sotho.2178.stuntman
Batho ba habo rona
O lwana ya kgumamela
Sensei Thulani, monna ya bapalang dipapadi tse kotsi jwale o ruta ba bang ho e hlanaka senna
pale ka MCEBISI ZULU
(ditshwantsho di nkilwe albamong ya Sensei Thulani)
KE SEHANYATHA hantle jwalo ka ha mosebetsi wa hae o batla a be jwalo. Sensei Thulani Ndlovu ke mothehi wa Sekolo sa Dimensional Stunt mane Kapa. Ke sa pele sa mofuta wa sona naheng ya Afrika sa ho amoheleha.
O tswa hole le ntwa, a sa ntse a etsa selemo sa boraro sa dithuto tsa diploma tsa (performing arts) mane Natal Technikon. O ne a boetse hape a tjeka ka nako eo e neng e le Mpodi ya sireleditseng sekola sa hae sa Natala karateng makgetlo a mararo.
Ho ba motjeki ho entse hore a hahlaule dinaheng tsa mose tse kang Jeremane le India mme a fumana boiphihlelo bo boholo. Ka 1994, a romela CV ya hae le mesebetsi eo a seng a e entse ho John Stead, mohokahanyi wa dilwani tsa lethathama la Sinbad TV, tseo ditshwantsho tsa tsona di hatiswang SA.
Ndlovu a fumana mosebetsi mme a qala ho kena mosebetsing wa difilimi le TV haholoholo hona karolong ya dibapadi tse bapalang dikarolo tse kotsi.
Thupelo ya hae ya martial arts ya mo tswela molemo o moholo. E seng ho kwena mmeleng feela empa le kgwebong. Hape e mo thusitse hore a be le boitshwaro bo botle, ho hlophisa dintho ka tshwanelo, ho itlhophisetsa mosebetsi esitana le ho lwana ka bokgabane bo boholo.
E NNGWE ya diphephetso tse kgolo tsa ho ba selwani sa dipapading, ke hore o tla boela o hloka ho ba le bokgoni bo boholo ba ho bontsha mekgwa e kotsi ka tsela e bolokehileng ho ba amehang. Mona ho hlokahala motho ya kwenneng mmeleng, eo hape e leng sebapadi se hlwahlwa.
Sensei Thulani, o na le bokgoni dinthong tsena bobedi mme o se a bapetse difiliming tse ka hodimo ho tse 30 le dipontshong tsa TV e le sebapadi, selwani le motjeki.
Ho kenyeletswa le Lord Of War (eo a bapalang le Nicolas Cage), King Solomon's Mines (a ena le Patrick Swayze), Forgiveness (a bapala le Arnold Vosloo), Pirates Of The Plains (Tim Curry) ha re bala tse mmalwa.
O sa tswa bapala ho Goodbye Bafana, e buang ka Nelson Mandela, le ho Spoon, e buang ka bophelo ba bonokwane setjhabeng sa Afrika Borwa.
Matsatsing ana, bahlahise ba bangata le beng ba difilimi ba thabela ho hatisetsa dilifmi tsa bona Afrika Borwa haholoholo Kapa. Ba e ratela hore lehlabula letsatsi le dieha ho dikela mme lehodimo le a hlaka athe le ditjeho tsa teng tsa bodulo le tse ding ha di boima haholo, e bile ho na le dibaka tse ntle haholo - tse kang dithaba, lewatle, masimo a veine le toropo e kgolo e nang le mekgabiso e metle.
MOSEBETSI ona o hloka hore a ikwetlise ka matla empa Sensei Thulani o boetse a bona tlhokeho ya sekolo, moo a rupellang batho bokgoni bo ikgethang ba ho lwana.
E re ka ha ha se motho ya nyahamang ka bonolo ha mathata a hlaha, o ile a theha Sekolo sa Dimensional Stunt. Boiphihlelo ba hae mosebetsing ona mmoho le maikemisetso le ka moo a nang le tshepo e ntle ya bokamoso, tsohle tseo tsa mo thusa hore a bule sekolo sena ka 2002.
Sekolo sena se thusa batho ba kwenneng le ba nang le neo, bao peleng ba neng ba tingwa menyetla ya ho ba dilwani tsa profeshenale tse ka kgonang ho fumana menyetla ya ho bapala le difiliming le ho hlahella ho TV.
"Sekolo sa Dimensional Stunt se thusa ho qeta leqeme la bokgoni bona bo hlokahalang," ho bolela Martin Cuff wa Cape Film Commission. Barutwana ba rupellwa dibeke tse 12 ka thata mefuteng e fapaneng ya ho lwana, e kenyeletsang le boitshireletso, tshebedisanommoho, boitshwaro ka pela dikhamera le setjhabeng, ho wa, ho theoha meahong e phahameng, ho lwana le ho tshwara dibetsa.
Sensei Thulani o buisana le barutwana ba hae ka moya o motle hape ha a batle hore ba mo tshabe - leha ka nako e nngwe a ebe a hlokofetse. Ha a tshwane le mokwetlise, ke mohlala le moeletsi wa bona.
O re yena ke ralelapa, mme o ipha nako ya hoba le mosadi wa hae eo a mo ratang haholo, Malika, ya mo tshehetsang ho sohle, eo hape e leng mosebetsimmoho le yena kgwebong. "Ke bona mmele e le tempele," ho bolela yena, hape o re: "Ke ntho eo ka yona re ka hlahisang maikutlo a rona hore bohle ba re utlwisise."
Ke ka hona ho sa makatseng hore ebe o kgethilwe ho sebetsa ka bonono le ho ruta ba bang bokgoni boo. [s]
BONA SESOTHO - December 2006
KA HO LE LETSHEHADI: Sensei Thulani o mosebetsing jwalo ho hatiswa filimi.
BONA SESOTHO - December 2006
KA HODIMO: Sensei le mofumahadi wa hae - eo hape e leng mosebetsimmoho kgwebong - Malika mmoho le ba lelapa.
KA HO LE LETSHEHADI: Leha ka nako e nngwe dihanyatha tse tjena di shapeha empa ha e le Sensei Thulani ha se monna eo ba bangata ba kgallang ho nkgisetsana mahafi le yena.
