Ba sireletse thepa yohle ya mohiri.
Tsena tsohle ke tse molaong wa Afrika Borwa. Leha wena ka sebele o sa utswa empa o tlameha ho fuputswa ha ho ena le pelaelo.
Ha mohiri a se a sa o tshepe, mme a o bitsetsa komiting ya kgalemo, o na le tokelo ya ho o leleka ha a bona ho hlokahala.
Ha mosebetsi a hana ho bolela diketso tse mpe tse etswang ke ba bang, le yena o nkwa a le molato.
Ho tloha ka 1994, Lekgotla la Basebetsi le ne le etse qeto ya hore seo ke tlolo e molaong mme mosebeletsi a ka lelekwa.
Lekgotla la Basebetsi la Boitseko le lona la dumela hore basebetsi ba lokela ho nka bohato ho feta hore ba itholele feela ba bona dintho di senyeha, ba lokela ho thusa bahiri hore ho etswe toka, ntle ho moo, ba nkelwa bohato le bona.
Empa leha ho le jwalo, Scorpion Legal Panel e dumela hore ka thuso ya maqwetha, o ka hlophisetswa lengolo la kano leo ho lona o tla totobatsa maemo a hao le se etsahetseng mme o kope tshwarelo ka qeto eo o neng o e nke mme o ba kope ho qala nyewe ya hao fatshe. Mohlomong ba ka o thusa le ho o fumanela mosebetsi o mong osele.
Se nyahame pelo, o tla o fumana mosebetsi o mong - mme o se lebale ho hlahisa maemo a hao, a hore o ne o lelekwe ka lebaka lena mosebetsing mme o hlokometse phoso ya hao, o ke ke wa e pheta hape. [s]
KELETSO YA MOLAO
BA NE BA LELEKWE KAOFELA
Ka 1998 ho kile haeba le nyewe e batlileng e ba jwalo, khampane e neng e sa kgone ho fumana hantle hore ke mang ya neng a nyopisa merero ya yona ya kgwebo ka ho thibela dikoloi tsa bona tseleng mme di thujwe.
Ya romella basebetsi bohle mangolo a kgalemo e ba laela hore ba fuputse hore ke bomang bana ba thubang dikoloi tsa khampane mme ba bolelle baokamedi. Tsa boela tsa thujwa hape mme khampane ya ba laela basebetsi kaofela ho hlahisa baetsi ba diketso tseo tse mpe metsotsong e 20 ntle ho moo kaofela ba a lelekwa.
Bao ba hana mme ba fela ba lelekwa kaofela ha bona jwalo ka ha ho boletswe. Bahiri ba ne ba se molato hohang ka bohato boo ba neng ba bo nkile. Ba ne ba lokela ho sireletsa khampane ya bona.
O ne o lokela ho kopa tshireletso
BONA SESOTHO January 2009
SE NKILWE KE DIBONTSHI
