sotho.2202.unathi
Unathi Nkayi
Leha Unathi a le maphathephathe radiong empa morahae ke yena motho wa bohlokwa bophelong ba hae.
BONA SESOTHO - June 2007
pale ka DOUG GORDON
Ke setlabolane se setjha sa Metro FM, o na le bamamedi ba fihlellang dimilioneng tse tsheletseng ha a se a palame maqhubu a FM a le mmoho le DJ Glen Lewis lenaneong la ha le rapama Drive Home Show...
E KA NNA ya eba thatohatsi ho bamamedi ba Metro FM jwalo ha le rapama lenaneong la drive home show, empa Unathi Nkayi o sa ntse a patile mohwasa ha jwale. "Ke motjhoba mona," ho bolela yena. "Molao wa pele wa katleho ke hore motho a thole, a mamele mme a bapale mmino, mmino feela."
Metro FM e keteka dilemo tse 21 selemong sena e ena le leihlo le ntjhotjho la ho bona ka moo neo e leng ka teng. Ngwahola, e ne e le naledi ya hip-hop ya YFM, DJ, Bad Boy T, eo jwale a seng a le lenaneong le ratwang la breakfast show la Metro. Kajeno ke Unathi (28) eo albamo ya hae ya bobedi e hlahiswang ke sehlopha sa Kalawa, se nang le dibini tse pele tse kang Bongo Maffin, Mafikizolo le Mahoota.
O re haesale a batla ho ba sebohodi mananeong a dinako tse ratwang haholo ho tloha ka nako eo a neng a fihla Joburg a tswa yunivesithi Kapa Botjhabela dilemong tse robedi tse fetileng.
A pheela ho fihlella takatso eo ya hae ho tloha le ka nako eo e neng le sebohodi sa lenaneo la Castle Loud ho SABC1 mme ka 2002 a iphumanela mosebetsi wa mafelo a beke ho YFM a sebetsa mmoho le RudeBoy Paul.
"Ho ne ho le thata. Mathaka a mangata a ne a sa thabele ho mpona ho TV mme ba ne ba hlola ba mpolelletse, ba re: 'Se tlwaele ho ba moyeng.'"
Dikakapa tse kang bo Glen, Fresh, Bob Mabena le mohatsae Zandile Nzalo, Rudeboy Paul, le moratuwa wa hae, DJ Thomas 'Bad Boy T' Msengana ba ne ba behile Unathi leihlo.
Mookamedi wa mmino wa Metro, Leo Manne o dumela hore Unathi o loketse seteishene sena hantle.
Manne o re e ka nna ya eba e mong wa batjha ba Jozi ba nang le neo empa boitshwaro ba hae le bophelo ba hae ba lapeng ke seo re se batlang seteisheneng sena sa 96.4 FM.
"Ntho ya bohlokwa bophelong ba ka ke moraka," ho bolela Unathi.
"E, ke se ke sebetsa le Thomas jwale, empa ha re sa bonana haholo hara beke.
"O tsamaya lapeng ka 4.30 hoseng ho ya lokisetsa lenaneo la hae la hoseng nna ke tsamaye hang ka mora dijo tsa motsheare ho ya kopana le Glen.
"Sinako o dilemo di pedi le halofo feela mme o bohlokwa haholo bophelong ba ka," ho bolela Unathi.
"Ke thabela nako efe kapa efe eo ke e fumanang ya ho ba le yena."
Leha Unathi a lekile ho phema diphehisano dilemong tse hlano tse fetileng empa ho tloha ha hae ho Yfm, a eya ho Metro ho ile ha totobatsa hore o kene mmarakeng wa Jozi wa semphete-ke-o-fete.
Mohlala o mong ke wa ha ho ne ho tlalehwa koranteng ya Sontaha hore Unathi o tshwerwe a kganna ke lebelo le hodimo haholo mohla Letsatsi la Ditokelo tsa Botho. O ne a leba Sharpeville a tsamaya ka lebelo la 186km/h, ho ya ka moo koranta eo e neng e bolele ka teng. Ho thwe o ne a lle meokgo qhi! A kopa tshwarelo mapoleseng ao a neng a batla ho mo kwalla tjhankaneng.
Mookamedi wa hae, Lupi Ngcayisa, o ile a bolela hore seo sohle ke mopoto. "E, ke nnete o ne a kganna ka lebelo le hodimo empa e seng ka 186km/h.
"Hape haeba o nahana hore Unathi ke mofuta wa mosadi ya ka bokollang ha a le mathateng, o a ithetsa hantle jwalo ka yena moqolotsi ya neng a ntlaleha koranteng eo."
Unathi o hola ka matla selemong sena mme o bile o re dipina tsa hae tse ntjha di tla bontsha seo.
Ho ingolla le ho ikgatisetsa albamo ya hae ya bobedi faboriking ya mmino ya Kalawa mane Midrand ke bohato bo boholo haholo mosebetsing wa hae wa mmino hantle jwalo ka ho sebetsa mmoho le dinaledi tse pele seteisheneng se seholo sa mmino wa pop. "Ka itshepa haholo jwale," o boletse jwalo ka pososelo. "Morethetho o tlwaelehile empa mantswe ona ke a botshepehi.
"Ke a ithabisa ka dipina tsa banana tse kang Give Me My Heels, empa ho boetse hape ho na le tse ding tse nang le molaetsa o matla.
"Amadoda, ha ke etsa mohlala, ke e buang ka banna ba sa holeng, ba leshano, ba boi, ba dutseng ba batla ho hlokomelwa le ho etsetswa dintho bophelo bohle ba bona jwalo ka bashanyana ba banyenyane." [s]
Unathi ke setlabolane
BONA SESOTHO - June 2007
Unathi le mosebetsimmoho le yena Glen Lewis.
