sotho.2186.yourstyle_teen
Bonang Matheba
Sebohodi sa lenaneo la Live se re bontsha tse ding tsa diaparo tsa sona tse bitsang le tseo se sa kgoneng ho dula ntle ho tsona
1. Mose oo ke o ratang...
Ke wa kakanyo ya Calvin Klein oo mme a neng a nthekele ona mose.
2. Setaele sa ka sa mosebetsing...
Di-jean tse tshesane, dieta tse phahameng, di-top tse ntle le mekgabiso e mengata.
3. Bofokodi ba ka ke...
Diborele, mekotla le dieta.
4. Se bitsang haholo diaparong tsa ka...
Mokotla wa Louis Vuitton wa R22 000.
5. Nka thabela dikeletso tsa bona tsa feshene...
Sebini, Rihanna, Miss SA wa mehleng Joanna Strauss, ke mehlala ho nna ka feshene.
6. Mabenkeleng ao ke a ratang ke....
Mango, Pulsate le Legit. Ke rata ho reka diaparo Kapa, Long Street.
7. Mokotleng wa ka ke dutse ke ena le...
MAC lipgloss le diborele tsa letsatsi.
8. Mebala e ntshwanelang...
O motsho le o mosweu; e metle ka dinako tsohle.
9. Ke rata lephoka la...
Senyanyatsi sa DKNY motsheare le Dolce And Gabanna bosiu.
10. Lepetjo la ka la feshene...
Kgahlwa empa o se kope ditaele tsa ba bang. [s]
Setaele: Thato-ya-Ona Lerefolo
Ditshwantsho: Elmarie Knatton
FESHENE YA BATJHA
