sotho.2188.yourstyle_beautynews
Tsa botle
TSE NTJHA
Dietswa tse ntjha le dikeletso
KGETHO YA MOHLOPHISI
Eba setsebi ho tsa botle
Watkins Valeur e na le dietswa tse babatsehang tsa botle, tsa moriri, mekgabiso, tlhokomelo ya letlalo le dinyanyatsi. Hape o ka iketsetsa tjhelete ka ho ithekisetsa dietswa tsena tsa ha Watkins.
Bakeng sa ditlhalosetso tse ding ka ho di rekisa letsetsa 021-532-2640 kapa 0860-
101-186.
Tseo o tlamehang ho ba le tsona
Ha o tla ba letsatsing nako e telele, se lebale ho itlotsa ka setlolo sa ho sireletsa letsatsi sa Sun Protection Factor (SPF)! Ho ba letsatsing nako e telele ho ka tjhesa letlalo ha bohloko mme ho le tsofatse pele ho nako hape le be le matheba a le fiifatsang.
Rimmel London Bronze Beauty Moisture Renew Lipstick SPF20 (R69,95).
Nivea Invisible Protection Transparent Spray SPF30 (R99,99).
Palmer's Cocoa Butter Formula With Vitamin E Body Lotion SPF15 (R63,50).
Kaofela di a fumaneha mabenkeleng a ikgethang.[s]
BOTLE BA HAO
BA TUMMENG
Makgwebo le thatohatsi ho tsa boithabiso, Gerry Elsdon o kenya mabenyane kgwebong ya botle, ka mabaka
le hona. Jwalo
ka motho ya tummeng
le sebui se setjha sa AVON Afrika Borwa, o ikemiseditse ho hlokomedisa setjhaba ka lefu la kankere.
Ke holetse...
Mane Cape Flats. Ke maemong ao ke leng ho ona kajeno hobane ke sebeditse ka thata. Ke a itshepa hape ke na le tumelo e tiileng ho Modimo.
Ho ba naledi...
Ho bolela hore le ba bang ba ka nna ba batla ho keteka katleho ya hao. Ke ne ke tswe ho TV hobane ke batla ho leka ho hong hosele, ke thuse le setjhaba sa heso.
Karolo ya ka jwalo ka sebui sa ha AVON...
Ke ho thusa ho hlokomedisa batho ka leano lena la AVON Justine iThemba Breast Cancer Crusade For Hope.
Ke boetse hape ke rata...
Ho hlokomedisa batho ka TB ke sebetsa le mekgatlo e kang wa CHOC le Othandweni Children's Home.
Seetswa seo ke se ratang sa ha AVON...
Ke AVON Solutions Body Bust Sculpting Cream.
Ikopanye le ba ha AVON ho 0860-102-345. [s]
E bokeleditswe ke: Pippa Alcock Ditshwantsho:
Andrea Caldwell
Bana ba batle ke, ho tloha ho le letshehadi Uyanda Mbuli, Sizwe Dhlomo le Jo-Ann Strauss.
Ke dikgosatsana!
Ho keteka tjhebeho e ntjha, Impulse e ketekile ka Masquerade Ball mane Summer Place, Joburg. Ho ne ho tennwe mebalabala, ho kentswe di-mask le masiba ke dinaledi tsa Mzansi tseo hara tsona re balang le ya sa fetweng menateng, Uyanda Mbuli, Sizwe Dhlomo wa MTV, sebapadi, Mbali Mlotshwa, sebohodi sa tsa dipapadi, Carol Manana, Criselda Kananda wa BONA, le Khanyi Mbau. Miss SA, wa mehleng Jo-Ann Strauss e ne e le modulasetulo, sehlopha sa mmino sa sebakeng seo se ne se le teng, ho etsa mokete ona ebe o sa tlo lebaleha!
Carol Manana le motswallae Zosukuma Kunene.
Khanyi Mbau ekare ke kgosatsana ya tshomong.
