sotho.2183.Health
Tsa bophelo bo botle
Lelapa le lona le balwe
Etsa hore ba lelapa la hao le bona ba be le seabo mohla la 17 Mmesa ka ho nyolla palo ya Maafrika Borwa a tsebang maemo a ona a EITSI le moo a ka fumanang thusa ka teng. Sephetho sa Dipatlisiso tsa Nelson Mandela ho ya ka Scott Billy, moeletsi tsa tekniki ho New Start, se bontshitse hore dipersente tse 30 tsa batho di tseba maemo a tsona a EITSI ho ena le tse 19 tsa dilemong tse tharo tse fetileng, hape tse 79 di tseba hantle moo di ka etsang diteko teng esitana le ho fumana thuso ha di tshwantshwa le tse 61 tsa dilemong tseo.
Dibakeng tsena tsa New Start tse Johannesburg, Cape Town le Thekong ha ho hlokahale hore motho a belehetse sebaka pele a etla. Ho bulwa Mantaha ho fihlela Moqebelo. O ka letsetsa mohala nomorong ena: 011-333-6868, kapa o shebe Website: www.newstart.co.za kapa www.aidsinfo.co.za.
BONA SESOTHO - April 2006
KE NNETE:
Ikwetlise ka polokeho
Ho monate ho bona phapang ka pele boikwetlisong empa ha o qala ho ikwetlisa ka mora nako e telele, o ka nna wa lemala ha o ka nka ka matla.
Mesifa e phakisa ho kena tjhunung ho feta manonyeletso le di-tissue ho ya ka ditsebi tsa Harvard Medical School. Di
fapana ho ya ka boholo le matla di nne di tie ka mora dibeke tse mmalwa ho isa dikgweding, ke ka hona ho leng bohlokwa hore o se ikwetlise ka thata di tloha feela. Se eketse nako ya boikwetliso ka dipersente tse ka hodimo ho tse 5 ka beke. Ho ruruha le mahloko, a sa feleng le ka mora ho phomola, a tswa taolong! Se ikwetlise ha mmele o sa dumele - eba le mamello.[s]
Ha methapo ya madi mothong e moholo e ka sarollwa, e ka fihlella ho equator e phethaphethwe hane.
GREAT STOCK!
KE NNETE:
Ba a ithapolla
Ha dithuto di thatafalla bana sekolong sa Sun Valley Primary mane Cape, ba a tswa ba tsamaye ho thapolla mmeleng... mme ba kgutle moo ba le mafolofolo, ba loketse ho kena temeng ka matla ho ya ka mosuwehlooho wa bona Gavin Keller. Ho tsamaya hona ho ikgethang ha sekolo sena ho kenyeletsa le dintho tse ding tsa boithabiso tse ntjhafatsang kelello - hore e boele e be tjhatsi hape bana a mamele dithuto tsa bona ka hloko.
e 8 000 ka letsatsi
ka kakaretso
Re hata mehato
Dula o phetse hantle le Patricia McCracken
'Nthuseng, ke ruruhile maoto'
Ha maoto le maqaqailana a ruruha ka mora ho sebetsa letsatsi kaofela, ela hloko esebe o na le lefu la oedema. Dingaka di re ke mathata a batho bao mmele ya bona e nang le metsi a mangata, e leng se etsahalang ho ba nang le kgatello e hodimo ya madi, lefu la tswekere kapa bao madi a sa phalleng hantle. Ka hoo eya ngakeng kapa tliliniking ha le wena a hao a ruruha kgafetsa.
Ha jwale ke tsena dikeletso tse ka o thusang:
n Fokotsa letswai leo o le jang hobane le etsa hore mmele o bokelle metsi.
n Enwa metsi a mangata.
n Ha o dutse kapa o paqame, beha maoto hodima mosamo hore a phahame hanyenyane.
n Athe ha o ema nako e telele reka dikause tse ikgethang ho a tshehetsa.
n Kopa ngaka ya hao ho shebisisa meriana eo a o nehang yona - ka nako e nngwe e ka mpefatsa maemo.
n Athe ha o fellwa le ke moya, o nona, o senyeha le letlalo, buisana le ngaka ya hao kapa o ye tliliniking hanghang.
ka Samantha Scott
BONA - August 2005
