sotho.2190.yourlifeguide_positive
Criselda Kananda o thusa hore o utlwisise kokwanahloko ya HIV/EITSI
mme a re bontshe ka moo o ka phelang hantle le ha monate ka teng!
K E dumela ha menahano e metle e ka o phedisa. Empa dilemong tse mmalwa tse fetileng ha ke qala ho utlwa hore ke HIV positive, ke ne ke hlabehe haholo, ka ba ka halefa. Hobaneng? Hobane hohlehohle hona ke ne ke nahana hore kokwanahloko e kena ba etsang thobalano le batho ba bangata.
Ka nako eo, ke ne ke dumela ha HIV e ke ke ya kena bathong ba kang nna hobane ke nyetswe, ke etsa thobalano le monnaka feela. Ka nyatsa monna wa ka ka re ke yena ya ntshwaeditseng. Ke ne ke utlwile bohloko bo tshabehang, ka ikutlwa hore kgalefo eo e fetoha tjhefo mmeleng wa ka ka mora nako, hape e se e nama le mmele kaofela. Ka lakatsa eka monna eo a ka bolawa ke EITSI nna ke sale.
Ka nka dikgwedi tse tsheletseng ho hlokomela hore bohale boo ba ka, bo lematsa ditho tsa mmele wa ka. Ka ya ke ntse ke amohela hanyane hanyane hore monna eo o ne sa nnyala ka kgang, le nna ke ne ke batla mme ke batla le ho ba le bana le yena le pele ke etsa diteko tsa madi, e leng se neng se etse hore ke kenwe ke lefu lena.
Ke leboha Modimo letsatsi le letsatsi ha kgalefo eo e tshabelang e kokobetse pelong ya ka, ke se ke ithutile ho itshwarela mme jwale ke sebeletsa ho ntlafatsa bophelo ba ka hore bo be botle.
Ke ithutile mofuta ona wa kalafo ka ho etsa dintho tse molemo mme ke phela bophelo bo hlwekileng - seo le wena o ka se etsang! Mofuta ona wa kalafo o sebetsa ka mekgwa e meraro, mme e hlokahala kaofela ka nako e le nngwe hore o atlehe. E tjena: nahana, sheba o be o utlwe. Ho bolelang hore ha o nahana, o bile o bua ka molomo, o tla kgollwa seo mme se fetohe nnete. Ka qala ho:
nahana tse monate feela
ka ipona ke phetse hantle ka kelellong
ka ba ka ikutlwa jwalo mmeleng, ka ba mafolofolo.
Pele o qala kalafo ena, o hloka ho etsa lethathama la mantswe a monate, a o thabisang, a etsang o ikutlwe o phetse o bile o keke wa sitiswa ke letho. Ha re etsa mohlala, o ka kgetha lefe feela hara mantswe ana a bolelang thabo e tebileng moyeng wa hao. Mohlala wa ona ke: ho phela, botle, tshepo, maikemisetso, mafolofolo, tokoloho, thabo, nyakallo, kgothatso, lerato, mmino, ho qala botjha, ho phuthuloha, borui, ho ikgethang, tshepo, bohlokwa, botjha, boleng le tjantjello.
MEHOPOLO E METLE
Ke o nehile mehlala, le wena o ka iketsetsa lethathama la a hao a tla ba matla ho wena. Nahana ka ona. Bua ka ona. Ngola ka ona. A kenye ditakatsong tsa hao ka dinako tsohle. O tla ba seo o se nahanang.
MEHOPOLO LE MAIKUTLO
Mehato ena e a tsamaisana. Ha o nahana ka dintho tse ntle, o tla ikutlwa eka le wena o hara tsona, o be mafolofolo. O hema kganya ya letstasi mme o ntshe kgatello. Kganya e kena mmeleng wa hao ka masobana ohle a letlalo. Le mehopolo e mebe e tswa jwalo feela ntle ha o ka batla ho e kgutlisa. E etsa hore re dule re nahana ka dintho tse mpe mme re hloke kgotso moyeng. Hona ho beha masole a mmele tlasa kgatello e leng se sa lokang hohang.
Ho tla nka nako ho fedisa sena, ka hoo, ho molemo o qalelle. O ke ke wa iketsa eka o thabile empa moya o se na kgotso. Empa o ka ikgethela ho ba le thabo le bophelo bo botle. O etse seo ka katleho! [s]
CD YA CRISELDA
Criselda Kananda ke mme, setsebi se lwanelang ho dula se phetse hantle, hape ke sebohodi sa lenaneo la dipuisano la Metro-FM mme o na le maikemisetso a ho kgutlisetsa tshepo ho ba phelang le kokwanahloko ya HIV ka ho bua le bona ka boiphihlelo ba hae.
Ho CD, Positive Talk o bua ka bohlokwa ba hore motho ka mong a tsebe maemo a hae a HIV. O na le ditlhaloso tse bonolo tsa mabitso a bongaka a sebediswang haholo maemong a HIV, o eletsa le ka mefuta ya kalafo. CD e boetse e kenyeletsa le dipina tse kang Beautiful Woman, e tlotlang botle ba mosadi.
CD e a fumaneha mabenkeleng ohle a Reliable. Bakeng sa ditlhalosetso tse ding, ikopanye le Criselda ho info@positivetalk.co.za; fekese: 086-617-5480; kapa o ye ho: Web: positivetalkservices.co.za.
NAHANA O BE O BUE KA BOPHELO
BOPHELO BO BOTLE
