sotho.2191.school
BONA SESOTHO - May 2008
Pele-ya-pele
Mbilwi!
Ho na le leqeme la ditlhoko tsa ho ruta dikolong, e leng se etsang hore barutwana ba materiki ba hule ka falese. Le mahaeng a Venda, ho jwalo feela - empa ho na le sekolo se sa hlolweng ke mathata ana. Ke "mohlodi wa tshepo lehwatateng," haesale Sekolo se Phahameng sa Mbilwi se fumana sephetho se setle le hara mathata. NEVILLE MAAKANA o ile teng,Thohoyando ho ya utlwa lekunutu la katleho ya bona...
HO NE ho se polokelo ya dibuka kapa laboratori le ona matlwana ho fihlela ka Hlakubele 2006. Ho tloha dilemong tse 20 tse fetileng, Sekolo se Phahameng sa Mbilwi se Thohoyandou, Limpopo, se fumana sephetho se setle haholo sa materiki.
Mafelong a 2007, barutwana ba 117, ba ne ba pase maths hantle ka higher grade ho materiki. Ke dikolo tse 13 feela tse neng di fihlele maemo ao mme Letona la tsa Thuto, Mme Naledi Pandor, o ne a se kenye ho Club 100, leano le neng le hlahiswe ka 2006 ho nyolla palo ya barutwana ba pasang maths ka higher grade.
Dikolo tseo e leng ditho tsa tlelapo ena, di nehwa moputso wa R25 000 ke First National Bank le R25 000 ke lefapha.
Mbilwi e tswa pele ka maths le science, selemong se fetileng e ne e fumane dinaledi tse 177, ha barutwana ba ne ba le 142.
BONA e tswa sekolong sena ho ya utlwa lekunutu la katleho ya sona. "Re ba le baeti beke le beke, kaofela ba tlela ho tla utlwa hore re etsa kang," ho bolela mosuwehlooho Nditsheni Ramugondo. Letlapa la bona la ditsebiso le tletse ditifikeiti feela tse tlotlang katleho ya bona, ba na le dikgau tse ka hodimo ho tse 80 tseo ba di hapileng.
Boinehelo
"Mona, ho sebetsa ka thata le ka boinehelo ke lepetjo la rona matitjhere le barutwana. Tshebedisanommoho ya rona, bana le batswadi e ntsha sephetho se babatsehang haholo.
Ha ho morutwana ya dumeletsweng ho etsa dithuto ka standard grade hape dithuto kaofela di qetwa ka Phato - ka mora moo, ba se ba ikgopotsa.
Letsatsi le letsatsi ka mora sekolo, barutwana ba ithuta metsotso e meng e 80 ba behilwe leihlo. "Matitjhere a setseng ka tema dithutong, a sebedisa nako ena hape ba thusa le bana ba hlokang thuso e ekeditsweng ka dithuto," ho bolela Ramugondo.
Erekaha Mbilwi e tumme ka maemo a hodimo ho maths le science lebatoweng la Limpopo, e se e hohetse barutwana le ba tswang Mpumalanga le Gauteng.
Selemong sena, Ramugondo o re o ne a tlamehe ho leleka barutwana ba ka hodimo ho 500 hobane ho se ho tletse. Barutwana ba sekolo seo ba 1 785, ha diphaposi di le 31 feela.
"Ha se matlo a rutang," ho bolela Ramugondo. "Ha ke so ka ke bona dikhomputa le polokelong ya dibuka e ruta bana. Hore barutwana ba pase, re hloka ba ikemiseditseng le matitjhere a nang le tjheseho a bileng a kgothatsang bana."
Katleho
E mong wa barutwana ba hlwahlwa ba Mbilwi ba selemong se fetileng, ke Tshimangadzo Rakhuhu (18), ya pasitseng ka dinaledi tse hlano dithutong tse kenyeleditseng maths le science.
O etsa dithuto tsa actuarial science Yunivesithing ya Kapa, Tshimangadzo o re o ne a qale ho sebetsa ka thata ho tloha mohla ho bulwang mme leha lelapa la habo le futsanehile, a ne a robala le bana babo ba tsheletseng, hoo ha ho a ka ha fetola letho.
"Ke ne ke ithuta dihora tse hlano ke se ke setse ke le mong ka kitjhining letsatsi le letsatsi," ho bolela yena. Titjhere ya hae ya maths, Ronald Shikhitha o re ho dula o etsa diteko nako le nako le ho araba dipotso tsa dipampiri tsa ditlhahlobo tse fetileng, ho molemo haholo bakeng sa katleho.
"Sekolong sena, motho ohle, barutwana le matitjhere, o tseba se lebeletsweng ho yena," o boletse jwalo ka boitshepo bo boholo. Thelma Tshilande (17), ya etsang Grade 12, o re barutwana le bona ba ikemiseditse mme ba qothisana lehlokwa ha bohloko. "Ke ntho e ntle haholo eo. Kaofela re sebetsa ka thata hobane re batla maemo a Mbilwi a se ke a theoha," ho hlalosa yena.
Motswadi e mong, Ethel Shavhani, ya ahileng haufi le sekolo o re, Ramugondo ke mohlala. "Ke wa pele ho fihla, e bile ke wa ho qetela ho tsamaya sekolong."
Letona la Thuto la Limpopo, Aaron Motsoaledi ka mora ho etela Mbilwi mathwasong a selemo, o ne a re: "Dikolo tse ding di ka o otla pelo empa sena se o neha tshepo, hore boinehelo ba lefapha le ba matitjhere bo ka ntsha sephetho se setle bo makatsang. "Mbilwi ke mohlodi wa tshepo hara lehwatata."
NewsFirst
Katleho e babatse-hang
Tse ding ka tlotla ya Mbilwi...
Dilemong tsena tse 29, barutwana ba Mbilwi haesale ba pasa ka hodimo ho 80%.
Ka 1995, 1996, 1997, 1998, 1999, 2000, 2002, 2003, 2004, 2005 le ka 2007, barutwana ba ne ba pase kaofela.
Ka 2001, ho ne ho thwe ke sekolo se ntlafaditseng maemo a sona ho di feta kaofela naheng ena.
Ka 2000, morutwana wa Mbilwi o ne a qothisane lehlokwa Dipuisanong tsa United Nations General Assembly Mock mane New York.
Ka 2006, barutwana ba babedi ba ne ba ye Washington DC ka mora ho hapa Kgau Tlhodisanong ya Young Communicators.
PALE LE DITSHWANTSHO NEVILLE MAAKANA
PALEYAKATLEHO
Sekolo sena ke setho sa leano le ikgethang la Club 100 la Letona la Thuto, Mme Naledi Pandor, le neng le hlahiswe ka 2006 ho kgothatsa barutwana ho pasa maths ka higher grade.
BONA SESOTHO - May 2008
Dikeletso tsa hae tse 5 ho barutwana
1. Qala ho itlhophisetsa ditlhahlobo mohla ho bulwang.
2. Fihla sekolong kamehla, o se fetwe ke dithuto.
3. Sebetsa ka thata ka dinako tsohle. Qeta mesebetsi yohle ya sekolo le hona ka boinehelo.
4. Itlhomphe, o hlomphe le matitjhere esitana le batswadi.
5. Eba le seabo diketsahalong tsa sekolo jwalo ka dingangisanong le ditlhodisanong tsa maths le science.
BONA SESOTHO - May 2008
Ngwana ka mong o na le seo a ka thusang lefatsheng la sona
Ke nako ya kgefu Mbilwi.
Thelma Tshilande (le letshehadi) le morutwana e mong Booi Mpho ka phaposing e ntjha ya science laboratory.
Monna ya bohlale
Moetapele eo e leng mohlala...
Nditsheni Ramugondo o phethile degree ya B. Sc le Diploma ya tsa Thuto Yunivesithing ya Fort Hare ka 1984. Ha jwale o etsa dithuto tsa MBA, Management College Of South Africa.
O rutile kholetjheng pele eba mosuwehlooho wa Sekolo sena sa Mbilwi ka 1992. Ha a bua ka maemo a thuto naheng ena, Ramugondo o re ho hloka hlompho ha barutwana le ho se rupellehe hantle ha matitjhere ke ona maemo a hlobaetsang boroko.
"Ke nahana hore setjhaba se shebile sephetho sa materiki feela. Lebaka le etsang hore bana ba bang ba feile materiki, ke hobane ba ne ba sa tsotellwe hantle mephatong e tlase," ho bolela yena.
"O ke ke wa lebella ngwana ho pasa Grade 12 ka bonolo a sa ka a phehisiswa hantle mephatong e tlase."
O re dilemong tse 22 tseo e le titjhere, o ithutile hore ha ho ngwana ya sa tsebeng letho. "Ngwana ka mong o na le seo a ka thusang lefatshe ka sona," ho bolela yena. "Mosebetsi wa rona jwalo a matitjhere, ke ho ba thusa hore ba utulle bokgoni le neo eo ya bona e ikgethang."
Ebe ke sefe seo a se ratang ntle ho hoba mosuwehlooho wa sekolo?
"Ha ho letho. Ke rata sekolo haholo," ho hlalosa yena. "Seo ke se ratang ka mosebetsi wa ka, ke hore ke kgona ho tjhentjha maphelo a batho. Dilemong tse hlano tse tlang, ke tseba hantle hore barutwana ba ka ba bangata ba tla be ba fumana moputso o ka hodimo hole ho wa ka. Empa ke motlotlo haholo ka seo!" [s]
BONA SESOTHO - May 2008
