sotho.2192.parenting
Botswadi
tataiso ya ho hodisa bana hantle
BONA SESOTHO - December 2006
Ya bomme le bontate....
Ebe o kena
tlung"
Jwalo ka mme ya itsibolang, o kgathatsehile haholo ka letsatsi la ho kena tlung. Na o tla kgona ho bona ha nako e fihlile"
O KE KE wa e nahanela hohang, o tla utlwa ka mmele wa hao hore ke nako...
Ekare o a pepa
O utlwa eka o kena tlung empa ho se jwalo, mahloko a pelehi a utlwahalang eka a selomi empa se seng matla. Leha ho se ho be hakaalo, ho mme ya itsibolang ho ka nna ha utlwahala e le ntho e kgolo. O qala ho utlwa mahloko ana dibekeng tse mmalwa pele ho nako ya ho pepa. Mahloko ao a nka metsotso e mmalwa pele a inyamella ka boona.
A thusa ho nolofatsa popelo hore e lokele nako ya pelehi. A ka nna a hlasela neng kapa neng ha letsatsi le leholo le ntse le atamela. Ha mahloko ao a se a le matla, a nka nako e telele mme hape a bile a kgutla kgafetsa, seo e ka nna yaeba sesupo sa hore e fihlile nako.
Lesea le a hlaha
Hang ha lesea le nka bohato ba pele ba ho hlaha, mahloko a tla ba boima haholo popelong.Seo ke sesupo sa hore le ka nna la hlaha neng kapa neng dibekeng tseo tse latelang.
Ho tswa lero
Ka nako ya pelehi, molomo wa popelo o tla buleha butlebutle ho bulela lesea tsela le lero le reberebe le neng le kwetse popelo boimaneng le tla tswa. Ha seo se etsahala, tseba hore e fihlile nako eo e leng kgale e lebeletswe.
Ho tswa metsi
Lero le metsi le neng le sireleditse lesea boimaneng le lona le tla tswa. Sena se etsahala nakwana pele a qala ho opelwa hape. Ke ka nako eo o tlang ho tlameha ho leba sepetlele hobane tseo tsohle ke sesupo sa hore ke nako ya pepehi.
O ya sepetlele neng
Hang ha mahloko a se a hlasela kgafetsa mme hape a bile a le boima, ke nako ya ho ya sepetelele.
Empa ha o kile wa ba le mathata ka nako e fetileng, ho molemo hore o hle o bonane le ngaka hanghang ha o qala ho bona se o belaetsang.
ka NONHLANHLA KHUMALO
Hlooho ya lesea
Lehlabula ho monate haholoholo bakeng sa bana hobane ba bapala ha monate kantle letsatsing. Empa mahlasedi a bohale a letsatsi a ka nna a ba kotsi ho bona. Sireletsa bana mahlaseding a bohale a letsatsi...
u Ba tlotse ka setlolo sa sunscreen: Ha ho kgathallehe hore mmala wa letlalo la hao o jwang, o ka nna wa tjheswa ke letsatsi ha o dutse ho lona nako e telele. Ditlolo tse sireletsang letsatsi tsa bana le batho ba baholo di a fumaneha mabenkeleng a maholo mme di molemo haholo.
u Netefatsa hore bana ba nwa metsi: Masea a ka nna a fellwa ke metsi mmeleng ka bonolo. Nwesa bana metsi hobane a tla ba thusa hore ba se fellwe ke metsi mmeleng hape ba se futhumale tlolo ya molao.
u Ha ba phomole: Ho dula letsatsing nako e telele ho ka etsa hore motho a tjhe mme a fellwe le ke metsi mmeleng. Hopotsa bana hore ba se bapalle letsatsing nako e telele. Nako le nako ba tle ka tlung ho tla phomola kapa ho nwa metsi. Masea ona a lokela ho sireletswa letsatsing hobane mmele ya ona e thefuleha ha bohloko ke motjheso.
u A tentshe tse phodileng: Masea a tshaba mofuthu ka hoo a tentshe tse phodileng. A rweswe le katiba ya letsatsi ha a tswela kantle.
TSHILA phuaneng ya lesea ke ntho e tlwaelehileng. Batswetse ba bangata sena se ba kgathatsa hampe, ba nahana hore e tla ama bophelo ba masea a bona hampe. Ha o le e mong wa bona, kgoba matshwafo hobane ha e kotsi hohang.
Tshila eo ke maemo a letlalo la hlooho ao sesosa sa ona e leng oli e bitswang sebum, e thusang ho boloka letlalo le phetse hantle. Maseeng, oli ena e tswa tlolo ya molao phuaneng ke ka hona letlalo le qetellang le se le shebahala le le ditshila.
Tshila ena e shebahala jwalo ka kgoo ya letlalo kapa sona sekerefole se seng se kgorametse ka thata letlalong. E matla hona phuaneng empa ka nako e nngwe e tlala hlooho kaofela. Ho nolofatsa karolo e amehileng ya letlalo ho ka thusa hore tshila eo e tlohe ka bonolo. Tlotsa lesea ka petroleum jelly kapa ka olive oil mantsiboya mme o le hlatswe ka shampoo ka le hlahlamang o ntano kama moriri hore tshila eo e phahame. Empa leha ho le jwalo o se e fefe ka thata hobane seo se ka etsa hore lesea le kenwe ke tshwaetso. Dula o etsa jwalo kgafetsa ho fihlela letlalo le hlweka ka ho feletseng. O ya ngakeng neng:
n Ha e se e le matla haholo tshila eo phuaneng e ka nna ya iphetola lekgopho le hlohlonang le tla hloka kalafo ya dingaka.
n Ha e hana ho tloha kapa e namela dikarolong tse ding tsa mmele, e etsa hore a be le makgopo a mafubedu, seo ke sesupo sa tshwaetso.
Se tjheswe ke letsatsi
lehlabuleng lena
Ha lesea le ena le tshila phuaneng, se kgathatsehe - ho tlwaelehile
BONA SESOTHO - December 2006
t
Ho phumulwa ke leleiri
Lesea ha le phumulwa ke leleiri letlalo le ba lefubedu mme eke le ruruhile. Sesosa ke ho dula le le metsi nako e telele. Moroto o na le 'ammonia' e bohale haholo letlalong le bonojwana la lesea.
Ha lesea le sa tjhentjhwe ka tshwanelo, letlalo la lona le tla phumuha le qetelle le kgophohile. Ho tjhentjha leleiri kgafetsa, o bile o tlotsa letlalo ka setlolo se mafura ho thusa lesea hore le se phumulwe ke moroto.
Ha le sa alafshwe, ho ka nna ha etsahala hore le qetelle le kenwe ke tshwaetso mme ho hlokahale thuso ya ngaka.
Ho kgopholwa ke letsatsi
Masea ha a tsebe ho laola mofuthu mmeleng. Lesea le tshepetse ho motswetse ho le phodisa ha ho tjhesa kapa ho le futhumetsa ha ho bata.
Ha letlalo la lesea le se le tjhesa tlolo, le ka nna la kgophoha le retele mmeleng le sefahlehong. Sena se bolela hore o lokela ho fokotsa diaparo tsa lona kaha le futhumetse tlolo.
Lekgopho la motjheso ha di kotsi empa lesea le lokela ho phodiswa ntle ho moo le ka nna la akgeha e leng se kotsi haholo.
Lekgopho
Dikgoo le letlalo le hlohlonang di ka nna tsa hlasela sefahleho le maphethe a dirope le diphaka. Lesea le tla dula le ingwaya le bile le tsetsela.
Dijo le ho se utlwane le dintho tse ding tseo re phelang hara tsona le hona ho ka nna ha kgophola mmele wa lesea.
O ka le thusa ka ho le rekela dintho tseo le ka di kenyang ka hanong hore le lome tsona bakeng sa ho ja meno ha le ingwaya ntle ho moo meno a ka nna a robeha mme jwale ho qale mathata a tshwaetso.
Lekgopho ke sesupo sa hore maemo a bophelo a a senyeha mme ho hlokahala lesea le bonane le ngaka.
O ya ngakeng neng
Lekgopho hangata ha le kotsi haholoholo ha lesea le sa kule ka letho. Ho bohlokwa ho bonana le ngaka kapa o ye tliliniking haeba lekgopho leo le tsamaisana le mokgohlane kapa disupo tsa mafu a mang.
BONA SESOTHO - December 2006
lekgopho leo
Qeta
Ha ho ntho e ntle jwalo ka letlalo le bonojwana la lesea. Le le bonojwana jwalo empa le boi haholo, mme le kgophoha ka bonolo le tswe le matheba. Hangata tseo tsohle ha di kotsi empa ka nako e nngwe e ka nna yaeba sesupo sa mathata a maemo a tlwaelehileng a kgolo ya masea...
Ya bomme le bontate....
u
BONA - September 2006
t
Reka ka bohlale
Keresemese e fihlile mme bohle ba leba mabenkeleng ho ya reka dimpho, diaparo le dijo tse monate tsa boithabiso. Ho rera hantle ka seo o tla se reka le ka moo o tla etsa ka teng ho ka o thusa ho phema kgatello e tsamasanang le nako ya Keresemese. O ka etsa tjena...
Qalella: Ngola sohle se hlokwang ke ba lelapa la hao, o qalelle ho etsa letha-thama la tseo o tla di reka!
Siha bana hae: Bana ba bangata ha ba kgone ho itshwara hantle hara sephethe-phethe. Ha o tseba dilemo
tsa bona le boholo ba dieta, o tla be o qetile ha o ilo ba rekela diaparo. O tla phakisa
ho qeta
ho reka.
Se tshware tjhelete letsohong: Bongata ba dikarete tsa bankeng di kgona ho sebediswa jwalo ka tjhelete letsohong. Sena se o bolokela tjhelete leha ka nako e nngwe ho bitsa empa ho bolokehile haholo ho feta ho matha o tshwere tjhelete e ngata letsohong.
Phema ho reka tlolo: Bana ba banyenyane ha ba tsotelle hore o lefile bokae ka phahlo eo o ba reketseng yona. O ka ba rekela diaparo le dintho tsa ho bapala tse theko e tlase.[s]
Dintho tsa ho bapala tsa Barney le ditjhokoleiti di bitsa
R29,95 ka
nngwe ha
Woolworths.
Ya bomme le bontate....
Mokotla wa Barbie o nang le dipompong ha Woolworths o bitsa R29,95.
BONA - September 2006
