Sotho.2208.trivdec
lPanthera tigris ke tsona diphoofolo tse bohale le hona ho ba kgolo ho feta tsohle tse jang nama.
lDi fumaneha haholo mane India mme bongata ba tsona di dula merung le diphuleng moo o ke keng wa di hlokomela ha bonolo.
lTse tona di boima ba 180kg ho ya ho 325kg ha tse tshehadi tsona di le boima ba 120kg ho ya ho 180kg. Tse tona di fihlella boleleng ba 3,3m ha tse tshehadi tsona di fihlella ho 2,75m.
lDinkwe ke tsona tse meno a malele a bohale a dintjanyana ho feta dikatse tsohle tse hlaha.
lDinkwe di tsoma di le notsi mme di hlola diphofu tsa tsona ka boholo ba mmele ya tsona le ka matla. Di tshwara le hona ho hatella diphofu tsa tsona fatshe mme di di kgaole mehano. Phofu e kgolo haholo di e kgaola qoqotho.
lNkwe ho thwe e ka tlola terata ya bophahamo ba dimitara tse pedi e nkile phoofolo ya boima ba 50kg.
lTshebediso ya boya ba tsona e fokoditse dinkwe mme dinkwe tsena di kentswe lenaneng la diphoofolo tse kotsi lefatsheng.
Fumana lentswe
BONA SESOTHO - December 2006
BONA
Tsohle ka...
nkwe
Fumana lentswe ka ho bala o lebisa pele, morao, hodimo, tlase kapa o tshekalla. Bala ka tatelano o sa tlole tlhaku. Tsikeletsa lentswe leo o le fumaneng mme o le hlakole lenaneng la a lehlakoreng.
Maqephe a boithabiso
Grace Robin ke motho wa pele wa ho sebedisa di-contact lensese ka selemo sa 1930
Mofuma-hadi wa Rock & Roll
DITLHAFU tsa hae tse telele, moriri o molelele le lentswe le makgerehlwa, eo he ke mokaubere wa mmino wa Rock, Tina Turner.
Lebitso la hae la nnete ke Anna Mae Bullock mme o hlahile mohla 26 Pudungwana, 1939 US naheng ya Tennessee.
Ha a le dilemo di 16, o ne a fallele St. Louis, Missouri mme a ipabola haholo ka ha a ne a bina le Ike And Tina Turner Revue ka dilemo tsa bo 1960 le 1970.
Ke ka yona nako eo a neng a tumme haholo dipapading tsa kalaneng.
Lentswe la hae le ne le kgabola kgafetsa diradiong lefatsheng ka bophara ka ditlabolane tse kang A Fool In Love, River Deep, Mountain High and I Want to Take You Higher.
Ike le Tina ba ne ba nyalane ka 1962, empa ya re ka dilemo tsa bo 1970 lenyalo la hae la qala ho ba le dikgathatso.
Ba ne ba hlalane ka mora dilemonyana ba phela ka bofutsana. A hlahisa albamo ya mosollane.
O qadile hape ho ipabola ka 1984 ka Private Dancer. Albamo eo e ne e atlehe haholo mme Tina a boela a "ipabola" hape.
Ka Tshitwe 2005, Tina Turner o ne a hlontjhwe ka kgau ya Kennedy Center Honors, moketeng o neng o le John F. Kennedy Center For The Performing Arts mane Washington, DC. Le yena o ne a kene sehlopheng sa ba pele jwalo ka Aretha Franklin, Michael Jackson, Ray Charles, Little Richard le Chuck Berry.
Konsarete ya hae ya ka 2000, e ne e be yona e pele mane Leboya Amerika selemong seo. Le ka mora ho phatlalatsa hore o beha meja fatshe ho nna a hahlaula, empa o ne a ntse a tswelapele le ho bina.
NA O NE O TSEBA" Botjheng ba hae, Tina o ne a leke ho fetola mmala wa moriri wa hae ka bleach mme wa fothoha. Ho tloha hoo, o se a rwala diwiki.
Ditadi tse lokileng!
O KE KE WA KGOLWA Hore ditadi ha di tshabe ditlou. Ha o ya serapeng sa diphoofolo, o tla fumana ditadi di dula mmoho le ditlou. Ditadi di ja dijothollo le jwanng bo fumanehang moo sakeng la ditlou.
Thatolla
BONA SESOTHO - December 2006
Hlahlamanya mantswe ana ka nepo
Dipapadi tsa mefutafuta
TAXIIIIII!
Lebitso lena "taxi" ke la Sekiriki le bolelang "ho eta."
Ditekesi tsa pele e ne le dikariki tse neng di hulwa ke dipere tse neng di qale ho sebetsa mane Paris le London mathwasong a dilemo tsa bo 1600.
Khampane ya pele ya ho ba le ditekesi tse itsamaisang ke ya Stuttgart, Jeremane ka 1897.
Ka 1907, rakgwebo wa mane New York, Harry Allen ya ba yena wa pele ho penta ditekesi tsa hae ka mmala o mosehla ka mora ho hlokomela hore mmala ona o bonahala ha bobebe leha o le sebakana.
BONA SESOTHO - December 2006
BONA
NA O NE O TSEBA"
Khampane e kgolo ho feta tsohle lefatsheng ya ditekesi e fumaneha Mexico City. E na le ditekesi tse ka hodimo ho 60 000.
Bontsha tsebo ya puo ya hao. Setshwantsho ke mohlala wa seo o se bonang"
Maqephe a boithabiso
Koduwa e tshabehang
Chernobyl ke toropo e ka leboya ho Ukraine. Sebakeng se ka bang 14km ka borwa ho sebaka sena ke Chernobyl Nuclear Power Plant, sebaka se kileng sa ba le koduwa e so kang e bonwa.
Ka lebaka la bohlaswa ba batsamaise ho ne ho phatlohe hoseng ha mohla la 26 Mmesa 1986. Mashala a hasane hohle.
Batho ba fetang 100,000 ba ne ba ntshuwe sebakeng seo le ditorotswaneng tse haufi le sona.
Ntle le hobane ho ntse ho na le se bakang kankere sebakeng seo, empa batho ba ka bang 800 ba boetse hape ba dula moo Chernobly.
Mmuso o ntshitse mapolesa a ntseng a lebetse maemo le ba lekang ho hlwekisa sebaka seo. Leha ho le jwalo batho haholoholo ba baholo ba kgethile ho boela malapeng a bona hona sebakeng seo.[s]
Kgau e pele ya Oscar e seng ikile ya haptjwa ke filimi"
Direkote tse 11 di kile tsa arolelana Lord Of The Rings: Return Of The King, Ben Hur le Titanic.
