sotho.111.motoring
Koloi e IPAKANG boyona
MOKGANNI wa sefofane Scott Oltman le mothusi wa hae Dillon Shepley ba Hawaii Go airline, ba llela metsotso hore ho ja e be ba ne ba kganna mofuta o motjha wa Mercedes-Benz A kapa B class nakong eo ba neng ba etsa phoso ya ho feta boemafofaneng boo ba neng ba tlameha ho tsorama ho bona ka Loetse selemong sena.
Ka bobedi ba ne ba lelekwe mme ba amohuwa le mangolo a bona a ho fofisa.
Leha ba ile ba tsongwa ke boroko, ba feta boemafofane ka metsotso e 17, empa ba lehlohonolo hobane ha ho kotsi eo ba ileng ba e etsa. Ha ba a ka ba utlwa ha balaodi ba sephethephethe sa moyeng ba ba bolella hore ba theole sefofane.
Haeba sefofane sena sa 1002 ba ne ba se tjhehile motjhini ona o etsang sefofane se itheohele ka bosona, ba ka be ba se mathateng a maholo leha ba ne ba robetse jwalo.
Ha re di tlohele tsa moyeng, re theohele fatshe. Mona re na le mofuta o motjha wa Mercs A le B class e ipakang.
Haeba o rata hore koloi ya hao e ipake, o ka lefa R4 000 ka hodima lenane la koloi hore ba o kenyetse motjhini oo o e pakang. Motjhini o sebetsa jwana, tsamaya hanyane o fete sekgeo seo o ratang ho paka ho sona mme o emelle mitara kapa tse pedi o se fetile. O etsa tsena tsohle indicator ya hao e a panyapanya e le hore e tle e o botse hore na o rata ho paka. Haeba o fela o paka, kenya kiyare e yang morao, o tlose matsoho lebiding la ho kaganna...
Koloi ena e tla tjhentjha, e ikenye yona sekgeong seo. Koloi ena e thuswa ke sensor e ho bumber e ka pele le e ka morao e leng tsona tse kgonang ho utlwa hore e atametse ho le ho kae koloing e ka pele kapa e ka morao.
Ha e qeta ho ema, e tla ikenya kiyareng e yang pele, e eme, le mabini e thinye a shebe pele hantle.
Ha o qeta, o tla tlosa leoto mafureng ha parking system e rialo, e be o kenya neutral.
Bongata ha bo e kgolwe taba ena, empa dikoloi tsa mofuta ona e se e le dilemo di le teng, di mpa fela di bitsa, empa mohlomong dilemong tse tlang dikoloi tsohle di tla ba le yona.
Ba ha Bosch, e leng bona ba etsetsang dikoloi tse ngata motjhini ona, ba se ba na le motjhini o tla itshebetsa ona. Mokganni o tla emisa koloi, a tswe le remote, koloi e ipake nakong eo yena a kenyang tjhelete ho parking meter...
BONA SESOTHO December 2008
DIKOLOI
Sensor ke yona e tsoko-llang mabidi
Mofuta o motjha wa Mercedes o na le se ikgethang - seo re tshepang hore o ka se thabela. Empa ke mang ya tsebang, mohlomong ho se ho se ho kae hore dikoloi tsohle di be le motjhini ona o makatsang...
Mefuta e metjha ya Mercedes-Benz ya A le B Class
Mefuta e metjha ya Mercedes-Benz A le B Class tse dishwapha, ke tse pele ho feta mefuta yohle e metjha ya dikoloi. Jwalo ka ha koloi tsena e le tsa ha Mercedes, di na le makgabane ohle.
Mokgelo dinthong tse tlwaelehileng ke hore, koloi ena e na le di-brake light tse bohale mme ha e tjhaisa, di-hazard di ikgantsha ka botsona mmoho le mabone ohle a ka hare ha di-airbag di buleha nakong ya kotsi.
Sena se etsa o tle o tsebe ho tswa hantle ka koloing ha ho se ho edile, lerole le kokobetse.
Lenane la mmotlolo ka mong ho class ka nngwe le tloha ho R212 000 bakeng sa A170 ho fihlela ho R308 000 bakeng sa B200 CDI turbo-diesel.
Kaofela ha tsona tsena di na le mariki a ABS, radio, difenstere tsa motlakase, aircon le tse ding.
Ha o na le tjhelete, o ka eketsa tse ding dintho tse kang voice-controlled sound le mmapa o o bontshang tsela ha o sa tsebe moo o yang, ESP traction control e o thusang hore koloi e se tjhetjhe ha o tloha moepeng mmoho le sunroof ha re bala tse mmalwa.
Mofuta ona o motjha wa Mercedes-Benz ke bona o bitsa hantle ha o bapiswa le dintho tseo e nang le tsona. Di ahilwe ka bokgane, di bolokehile, di matla - sa bohlokwa le ho feta - ke letshwao leo la ha Mercedez-Benz le ho grill ya tsona.[s]
Pale: Gavin Foster
KOLOI O KA E KGONANG...
Vene e ntjha ya ha Nissan, e kgolo, e bolokehile, e bile e matla
E hlahisitswe ka Loetse - e na le enjine ya 1,6-litre, ha tse bitsang jwalo ka yona tsona di na le enjine ya 1,3- kapa 1,4-litre - mme sena se etsa hore NP200 e be vene e betere ka tjhelete e ntle ho feta mofuta wa pele. Koloi ena e ntjha e ntle, e kgolwanyane, e bile e bolokehile, e ka jara morwalo wa 800kg, e leng morwalo o fetang wa 1400 ka 33 lekgolong.
Koloi ena e matla mme sethebe sa yona se kwahetswe ka rekere mme se feta sa 1400 ka 300mm bolelele, ka 89mm bobatsi le botebo ba 221mm. Warranty ya yona ke dilemo tse tharo kapa 100 000km, ha ya 1400 yona e ne e le selemo mme dikilomitara tsona di sa kalwe. Koloi ena e ntjha e na le anti-corrosion warranty e phetileng ya 1400 habedi.
Se molemo ke hore koloi ena ha e bitse haholo. NP200 e tlwaelehileng e bitsa R88 900 (ho sa fumaneha yona feela ha jwale) ha 1400 e tlwaelehileng e ne e bitsa R84 800, champ yona e ne e bitsa R88 500, empa e se na aircon, ABS, difenstere tsa motlakase kapa di-airbag.
Ha jwale Nissan NP200 e fumanehang, ke e itshwanelang le 1400 ya kgale, ha e na dintho tse ngata. Ha e na radio, difenstere tsa motlakase, aircon kapa tsona di-airbag mme e nang le dintho tsena tse badilweng ka hodimo, e tla fumaneha isao ka Mmesa.
GAVIN FOSTER
