sotho.2203.microlending
Hobaneng mmuso o batla o dule o futsanehile
Dilemo di 15 jwale ho kentswe molaong molao wa bomatjhonisa - empa ho fihlela jwale ho sa ntse ho ena le masisapelo a mangata ho feta katleho. Etsa hore 2007 e be selemo seo o tla kgutlisetsa dintho taolong ka sona
HO TLOHA ka 1992, bomatjhonisa ba se ba qositse diketekete tsa Maafrika Borwa, mme hona ho etsa hore ba se hlole ba dumellwa ho reka ka mokitlane.
Bomatjhonisa ba adimana ka tjhelete e fihlellang dibilioneng tse R30 ka selemo Afrika Borwa - mme ba sebedisa monyetla ona haholo bathong ba futsanehileng," ho bolela Blade Nzimande, modulasetulo wa Financial Sector Campaign Coalition.
Dilemong tsa bo 1980, Profesara Mohammed Yunus e ne e le lesupatsela la bomatjhonisa mane Pakistan. Matsapa a hae a hore ho adingwe batho ba mahaeng tjhelete ka phaello e nyenyane a ile a etsa hore a hape 2006 Nobel Peace Prize.
Sharda Naidoo, setsebi sa ntshetsopele ya moruo sa Johannesburg se ipotsa hore ho tlile jwang hore Afrika Borwa e kope leano le letle hakaale empa e qetelle e ena le bomatjhonisa ba lefisang batho dipersente tse fihlellang ho tse 30 ka kgwedi e leng se etsang hore naha ena e be e nang le batho ba fumanang meputso e tlase ka ho fetisisa - R2 000 ho ya ho R4 000 ka kgwedi?
Dilemong tse ka bang 80 tse fetileng, ho ne ho behwe molao wa ho laola tjhelete ya tswala e le hore borakgwebo ba se je setjhaba tsuo. Empa seo ha se a thusa bafutsana hohang.
Ba ne ba seollwe, ba se ke ba hlola ba adingwa tjhelete, ba fetoha lefa la bomatjhonisa ba seng molaong ba ba lefisang phaello e kgolo. Ka 1992, ka lebaka la ho kgothatswa ke ka moo bomatjhonisa ba neng ba thusa ntshetsopeleng ya moruo wa ba futsanehileng naheng ya Asia le Latin America, mmuso wa moo wa dumella batho hore ba adingwe tjhelete e sa feteng ho R6 000. Empa ho se ditlhalosetso tsa bohlokwa setjhabeng - ho fihlela kajeno ka 2007...
1: Baahi ba kwano ba adimang ditjhelete ha ba tsebe ho itshireletsa
"Leha dilemong tsena kaofela ho ne ho ena le molao o re sireletsang, empa ha ho matsapa a etswang ho ruta Maafrika Borwa hore o bolelang," ho bolela Nceba Mafongosi wa Black Sash. "Bang ba nahana ha e le mokgwa feela wa tjhelete ya phaello e seng hore ke seo ba hlokomediswang ka sona."
Ho bua nnete, pele bomatjhonisa ba ne ba bitsa batho phaello e menahantsweng ha leshome tjheleteng eo dibanka di e bitsang. Empa leha ho le jwalo ba ne ba sa kgotsofale. Ka 1999 ba hatellwa ke makgotla a dinyewe ho hlakola phaello.
Bareki bao pele ba neng ba sa dumellwe ho adingwa tjhelete, dintho tsa tjhentjha jwale le bona ba adingwa leha e le hore ba ne ba iphumana ba lefiswa phaello e fihlellang dipersenteng tse 60 ka selemo athe ba e lefella ho fihlella dilemong tse tharo ba lefa 1 000.
Lefatsheng lohle kgwebo ya bomatjhonisa ka kakaretso e nkwa e le e hlekefetsang. Empa Afrika Borwa e bonahala e hola haholo.
Reserve Bank e qeteletse e se e behela le ba sa ingodisang molao. Ka nako eo re neng re ngola pale ena, ka R10 000 motho o ne a dumellwa hore a lefiswe tswala e ka hodimo ho dipersente tse 20 ka selemo. Athe eka hodimo ho eo tswala ya yona ha e a dumellwa ho feta 17% ka selemo. Empa ho teng moo ba o tshwarang teng...
2: Bongata ba batho ba adimanang ka ditjhelete ha ba hlonephe molao
Ke nnete hore bomatjhonisa ke karolo e nyenyane feela ya mathata ana. Dipersente tse 80 tsa mekgatlo ya bomatjhonisa e shebehala ekare e molaong - hobane e sebedisana le dibanka. Ho bonahala ekare ba tla ata haholo bomatjhonisa ba mofuta ona jwalo ka ha Molao wa National Credit o tla kena tshebetsong ka Phupjane.
Dikoloto tse ding tse kgolohadi ke tsa ho reka thepa ka mokitlane, ka dikarete tse mabenkeleng tseo le tsona di shebahalang di bolokehile empa e le difi. Empa ha o di shebisisa hantle dikgwebo tsena, o tla bona hore di sebetsa hantle jwalo ka bomatjhonisa - hohang ha ba tsotelle ditokelo tsa hao tsa tshireletso ya molao.
Bomatjhonisa bana kaofela le dibanka, ba neha bareki monyetla wa ho reka mme ba lefe ka mora nako, bona ba nehwe monyetla wa hore ba tla etsetswa molemo ha ba ka ingodisa tlasa mokgatlo wa Micro Finance Regulatory Council (eo jwale e seng e le National Credit Regulator) mme ba behelwa melao ya tshebetso e kenyeletsang le hore ba se nkele motho karete ya hae ya bankeng hape ba se batle le nomoro ya hae ya lekunutu. Bona ba dumellwa hore ba lefise motho tswala eo ba e ratang - ha ba mo adimile tjhelete!
Ekare ba lefshwa tjotjo hore ba itshware hantle - empa batho ba adimang tjhelete bona ba fumana kotlo e tshabehang. Fenetjhara e rekwang ka mokitlane hangata motho o lefiswa tswala ya dipersente tse 50 ka hodimo ho tjhelete e behilweng ka molao, ha re etsa mohlala, tjhelete ya kadimo e tla kgutliswa ka nako e kgutshwane motho a ka lefa ho tloha dipersenteng tse 10 ho ya ho tse 150 ka hodimo ho eo molao o e dumeletseng.
Ha ho makatse hore ebe Themba Godi wa PAC o bitsa maemo ana hore ke paradeise ya dinokwane.
3: Matsapa a ho o sireletsa ha a sebetse
Jwale ke bomatjhonisa ba sa ngodiswang feela ba sa ntseng ba laolwa ke molao. Bona ha ba bitsa tswala e ka hodimo ho eo ya molao, ba ka nna ba qoswa - empa leha ho le jwalo, ha ba qoswe hobane MFRC ha e na basebetsi ba lekaneng hore ba ka latela dinyewe ka tshwanelo. Ka hoo, ho na le bomatjhonisa ba sa ngodiswang ba sa ntseng ba sebetsa leha ho le jwalo.
"Lefapha la tsa Kgwebo le Diindasteri le nehilwe matla a feletseng a molao ho ya ka moo Nzimande a bolelang ka teng. "Molao ona ha o hatellwe hobane ha ba na ditlhoko tse lekaneng tsa ho etsa jwalo."
Ho fihlela jwale, ke Maafrika Borwa a dimilione di 18 ao e sa ntseng e le mahlatsipa a ho lefiswa tswala e fihlellang ho 360, ho ya ka motlatsi wa mookamedi wa DTI, Astrid Ludin ya dumellanang le ditlaleho tsa palamenteng tsa National Credit Bill. Hobane...
4: Bongata ba batho ba adimang ditjhelete ha ba tsebe letho ka tswala
Ke ka hona ba welang matsohong a dinokwane. Mohlomong ha motho a batla R500 ka thata mme matjhonisa a re a ka mo neha ka tswala ya dipersente tse 15 ka kgwedi - ekare ha e ngata hakaalo hobane e ka tlase ho tse 30 tseo motswallae a di lefileng. Empa seo o sa se bolellwang ke hore o tla e lefiswa nako e kae. Ho dutswe ho bolelwa ka sekgahla sa tswala, empa bomatjhinisa bona ba o lefisa e kgolo.
Ho fumana hantle palo ena, o ka phetapheta tswala eo ya bona ka 12 - mme hangata o tla fumana hore o lefiswa dipersente tse 180 ka selemo. Ha o e lefile selemo kaofela teng, e qetella e fihleletse dipersenteng tse 360!
5: Ke ona mmuso o re fetolang bafutsana
Ka mora dikgetho tsa 1994 Letona le letjha la Kgwebo le Diidasteri le ne le ipiletse ka tlhekefetso ena ya bafutsana mme la hatella hore ho theolwe tjhelete ya tswala ka hore bomatjhonisa ba ngodiswe e le hore batle ba laolehe. Empa seo ha se so etsahale le kajeno.
Ba itshireletsang jwalo ka Leon Louw wa Free Market Foundation, ba re monyetla ona wa ho adingwa tjhelete o tla thusa bafutsana ka ha ba ne ba sa tlo e fumana dibakeng tse ding. Athe banyefodi ba molao ona bona jwalo ka Financial Sector Campaign Coalition le Black Sash, ba dumela hore o dumella dinokwane tsena ho qhekella setjhaba letsatsi le letsatsi.
Tlasa molao o motjha, tswala e tla arolwa dikotwana tse hlano mme bongata ba tsona di tla be ntse di le ka hodimo ho ya hona jwale. Empa Gabriel Davel wa National Credit Regulator o na le tshepo ya hore molao ona o motjha o tla laola tswala jwalo ka dinaheng tse ding tse kang Australia.
"Naheng eo, tjhelete ya tswala e ka tlase ho e behilweng ka molao hobane tlhodisano e matla," ho hlalosa yena. Empa banyefodi ba kang Collette Caine, mohokahanyi wa Financial Sector Campaign Coalition, o tshaba hore ho latela nalane ya Afrika Borwa, bomatjhonisa ka nna ba nyolla tswala ba batla ho fumana dibilione ka selemo. Ho sa kgathallehe hore ba tla etsang ba tlohele eng, empa re lokela ho ba sedi haholo pele re adima tjhelete hobane...
6: O lokela ho itlhokomela
"Bomatjhonisa ba bang ba re ha ba hatellwa ho bitsa tswala e itseng, hoo ho ka putlamisa kgwebo ya bona ho bolelang hore ba bang ba ka nna ba sebeletsa sephiring," eo ke tlhokomediso ya Mafongosi wa Black Sash.
Pele ho kenngwa tshebetsong molao wa National Credit Act, bomatjhonisa ba tla be ntse ba leka ho hohela batho ho ba adima ditjhelete tlasa molao ona wa kgale. Etsa bonnete ba hore o tla kgona ho busetsa tjhelete eo o e adimileng.
Manie van Schalkwyk, wa Credit Information Ombud o eletsa ka hore motho a leke ho tsamaya a shebisisa matjhonisa ya nang le tswala e betere pele o ka adima tjhelete ho yena. Hara Maafrika Borwa a mahlano, o mong feela ya nang le rekote e ntle ya ho lefa dikoloto, ka hoo, sebedisetsa monyetla ona molemong wa hao.
"Bafutsana ba kotsing e kgolo ya ho kena dikolotong mme ke ka hona ba dutseng ba qhekellwa ba lefiswa haholo," ho bolela Nzimande. "Setjhaba sa habo rona se futsanehile mme mekgatlo ya ditjhelete e lokela ho se thusa e seng e thuse barui feela.
"Re lokela ho etsa matsapa a hore le baahi ba bangata ba Afrika Borwa ba kgone ho reka ka mokitlane mme ba lefe tswala e amohelehileng - hona ho tla thusa naha ya habo rona esitana le dikgwebo ka botsona." [s]
BONA SESOTHO - January 2007
Bareki ba bohlale ba botsa pele ba reka ka mokitlane - empa ho ba bangata ho re etlo motho a se a kene a kgamathisitse dikolotong.
BONA e a fuputsa
BONA SESOTHO - January 2007
u
pale ka PATRICIA McCRACKEN
ditshwantsho VAL ADAMSON
(ba ditshwantshong ke dibontshi)
5 mekgwa ya ho intsha dikolotong ka 2007
1. Adima tjhelete ho matjhonisa ya nang le tswala e tlase - hona ho tla etsa hore le bona ba qetelle ba theotse tswala.
2. Leka ho adima ho credit card hobane tswala ya yona ha e boima haholo. Ba bang ba batla hore o be le moputso o fihlellang ho R1 000 feela ka kgwedi. Empa e sebedise ka hloko.
3. Botsa ka phapang pakeng tsa tswala ya kgwedi le ya selemo. Tshwara khaletjhuleitara hore o tsebe ho e bala hantle.
4. Hlophisa hantle pele o bula sekoloto.
5. Kopa thuso ka mathata a dikoloto kantorong e haufi le wena ya Black Sash, e Kapa, Thekong, Johannesburg, Port Elizabeth, Knysna, Grahamstown le Pietermaritzburg; o ka boela wa kopa dikeletso dikantorong tsa molao tse haufi le wena; nomoro ya bona ya mahala ya NCR ke 0860-100-406.
t
Netefatsa hore o kgona ho lefa mokitlane wa hao
BONA SESOTHO - January 2007
KA HODIMO: Ke lehaha la madimo hobane motho o lefiswa tjhelete e ngata haholo le ho feta e lefiswang ke bomatjhonisa.
