sotho.2164.spot
HAPA!
disete tse 10 tsa CD tsa KB tsa
R4 000
KA MORA ho ikahela lebitso le letle ka albamo tsa hae, Beautiful Vibrations le Rock Lefatshe, sebini se hlwahlwa sa R&B seo hape e leng sebapadi sa difilimi, KB Motsilanyane, se kgutlile ka sekgahla. Albamo ya hae e ntjha, My Rhythm, e na le dipini tse kang Mowa, Moni Fere mme o bina ho yona le D Benga.
Ya pele, e nang le dipina tse kang O A lla, Beautiful Vibrations le Life Is Good, e ne e mo hapele kgau moketeng wa SAMA karolong ya Sebini se Hlwahlwa sa R&B, le tse pedi tsa Metro FM karolong ya Sebini se Hlwahlwa sa R&B le Setlabotjha se Hlwahlwa. Ka 2003, KB o ne a hape dikgau tse pedi ho Metro FM, ya Sebini se Hlwahlwa sa R&B le sa Mosadi ya Lentswe le Monate ka albamo ya hae, Rock Lefatshe.
Ka moo o ka hapang
Leka bokgoni ba hao ba bolo kgahlano le dihlopha tsa Afrika Borwa tse pele mme o ipulele monyetla wa ho hapa sete e nngwe ya tse 10 tsa CD tsa KB tse bitsang R400 ka nngwe.
Sheba setshwantshong (re ntshitse bolo) wena re bolelle hore bolo e kgutlonneng e fe. Ngola karabo, lebitso, aterese le mohala setlankaneng sa ho kenela o se romele ho: BONA/Spot the Ball May 2008 Competition, Box 32067, Mobeni, 4060, kapa SMS KB ho 35919. (SMS ka nngwe e bitsa R3.) [s]
SUPABOLO
SETLANKANA SA HO KENELA
Tlatsa setlankana sa ho kenela mme o se romele ka poso ho: BONA/Spot the Ball May 2008 Competition, Box 32067, Mobeni, 4060.
Lebitso: ....................................................................
Aterese: .................................................................
.......................................... Khoutu: ..............
Mohala/Selefounu: .................................................
(Re kopa eo o tla fumaneha ho yona motsheare)
Potso: Re supise sekwere seo o nahanang hore bolo e ne e le ka hara sona-
Karabo: ..................................................................
Letsatsi le ho kwala: Motsheanong 30, 2008
Melao. 1. Tlhodisano e buletswe bohle ntle ho basebeletsi ba Caxton, ba malapa a bona, batshehetsi le mekgatlo ya bona ya ntshetsopele le ya dipapatso. 2. Qeto ya baahlodi ke yona feela e tla amohelwa mme ha ho ngollano e tla dumellwa.
3. Meputso e ke ke ya fetisetswa bathong basele hape e ke ke ya fetolelwa tjheleteng. 4. Ke dikenelo tse setlankaneng sa nnete tse rometsweng ka poso feela tse tla amohelwa. 5. Meputso eo beng ba yona ba sa etsang diphuputso ka yona dikgweding tse tsheletseng ba e hapile, ba ke ke ba hlole ba e fumana ka mora moo.
BONA SESOTHO - May 2008
