sotho.2165.rich
Ba hafa ka nkatana bana ba batho
Bill Gates. Na e sa ntse e le yena monna ya hafang ka nkatana ho feta lefatsheng"
BA RE tjhelete ha se mohlodi wa thabo lefatsheng empa se kgolwe seo. Ke leshano feela leo barui ba re kgothatsang ka lona hore re se nna re itamolla re batla ho tshwana le bona. Tjhelete e ka o rekela dintho tse ngata tsa bohlokwa - e o ntshe le mathateng a ho dula o kgathatsehile.
O ke ke wa kgathatseha ka tse ngata ha o ena le dibilione tse ka hodimo ho $50 bankeng. Ke eo ho thweng monna ya hafang ka nkatana lefatsheng o na le yona ke ba ha Forbes, khampane ya Amerika e beileng barui leihlo.
Bilione ke dimilione tse sekete (1 000 000 000). Ka diranta teng, dolara ($1) ke R6, bilione tse $50 e ba R300 billion, e leng tjhelete e ngata hona ho makatsang.
Koloi ya maemo ya BMW e bitsa R1,1 million, ha re etsa mohlala. Ka R300 billion, o ka reka dikoloi tse dimilione tse pedi! O boele o sallwe. Biri ke R9, ho bolelang hore o ka reka tse 3 333 333 333! Kapa, ha re re o dilemo di 30 mme o tla phela dilemo tse 70 tse tlang. Leha o ka sebedisa R10 000 000 ka letsatsi, bophelo bohle ba hao, o ntse o tla shwa pele e fela.
Ntho e nngwe e qabolang hape ka ba ha Forbes ke hore le bona motho ka mong o iketsetsa tsona dibilione tseo mosebetsing.
Li Ka-shing, ha re etsa mohlala, ha a pasa le materiki mme o ne a qale ka ho rekisa dipalesa tsa dipolastiki. Kajeno o na le tjhelete e fihlellang ho $18,8 billion, ke morui ya ba fetang kaofela mane Asia mme ke wa bo 10 lefatsheng.
Monna ya maemong a bohlano o na le $23,5 billion, yena ke, Lakshmi Mittal ya holetseng bofutsaneng bo tshabehang naheng ya habo ya India, kajeno o na le khampane e etsang ditshepe e kgolo ho di feta lefatseng.
Ingvar Kamprad wa Sweden ke mothehi wa khampane ya fenetjhara, IKEA ke wa bone hara banna ba hafang ka nkatana lefatsheng. O na le $28 billion bankeng, o rata ho palama dibese!
Warren Buffett, o na le $42 billion, ke wa bobedi ho ba hafang ka nkatana, o ne a qale a rekisa dikoranta ka baesekele.
O fumana $225 million ka selemo, eo he ke Oprah Winfrey, ke sebohodi se fumanang moputso o hodimo lefatsheng. O na le $1,3 billion, ha jwale e sa le yena feela motho ya motsho ya nang le dibilione lefatsheng.
O latelwa ke naledi ya kolofo, Tiger Woods, ya fumanang moputso o ka hodimo ho $90 million ka selemo ho tswa batshehetsing ba hae. E be Mel Gibson le mothehi wa Star Wars, George Lucas.
Semathi se nkang maemo a bohlano ke - Shaquille O'Neal, ka moputso o yang ho $40 million ka selemo mme le yena sebapadi se lefellwang haholo sa basketball.
Hara babusi ba 10 Forbes e bala Morena Abdullah wa Saudi Arabia, e re o tswa pele, o na le $21 billion.
Teodoro Obiang Nguema, presidente e dilemo di 63 wa Equatorial Guinea, ebile yena Moafrika wa pele wa ho hlahella hara lethathama lena. O na le
$600-million, o maemong a borobedi.
A latelwe ke Mofumahadi Elizabeth wa Britania ya dilemo di 80 ya nang le $500-million - re sa bale paleise ya hae ya Buckingham le mabenyane a hae ao ho thwe "ke a setjhaba sa Britania a mpang a le tlhokomelong ya hae feela."
Mothehi wa Microsoft, Bill Gates - ke mohlala wa batho ba sebeditseng ka thata ho ipeha maemo a matle, o sa ntse a tswa pele! Yena le mohatsae ba kene ka matla mesebetsing e meholo e kang wa Bill & Melinda Gates Foundation eo ho fihlella jwale e seng e ntshitse $29 billion.
Leha ho se letho le mo kgathatsang jwalokaha a ena le $50 billion bankeng, Gates o kgathatswa ke ntho e le nngwe feela - bonokwane ba di-e-mail.
"Batho ba reng ba ka o thusa ho o ntsha mathateng a dikoloto kapa ho o etsa morui ka letsatsi, ke dintho tseo ba bang ba di thabelang empa nnete ke hore di a tena," ho bolela yena. [s]
Boraditjhelete!
Kopana le dikgorane tse pele tsa lefatshe...
BONA SESOTHO - July 2006
Oprah, mosadi ya tummeng ho feta lefatsheng.
pale ka ISAAC KWELA
ditshwantsho ka GREAT STOCK!
